YouVersion Logo
Search Icon

TSHIMOLOHO 38

38
Juda le Tamare
1Ka yona nako eo Juda a tloha ho bana babo, a fapohela ha monna wa Adulame, eo lebitso la hae e neng e le Hira. 2Teng Juda a bona moradi wa Mokanana, ya bitswang Shua; a mo nyala, mme a kena dikobong tsa hae. 3Mosadi eo a emola, a tswala mora, mme a mo rea lebitso la Ere. 4A emola hape, a tswala mora, mme a mo rea lebitso la Onane. 5A boela a tswala mora, a mo rea lebitso la Shela. Juda o ne a le Kesibe ha Hira a tswala mora eo.
6Yaba Juda o nyadisa Ere, letsibolo la hae; lebitso la mosadi wa hae e ne e le Tamare. 7Empa Ere, letsibolo la Juda, e ne e le motho ya kgopo mahlong a Morena, mme Morena a mmolaya.
8Yaba Juda o re ho Onane: “Kenela mohatsa moholwane wa hao, o mo tswalle bana, kaha o ngwanabo monna wa hae.” 9Empa Onane o ne a tseba hore bana bao ha e na ho ba bana ba hae; kahoo ha a ne a kena dikobong tsa mosadi wa ngwanabo, o ne a ye a e tjhomolele, esere a tswalla ngwanabo bana. 10Seo a ileng a se etsa sa eba sebe mahlong a Morena, mme le yena Morena a mmolaya. Yaba Juda o re ho Tamare, ngwetsi ya hae:
11“Kgutlela heno, mme o itulele o le mohlolohadi, ho fihlela mora wa ka Shela a hola.” O ne a tshaba hore Shela le yena o tla shwa jwaloka bana babo. Yaba Tamare o a tsamaya, o ya dula habo.
12Ha nako e ntse e tswela pele, mosadi wa Juda, moradi wa Shua, a shwa. Ha Juda a se a tshedisehile, a nyolohela Timina ho bakuti ba dinku tsa hae, a ena le motswalle wa hae Hira, wa Adulame.
13Ha Tamare a bolellwa, ho thwe: “Matsala hao o nyolohela Timina ho ya kuta dinku tsa hae,” 14a hlobola diaparo tsa hae tsa bohlolohadi, a ikgurumetsa ka lesira, a ithatela ka lona, mme a dula kgorong ya Enaime, e tseleng e yang Timina. Tamare o ne a se a bone hore Shela o hodile, empa o ne a eso mo newe hore e be mosadi wa hae.
15Ha Juda a mmona, a hopola hore ke seotswa, hobane o ne a ikgurumeditse sefahleho. 16A fapohela ho yena kathoko ho tsela, mme a re: “Tloo, re robale le wena.” O ne a sa tsebe hore ke ngwetsi ya hae.
Tamare a re: “O tla nneang, e le hore o tle o kene dikobong tsa ka?”
17A re: “Ke tla o romella potsanyane e tswang mohlapeng wa ka.”
Yaba Tamare o re: “Na o tla bea dintho paneng ho fihlela o e romela?”
18Juda a re: “Ke tla bea eng paneng?”
Tamare a re: “Setempe sa hao sa bopaki, le leqhwele la sona, le molamu o letsohong la hao.” A mo nea tsona, mme Juda a kena dikobong tsa hae, a mo emarisa. 19Jwale Tamare a ema, a itsamaela, a tlosa lesira la hae, mme a boela a apara diaparo tsa hae tsa bohlolohadi.
20Ha Juda a romella potsanyane ka motswalle wa hae Adulame, hore mosadi a kgutlise seo a neng a se beile paneng, a se ke a hlola a fumana mosadi eo. 21A botsa banna ba sebaka seo, a re: “Seotswa sela se neng se le Enaime, pela tsela, se kae?”
Ba araba, ba re: “Ha ho seotswa se kileng sa eba mona.”
22Yaba o kgutlela ho Juda, o re: “Ha ke a se fumana!”
23Juda a re: “Seotswa seo se ka ipolokela dintho tseo e le tsa sona, esere ra tshehwa. O a bona, ke rometse potsanyane ena, empa ha o a ka wa fumana seotswa seo.”
24Kamora kgwedi tse tharo Juda a bolellwa, ha thwe: “Tamare, ngwetsi ya hao, o ile a iketsa seotswa, mme ho feta mona ke moimana ka baka la bootswa boo ba hae.”
Juda a re: “Mo tliseng, mme a tjheswe!”
25Yare ha Tamare a tliswa, a romela molaetsa ho matsala hae, a re: “Ke emarisitswe ke mong a dintho tsena.” A re: “Ke a o botsa hle, dintho tsee ke tsa mang: Setempe sa bopaki, le leqhwele la sona, le molamu?”
26Juda a di tseba, mme a re: “O lokile ho mpheta, hobane ha ke a ka ka mo nea mora wa ka Shela.” A se ke a hlola a robala le yena hape.
27Ha nako ya hae ya ho kena tlung e fihla, ho ne ho ena le mafahla ka popelong ya hae. 28Yare ha a itshihlolla, ngwana e mong a ntsha letsoho, mme mmelehisi wa hae a nka kgwele a kgubedu, a mo tlama letsoho ka yona, a re: “Enwa o hlahile pele.” 29Empa yare ha a honyetsa letsoho la hae, yaba ngwanabo o a hlaha, mme mmelehisi a re: “Jwale wena o monyohile jwang?” A mo rea lebitso la Perese. 30Kamorao ha hlaha ngwanabo, ya tlamilweng ka kgwele e kgubedu letsohong la hae, mme a rewa lebitso la Sera.

Currently Selected:

TSHIMOLOHO 38: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy