YouVersion Logo
Search Icon

ESEKIELE 9

9
Kotlo ya Jerusalema
1Lentswe le matla la howa ka ditsebeng tsa ka, la re: “Lona balebedi ba motse, tloong kwano! Monna ka mong a tle a nkile dihlomo tsa hae!” 2Ka bona banna ba tsheletseng ba etla ka tsela e lebang monyakong o kahodimo, o tadimileng leboya, monna ka mong a tshwere sebetsa se bolayang. E mong wa bona o ne a apere seaparo se entsweng ka lene, qholong ho yena ho leketla lenakana le tshetseng enke. Banna bana ba fihla ba ema pela aletare ya lethose.
3Yaba tlotla ya Modimo wa Iseraele, e neng e le moo dikerubime di neng di le hona teng, e nyolohela hodimo, e ya monyakong wa Tempele. Morena a bitsa monna ya apereng seaparo se entsweng ka lene, eo qholong ya hae ho leketlang lenakana le tshetseng enke. 4Morena a re ho yena: “Tsamaya hara motse wohle wa Jerusalema, mme bohle ba hlomohileng, ba lliswang ke manyala wohle a etswang hara motse ona, o ba tshwaye diphatleng.”
5A bua ho banna ba bang ke ntse ke utlwa, a re: “Eyang le yena hara motse, le bolaye! Le se ke la hauhela motho, kapa la mo utlwela bohloko. 6Le ba bolaye kaofela: Maqheku le bahlankana le barwetsana le basadi le bana, empa bohle ba tshwailweng le se ke la atamela pela bona. Le hle le qale ka Sehalalelong sa ka.” Yaba ba qala ka baholo ba neng ba le kapele ho Tempele.
7Yaba o re ho bona: “Tempele ena le e silafatse! Mabala a yona le a tlatse ditopo! Tsamayang he!” Yaba ba tsamaya ba bolaya batho hara motse. 8Ha ba ntse ba bolaya batho jwalo, ke ne ke setse ke le inotshi. Yaba ke itihela fatshe ka sefahleho, ke howa haholo, ke re: “Oho, Morena Modimo! Na o tla timetsa masalla wohle a Iseraele ha o hlatsetsa kgalefo ya hao hodima Jerusalema?”
9Jwale Morena a re ho nna: “Bokgopo ba ntlo ya Iseraele le ba ntlo ya Juda bo boholo haholo. Naha e tletse dipolao, toka ha e yo motseng ona. Ba re: ‘Morena o furaletse naha ena; Morena ha a bone.’ 10Ka baka leo, nke ke ka ba hauhela, kapa hona ho ba utlwela bohloko. Motho ka mong o tla putswa ka tseo a di entseng ba bang.”
11Jwale ka bona monna yane ya apereng seaparo se entsweng ka lene, eo qholong ya hae ho leketlang lenakana le tshetseng enke, a tsebisa Morena, a re: “Ke phethile kamoo o ntaetseng kateng!”

Currently Selected:

ESEKIELE 9: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy