YouVersion Logo
Search Icon

TSHIMOLOHO 32

32
1Ha Jakobo a ntse a tswela pele leetong la hae, mangeloi a Modimo a kopana le yena, 2mme yare ha Jakobo a a bona, a re: “Lena ke lebotho la Modimo!” Yaba o rea sebaka seo lebitso la Mahanaime.
Ho romelwa maqosa ho Esau
3Jakobo a eteletsa maqosa pele ho ya ho moholwane wa hae Esau, naheng ya Seire, lefatsheng la Edomo. 4A laela maqosa ao, a re: “Le tle le bue tjena ho morena ka, Esau: ‘Mohlanka wa hao, Jakobo, o bua tjena: Ke ne ke jakile ha Labane, ka dula teng ho fihlela jwale. 5Ke na le dikgomo, le ditonki, le mehlape ya dinku, le bahlanka, le makgabunyane, mme ke behela wena morena wa ka hore o tle o nkgauhele.’ ”
6Maqosa a kgutlela ho Jakobo, a re: “Re ile ra fihla ho moholwane wa hao Esau, mme le yena o ntse a etla ho tla o kgahlanyetsa, a ena le banna ba makgolo a mane.”
7Jakobo a tshoha haholo, a tshwenyeha. A arola batho bao a neng a ena le bona, le mehlape ya dinku le ya dikgomo, le dikamele, a etsa dihlopha tse pedi. 8Yaba o re: “Haeba Esau a ka fihla sehlopheng sa pele, a se ripitla, sehlopha se setseng se tla phonyoha.”
9Jakobo a rapela, a re: “Modimo wa ntate Aborahama, le Modimo wa ntate Isaka, wena Morena ya itseng ho nna: ‘Kgutlela naheng ya heno le ho bang ka wena, mme ke tla o tswela molemo’, 10ha ke tshwanelwe ke mohau wohle le botshepehi bohle, e leng tseo o sebeleditseng mohlanka wa hao ka tsona. Ke ne ke tshele Jorodane ke nkile molamu wa ka feela, empa jwale ke na le dihlopha tse pedi. 11Ke a o rapela, ako nnamolele matsohong a moholwane wa ka, matsohong a Esau, hobane ke a mo tshaba, esere a tla, a mpolaya le basadi le bana. 12Hape wa na wa re: ‘Ke tla o tswela molemo, ke atise ditloholo tsa hao, di be kaalo ka lehlabathe la lewatle, le ke keng la balwa ka baka la bongata.’ ”
13A robala moo bosiung boo, mme ho tseo a di ruileng a ntshetsa moholwane wa hae Esau mpho. 14E ne e le dipodi tse makgolo a mabedi, le diphooko tse mashome a mabedi; dinku tse makgolo a mabedi, le dipheleu tse mashome a mabedi; 15dikamele tse nyantshang tse mashome a mararo mmoho le dipetsana tsa tsona; dikgomo tse mashome a mane, le dipoho tse leshome; le ditonki tse mashome a mabedi tse tshehadi, le dipetsana tse leshome. 16Tsena a di nea bahlanka ba hae, mohlape ka mong o tsamaya ka bowona, mme a re ho bahlanka ba hae: “Nketelleng pele, mehlape ya lona e sielane sebaka dipakeng.”
17A laela ya kgannang mohlape wa pele, a re: “Ha o teana le Esau, moholwane wa ka, mme a o botsa, a re: ‘O mohlanka wa mang? O ya kae? Dintho tsee, tseo o di kgannang, ke tsa mang?’ 18Wena o tle o re: ‘Ke tsa mohlanka wa hao Jakobo; ke mpho eo a e romelang ho morena wa ka Esau. Le yena o ntse a etla kamorao ho rona.’ ”
19A laela le ya kgannang mohlape wa bobedi, le wa boraro, le bohle ba kgannang mehlape, a re: “Le lona le tle le bue jwalo ho Esau, ha le teana le yena, 20mme le be le re: ‘Le yena mohlanka wa hao Jakobo o ntse a etla kamorao ho rona.’ ” Jakobo o ne a re: “Ke tla mo thoba pelo ka dimpho tse nketeletseng pele, mme hamorao ha ke tadimana le yena, mohlomong a ka nkamohela.” 21Dimpho tseo tsa mo etella pele, yena a robala moo a neng a hlomile teng.
Jakobo o kolokotjhana le motho
22Bosiung bona boo Jakobo a tsoha, a nka basadi ba hae ba babedi le makgabunyane a hae a mabedi, le bara ba hae ba leshome le motso o mong, a tshela ledibohong la Jaboko. 23A ba nka, a ba tshedisa noka, a tshedisa le tseo a nang le tsona. 24Yaba Jakobo o sala a inotshi mme a kolokotjhana le monna e mong ho fihlela mafube a hlaha. 25Monna eo ha a bona hore a ke ke a hlola Jakobo, a mo nonyetsa nokeng, mme ka hona noka ya Jakobo ya nonyetseha ha ba ntse ba kolokotjhana. 26Yaba monna eo o re: “Ntlohele ke tsamaye, hobane mafube a hlahile!”
Empa Jakobo a re: “Ha nka ke ka o tlohela wa tsamaya, haese haeba o ka ntlhohonolofatsa!”
27Eo a re ho Jakobo: “Lebitso la hao a mang?”
Yena a re: “Ke Jakobo.”
28Yaba monna eo o re: “Ha o sa tla hlola o bitswa Jakobo, empa o tla bitswa Iseraele, hobane o lwanne le Modimo le batho, mme o hlotse.”
29Jakobo a mmotsa, a re: “Ako mpolelle lebitso la hao hle!”
Empa eo a re: “O mpotsetsang lebitso la ka?” Yaba o mo hlohonolofaletsa hona moo.
30Jakobo a rea sebaka seo lebitso la Peniele, hobane o ne a re: “Ke bone Modimo ka mahlo, empa ke ntse ke phela.”
31Letsatsi la mo tjhabela ha a feta Peniele, a ntse a hlotsa, ka baka la noka ya hae. 32Ka baka lena, le kajenoya-bokajeno Baiseraele ha ba je mosifa wa noka, o lenonyeletsong la noka, kaha Jakobo a ne a nonyetswe mosifeng oo wa noka.

Currently Selected:

TSHIMOLOHO 32: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy