YouVersion Logo
Search Icon

ESEKIELE 7

7
Pheletso ya Iseraele e haufi
1Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re: 2“Wena ngwana motho, Morena Modimo o bua tjena ho naha ya Iseraele: Pheletso e fihlile! Pheletso e fihletse diqola tse nne tsa naha. 3Pheletso e o wetse hodimo, mme ke tla o halefela haholo. Ke tla o ahlola ho ya ka boitshwaro ba hao, ke o putse ho ya ka mesebetsi yohle ya hao e manyala. 4Ha nka ke ka o hauhela kapa ka o utlwela bohloko, empa ke tla o putsa ho latela boitshwaro ba hao, le mesebetsi e nyonyehang e hara lona, mme le tla tseba hore ke nna Morena.
5“Morena Modimo o bua tjena: Koduwa! Koduwa eo ho seng e tshwanang le yona e a tla. 6Pheletso e fihlile; pheletso e fihlile, e le lebeletse; bonang, e fihlile. 7Letsatsi le o tjhabetse, wena ya ahileng naheng. Nako e fihlile, letsatsi la tsietsi le haufi, ha ho thabo e tla utlwahala dithabeng, haese mehoo ya tshabo feela.
8“Haufinyane ke tla hlatsetsa bohale ba ka hodima hao, ke phethahatse kgalefo ya ka ho wena. Ke tla o ahlola ho ya ka boitshwaro ba hao, ke o putse ho ya ka mesebetsi yohle ya hao e manyala. 9Ha nka ke ka o hauhela kapa ka o utlwela bohloko. Ke tla o putsa ho ya ka boitshwaro ba hao le ka mesebetsi ya hao e manyala hara lona. Jwale le tla tseba hore ke nna Morena ya otlang.
10“Bonang letsatsi, bonang letsatsi le fihlile, mafube a se a diketse, lekala le fupuditse, boikgohomoso bo entse dithunthung. 11Meferefere e fetohile thupa e otlang bokgopo; ha ho le ya mong wa bona le wa sehlopha sa bona ya tla phonyoha; ha ho maruo a tla sala leha e le ntho ya bohlokwa. 12Nako e fihlile, letsatsi le atametse; moreki a se ke a thaba, kapa morekisi a lla, hobane setjhaba sohle se fihletswe ke kgalefo.
13“Morekisi a ke ke a boela a lata seo a se rekisitseng, leha bobedi ba bona ba ntse ba phela, hobane setjhaba sohle se tla welwa ke kgalefo e ke keng ya hlola e sa kgutla. Ka baka la dibe tsa bona ha ho le ya mong wa bona ya tla pholoha. 14Leha ba ka letsa terompeta, hore bohle ba itokise, ha ho le ya mong ya tla ya ntweng, hobane kgalefo ya ka e befetse mokgopi wohle.”
Iseraele e otlwa ka baka la dibe tsa yona
15“Sabole e kathoko ho motse, kahare ho wona ke lefu la sewa le sekoboto. Ba hara naha ba tla bolawa ka sabole, ba kahara motse ba bolawe ke sekoboto le ke lefu la sewa. 16Bohle ba tla phonyoha ba tla balehela dithabeng, ba kuruetse sa maeba a dikgohlo, motho ka mong a llele dibe tsa hae. 17Matsoho a bohle a tla kgathala, mangwele wohle a otlane ke letswalo. 18Ba tla itlama matheka ka tse mahwashe, tshabo e ba wele hodimo, fahleho tsa bona di aparelwe ke dihlong, hlooho tsa bona di phumohe mafatla. 19Ba tla akgela silefera ya bona diterateng, kgauta ya bona ba e nyonye. Mohla tsatsi leo la kgalefo ya Morena, silefera ya bona le kgauta ya bona di ke ke tsa ba lopolla; meya ya bona e ke ke ya kgotsofala, le mala a bona a ke ke a kgora letho, hobane tsena ke tsona tse ba dihetseng sebeng. 20Ba ne ba ikgantsha ka mekgabiso ya bona e metle, eo ka yona ba ileng ba iketsetsa medingwana ya bona e nyonyehang. Ka baka lena, ke e fetotse ditshila. 21Tsena tsohle ke tla neelana ka tsona matsohong a dira tsa bona e be lelobelo, le ho ba kgopo ba lefatshe lena e le kgapo ya bona, mme batho bana ba tla di silafatsa. 22Ke tla ba furalla, mme ba tla silafatsa Tempele ya ka. Mashodu a tla kena ka ho yona, a e silafatse.
23“Lokisang mahlaahlela, hobane naha yohle e tletse madi, hara motse ke moferefere. 24Ke tla tlisa bahedene ba tala, mme bona ba hape matlo a Baiseraele. Ke tla fedisa boikgohomoso ba dinatla tsa Baiseraele, dibaka tsa bona tse halalelang di silafatswe. 25Mahlomola a a tla. Ba tla batla kgotso, empa ha e na ho ba teng. 26Koduwa di tla fihlellana, tsa bo-fuufu le tsona di fihlellane. Batho ba tla rata eka baporofeta ba ka ba bolella dipono, empa baprista ha ba sa tla ba ruta molao; le dikeletso tse tswang ho ba baholo di tla ba siyo. 27Kgosi e tla lla, kgosana e aparelwe ke maswabi, matsoho a setjhaba a tla thothomela. Ke tla ba ahlola ho ya ka boitshwaro ba bona, ke ba ahlole ho ya kamoo ba ileng ba ahlola ba bang kateng. Jwale ba tla tseba hore ke nna Morena.”

Currently Selected:

ESEKIELE 7: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy