YouVersion Logo
Search Icon

BAGALATA 5

5
Bolokolohi ba Bokreste
1Kreste o re lokolotse, hore re fele re be le bolokolohi. Tiisetsang ke hona, mme le se ke la dumela ho boela le jariswa joko ya bokgoba.
2Mamelang! Ke nna Paulosi ya le bolellang sena: Ha le ka bolla, Kreste ha a sa tla ba le thuso ho lona. 3Ke paka hape hore mang le mang ya bollang o tlamehile ho phetha Molao wa Moshe kaofela. 4Lona ba batlang ho lokafatswa ka Molao oo, le ikgaohantse le Kreste, le lahlehetswe ke mohau wa Modimo. 5Ha e le rona, ka matla a Moya wa Modimo, re lebeletse, ka tumelo, tokafatso eo re tshepileng ho e fumana, 6hobane ha motho a le ho Kreste, lebollo kapa boqai hase letho, empa tabataba ke tumelo e sebetsang ka lerato.
7Le ne le ntse le le temeng. Ke mang ya le thibetseng ho nna le latela nnete? 8Kgothaletso eo ha e tswe ho ya ntseng a le bitsa. 9Ka tomoso e seng kae ho lomoswa hlama kaofela. 10Nna ke le tshepile Moreneng, hore le ke ke la hopola letho lesele. Empa eo ya le ferekanyang, leha e ka ba mang kapa mang, o tla welwa ke kotlo. 11Ha e le nna, bana beso, haeba ke ntse ke ruta tsa lebollo, keng ha ke sa ntse ke hloriswa? Hoja ho jwalo, kgopiso ya sefapano e ka be e fedisitswe. 12E se e ka bao ba le fuduhang ba ka iphaola!
13Lona, bana beso, le bitseditswe bolokolohi. Feela ka bolokolohi boo, le se ke la fa tsa botho sebaka, le mpe le sebeletsane ka lerato; 14etswe Molao wohle o akaretswa ka taelo e le nngwe: Rata wa heno jwalokaha o ithata. 15Empa ha le lomana, mme le jana, hlokomelang, esere la timetsana.
Ditholwana tsa Moya le mesebetsi ya botho
16Jwale ke re: Tsamaiswang ke Moya, mme ha le ka ke la phetha ditakatso tsa botho. 17Ditakatso tsa botho di lwantshana le tsa Moya, le tsa Moya di lwantshana le tsa botho. Di hanyetsana hoo le sitwang ho etsa seo le se ratang. 18Ha le ka tsamaiswa ke Moya, ha le sa le pusong ya Molao wa Moshe.
19Jwale mesebetsi ya botho e totobetse: Ke bohlola, diketso tse ditshila, tse manyala, 20tshebeletso ya medimo ya bohata, boloi, bora, diqabang, mohono, kgalefo, dikgang, diphapang, dikgaohano, 21mona, botahwa, bonyollo, le tse ding tse jwalo. Jwalokaha nkile ka le bolella e sa le pele, ke sa boela ke le bolella hape hore ba etsang tse jwalo e ke ke ya eba majalefa a Mmuso wa Modimo.
22Empa se bewang ke Moya ke lerato, thabo, kgotso, mamello, mosa, molemo, botshepehi, 23bonolo le boitshwaro. Tse kang tsena, ha ho molao o ka di thibelang. 24Jwale bao e leng ba Kreste ba thakgisitse dithato le ditakatso tsa bona tsa botho. 25Haeba re phela ka Moya, a re keng re tsamaiswe ke Moya. 26Re se ke ra ipatlela thoriso ya lefeela; re se ke ra phephetsana, kapa ra honohelana.

Currently Selected:

BAGALATA 5: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy