YouVersion Logo
Search Icon

BAGALATA 6

6
Jarelanang mefokolo
1Bana beso, haeba motho a ka wela sebeng ka tsometso, lona ba nang le Moya wa Modimo le mmusetse tseleng ka moya o mosa. Le wena o itlhokomele, esere wa lekwa. 2Jarelanang mefokolo, mme ka hona le tla phetha molao wa Kreste. 3Ha motho a ikgopola hore ke letho, empa e se letho, o a ithetsa. 4Motho ka mong a hlahlobe diketso tsa hae, e be hona a ka ithorisang ka seo a leng sona feela, e seng ka ho ipapisa le ba bang, 5hobane motho ka mong o tla itjarela mefokolo ya hae.
6Ya rutwang lentswe la Modimo eka kgona a arolelane maruo a hae wohle le ya mo rutang.
7Le se ke la ithetsa. Modimo ha a songwe, hobane seo motho a se jalang, ke sona seo a tla se kotula. 8Ya jalang tshimong ya tsa botho o tla kotula ho bola ho yona, empa ya jalang tshimong ya tsa Moya, o tla kotula bophelo bo sa feleng ho yona. 9Re se kgathale ho etsa tse molemo, hobane re tla kotula ka nako e lokelang, haeba re sa tepelle. 10Jwale he, ha re sa ntse re ena le sebaka, a re etsetseng bohle molemo, haholoholo ba lelapa la bodumedi.
Keletso ya ho qetela le tlhlohonolofatso
11Bonang boholo ba ditlhaku tseo ke le ngoletseng ka tsona, ka letsoho la ka!
12Bohle ba ratang ho kgahleha ho tsa botho, ke bona ba le qobellang hore le bolle, e le hore ba tle ba pheme ho hlorisetswa sefapano sa Kreste. 13Batho bao ba bolotseng ha ba boloke Molao, ba mpa ba lakatsa hore le bolle, ba tle ba ithorise ka ho bolotswa ha lona. 14Nna ke mpe ke se ithorise ka letho, haese feela ka sefapano sa Morena wa rona Jesu Kreste, seo ka sona ho nna lefatshe le thakgisitsweng, le nna ke thakgisitsweng ka nqeng ya lefatshe! 15Ho bolla kapa ho se bolle hase letho; tabataba ke ho ba mmopuwa e motjha. 16Bohle ba tsamayang ka molao ona, kgotso le mohau di ke di be le bona, le Iseraele wa Modimo.
17Ho tloha jwale ho se be ya ntshwenyang, hobane mmeleng wa ka ke na le mehwabadi e bontshang hore ke wa Jesu.
18Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o ke o be le lona, bana beso. A ho be jwalo!

Currently Selected:

BAGALATA 6: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy