YouVersion Logo
Search Icon

TSHIMOLOHO 36

36
Leloko la Esau
(1 Dik. 1:34-37)
1Lena ke leloko la Esau, e leng Edomo.
2Esau o ile a nyala basadi ba Bakanana: Ke Ada, moradi wa Elona wa Mohete; Oholebama, moradi wa Ana, mora wa Sibone wa Mohife; 3le Basemate, moradi wa Ishemaele, kgaitsedi ya Nebajote.
4Ada a tswalla Esau Elefase; Basemate a tswala Reuele, 5mme Oholebama a tswala Jeushe, le Jalame, le Kora. Bana ke bara ba Esau ba tswaletsweng naheng ya Kanana.
6Jwale Esau a nka basadi ba hae, le bara ba hae, le baradi ba hae, le bohle ba lelapa la hae; le dikgomo tsa hae, le diphoofolo tsa hae kaofela, le maruo wohle ao a a fumaneng naheng ya Kanana; a ya naheng ya Seire, hole le ngwanabo Jakobo. 7Maruo a bona a ne a le mangata hoo ba neng ba ke ba aha mmoho; naha eo ba neng ba jakile ho yona e ne e ke ke ya hlola e ba phedisa, ka baka la mehlape ya bona. 8Yaba Esau o aha dithabeng tsa Seire. Esau ke Edomo.
9Lena ke leloko la Esau, eo e leng ntata Baedomo ba phelang dithabeng tsa Seire.
10Ana ke mabitso a bara ba Esau: Elefase, mora wa Ada, mosadi wa Esau; Reuele, mora wa Basemate, mosadi wa Esau.
11Bara ba Elefase e ne e le Temana, le Omare, le Sefo, le Gatame, le Kenase. 12Timina e ne e le mosadi wa lefielo wa Elefase, mora wa Esau, mme eo a tswalla Elefase Amaleke. Bana ke bara ba Ada, mosadi wa Esau.
13Bara ba Reuele ke bana: Nahate, le Sera, le Shamma, le Misa. Bana ke bara ba Basemate, mosadi wa Esau.
14Bana ke bara ba Oholebama, moradi wa Ana, mora wa Sibone, mosadi wa Esau. O ile a tswalla Esau Jeushe, le Jalame, le Kora.
15Ana ke mahosana a bara ba Esau.
Bara ba Elefase, letsibolo la Esau, ke bo-kgosana Temana, le Omare, le Sefo, le Kenase, 16le Kora, le Gatame, le Amaleke. Ana ke mahosana a tswetsweng ke Elefase, naheng ya Edomo; ke bara ba Ada.
17Bana ke bara ba Reuele, mora wa Esau: bo-kgosana Nahate, le Sera, le Shamma, le Misa. Ana ke mahosana a tswetsweng ke Reuele, naheng ya Edomo. Ke bara ba Basemate, mosadi wa Esau.
18Bana ke bara ba Oholebama, mosadi wa Esau: Bo-kgosana Jeushe, le Jalame, le Kora. Anna ke mahosana a tswetsweng ke Oholebama, moradi wa Ana, mosadi wa Esau.
19Bana ke bara ba Esau, eo e leng Edomo, mme ana ke mahosana a bona.
Leloko la Seire
(1 Dik. 1:38-42)
20Bana ke bara be Seire wa Mahore, bao e leng baahi ba naha: Lotane, le Shobale, le Sibone, le Ana; 21le Dishone, le Esere, le Dishane; ana ke mahosana a Bahore, bara ba Seire wa naha ya Edomo.
22Bara ba Lotane e ne e le Hori le Hemame, mme kgaitsedi ya Lotane e ne e le Timina.
23Bana ke bara ba Shobale: Alefane, le Manahate, le Ebale, le Shefi, le Oname.
24Bana ke bara ba Sibone: Aya le Ana. Enwa ke Ana yane wa ho fumana sediba sa metsi a tjhesang, lehwatateng, ha a ntse a alositse ditonki tsa ntatae Sibone.
25Bana ke bara ba Ana: Dishone le Oholebama, moradi wa Ana.
26Bana ke bara ba Dishone: Hemedane, le Eshebane, le Jiterane, le Kerane.
27Bana ke bara ba Esere: Bilehane, le Saafane, le Akane.
28Bara ba Dishane ke Use le Arane.
29Ana ke mahosana a Bahore: bokgosana Lotane, le Shobale, le Sibone, le Ana, 30le Dishone, le Esere, le Dishane. Ana ke mahosana a Bahore, ho ya ka merabe ya wona, naheng ya Seire.
Dikgosi tsa Edomo
(1 Dik. 1:43-54)
31Tsena ke dikgosi tse busitseng naheng ya Edomo, ho eso be le kgosi e busang Baiseraele.
32Bela, mora wa Beora, a na a busa Edomo, mme lebitso la motse wa hae e ne e le Dinehaba. 33Bela a shwa, mme Jobaba, mora wa Sera wa Bosera, a busa bakeng sa hae. 34Jobaba a shwa, me Hushame wa naheng ya Batemana, a busa bakeng sa hae. 35Hushame a shwa, mme Hadade, mora wa Bedade, ya neng a hlole Bamidiane naheng ya Moabe, a busa bakeng sa hae. Lebitso la motse wa hae e ne e le Afite. 36Hadade a shwa, mme Samela wa Masereka a busa bakeng sa hae. 37Samela a shwa, mme Shaule wa Rehobote e lebopong la Euferatese, a busa bakeng sa hae. 38Shaule a shwa, mme Baale-Hanane, mora wa Akabore, a busa bakeng sa hae. 39Baale-Hanane, mora wa Akabore, a shwa, Hadare a busa bakeng sa hae, mme lebitso la motse wa hae e le Pau. Lebitso la mosadi wa hae e ne e le Mehetabela, moradi wa Materede, moradi wa Me-Sahabe.
40Ana ke mabitso a mahosana a tswetsweng ke Esau, ho ya ka malapa a wona, le ka dibaka tseo a ahileng ho tsona, le ka mabitso a wona: bokgosana Timina, le Alefa, le Jetete, 41le Oholebama, le Ela, le Pinone, 42le Kenase, le Temana, le Mebisare, 43le Magedeele, le Irame. Ana ke mahosana a Edomo, ke ho re Esau, ntata Baedomo, ho ya ka dibaka tseo a ahileng ho tsona, naheng eo e leng ya wona.

Currently Selected:

TSHIMOLOHO 36: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy