YouVersion Logo
Search Icon

ESEKIELE 8

8
Medimo ya bohata e Jerusalema
1Ka letsatsi la bohlano la kgwedi ya botshelela selemong sa botshelela, ha ke ntse ke dutse ka tlung ya ka, mme baholo ba Juda ba dutse kapele ho nna, matla a tswang ho Morena Modimo a ntsukutla.
2Ha ke tadima ka bona ntho e kang motho. Ho tloha thekeng ho ya tlase o ne a ka mollo. Ho tloha thekeng ho ya hodimo o ne a kganya jwaloka lethose le hlakodisitsweng. 3A otlolla ntho e kang letsoho, a ntshwara ka moriri. Moya wa mphahamisetsa pakeng tsa lehodimo le lefatshe, mme ka dipono tsa Modimo Moya oo wa mphihlisa Jerusalema, monyakong wa kgoro e kahare, o tadimileng leboya. Teng ho ne ho ena le setulo sa modingwana o bakang lefufa! 4Tlotla ya Modimo wa Iseraele e ne e le hona moo, e tshwana le pono eo ke neng ke e bone phuleng.
5Morena a re ho nna: “Wena ngwana motho, phahamisa mahlo a hao, o tadime nqa leboya.” Yaba ke phahamisa mahlo a ka, ke tadima nqa leboya, mme monyakong o kenang ka kgoro e ka leboya ka bona modingwana ona o bakang lefufa o eme teng.
6Yaba Morena o re ho nna: “Wena ngwana motho, na o bona seo ba se etsang? Na o bona manyala ao ba ntlo ya Iseraele ba a etsang moo, e le hore ke tle ke suthelle hole le Sehalalelo sa ka? Empa ako hetle hape, mme o tla bona manyala a mabe ho feta ana.”
7Yaba o ntlisa monyakong wa seotlwana, mme yare ha ke tadima ka bona ho ena le lesoba leboteng. 8A re ho nna: “Wena ngwana motho, phunya leboteng mona.” Ka le phunya, mme moo ka bona monyako.
9A re ho nna: “Kena, o bone manyala a mabe ao ba a etsang mona.” 10Yaba ke a kena, mme hohle leboteng ka bona ho entswe ditshwantsho tsa mefuta yohle ya dihahabi, le tsa dibatana tse nyonyehang, le tsa medingwana yohle ya ba ntlo ya Iseraele. 11Kapele ho tsona ho ne ho eme baholo ba ntlo ya Iseraele ba mashome a supileng, mme Jaasaneya, mora wa Shafane, a eme hara bona, e mong le e mong wa bona a tshwere pitsana ya mokubetso, ho foqoha mosi wa mokubetso o entse leru.
12Morena a re ho nna: “Wena ngwana motho, na o bone seo e mong le e mong wa baholo ba ntlo ya Iseraele a se etsang mafifing, ka kamoreng ya modingwana wa hae?
“Ba re: ‘Morena ha a re bone! Morena o furaletse lefatshe!’ ”
13Morena a boela a re ho nna: “Hetla hape, mme o tla bona manyala a mabe ka ho fetisisa, ao ba a etsang.”
14Yaba Morena o ntlisa monyakong wa Tempele ya hae, o neng o tadimile nqa leboya, mme ka bona basadi ba llelang modingwana Tammusi ba dutse hona teng.
15Morena a re ho nna: “Wena ngwana motho, na see o a se bona? Hetla hapehape, mme o tla bona manyala a fetisisang ana ka bobe.”
16Yaba o nkenya ka lebaleng la Tempele ya Morena le kahare. Hona monyakong oo wa Tempele, pakeng tsa mathule a yona le aletare, ho ne ho ena le banna ba ka bang mashome a mabedi a metso e mehlano. Dikotlo tsa bona di ne di furaletse Tempele ya Morena, difahleho tsa bona di tadimile botjhabela. Ba ne ba kgumamela letsatsi le ka botjhabela.
17Jwale Morena a re ho nna: “Wena ngwana motho, na seo o a se bona? Ebe ke ntho e se nang taba ha ba ntlo ya Juda ba etsa manyala aa, ao ba a etsang moo? Naha ena ba e tlatsitse meferefere, ba ba ba mphephetsa hore ke be ke halefe, ba nnyedisa ka diketso tsa bona. 18Ka baka lena, ke tla ba halefela haholo. Nke ke ka ba ka ba hauhela, kapa hona ho ba utlwela bohloko. Leha ba ka howeletsa haholo ha ba ipiletsa ho nna, nke ke ka ba mamela.”

Currently Selected:

ESEKIELE 8: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy