YouVersion Logo
Search Icon

ESEKIELE 46

46
Kgosana le Mekete e Halalelang
1“ ‘Morena Modimo o bua tjena: Kgoro ya lebala le kahare e tadimileng botjhabela e kwalwe ka matsatsi a tsheletseng a mosebetsi, empa ka letsatsi la Sabatha e tla bulwa, e be e bulwe le mohla kgwedi e thwasitseng. 2Kgosana e busang e tla kena ka lethule le kantle la kgoro eo, ebe e ema pela ditshiya tsa kgoro. Baprista ba tla e etsetsa nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya teboho. Kgosana e tla kgumama lethuleng la kgoro, e nto tswa, empa kgoro ha e ka ke ya kwalwa ho fihlela mantsiboya. 3Ka mokgwa o jwalo, ka Disabatha le ha kgwedi e thwasitse, setjhaba se tla kgumamela Morena se le monyako wa kgoro.
4“ ‘Ka letsatsi la Sabatha nyehelo ya setjheso eo kgosana e tla e etsetsa Morena, e tla ba dikonyana tse tsheletseng tse se nang sepha, le pheleu e se nang sepha. 5Bakeng sa pheleu ka nngwe eo ho nyehelwang ka yona, kgosana e tla etsa nyehelo ya dijo tse etsang boima ba dikilo tse leshome le metso e tsheletseng; bakeng sa konyana ka nngwe eo ho nyehelwang ka yona kgosana e tla etsa nyehelo ya dijo kamoo e ka ratang kateng, e be e etse le nyehelo ya dilethara tse tharo tsa ole ya mohlwaare bakeng sa nyehelo ka nngwe ya dijo. 6Mohla kgwedi e thwasitseng, kgosana e tla nyehela ka pohwana e se nang sepha, le ka dikonyana tse tsheletseng, tse se nang sepha, le ka pheleu e se nang sepha. 7Bakeng sa pohwana eo ho nyehelwang ka yona, kgosana e tla etsa nyehelo ya dijo tse etsang boima ba dikilo tse leshome le metso e tsheletseng, le bakeng sa pheleu eo ho nyehelwang ka yona e etse nyehelo e kaalo. Bakeng sa dikonyana tseo ho nyehelwang ka tsona e tla etsa nyehelo ya dijo kamoo e ka ratang kateng, e be e etse le nyehelo ya dilethara tse tharo tsa ole ya mohlwaare bakeng sa nyehelo ka nngwe ya dijo. 8Ha kgosana e kena, e tla kena ka lethule la kgoro, mme ha e etswa, e tswe ka lona lethule leo.
9“ ‘Ha setjhaba se etla pela Morena, mohla mekete e halalelang, motho ya keneng ka kgoro e ka leboya ho tla kgumamela Morena, ha a etswa o tla tswa ka kgoro e ka borwa; ya keneng ka kgoro e ka borwa, ha a etswa o tla tswa ka kgoro e ka leboya. Ha ho motho ya tla tswa ka kgoro eo a keneng ka yona; e mong le e mong o tla tswa ka kgoro e tadimaneng le eo a keneng ka yona. 10Ha setjhaba se kena, kgosana le yona e tla kena, ha se etswa, le yona e tswe.
11“ ‘Mohla mekete e halalelang le e kgethehileng, bakeng sa pohwana eo ho nyehelwang ka yona ho tla etswa le nyehelo ya dijo tse etsang boima ba dikilo tse leshome le metso e tsheletseng; le bakeng sa pheleu eo ho nyehelwang ka yona ho tla etswa nyehelo ya dijo tse etsang boima ba dikilo tse leshome le metso e tsheletseng. Empa bakeng sa nyehelo ya dikonyana ho tla etswa nyehelo ya dijo ho ya kamoo motho a ka ratang kateng, ho be ho etswe le nyehelo ya dilethara tse tharo tsa ole ya mohlwaare bakeng sa dijo tse etsang boima ba dikilo tse leshome le metso e tsheletseng. 12Ha kgosana e etsetsa Morena nyehelo ya boithaopo, e ka ba nyehelo ya setjheso kapa nyehelo ya teboho, kgosana e tla bulelwa kgoro e ka botjhabela, ebe e etsa nyehelo ya setjheso le nyehelo ya yona ya teboho jwalokaha e etsa ka letsatsi la Sabatha. Ha e qetile e tla tswa, ebe kgoro e a kwalwa.’ ”
Nyehelo ya letsatsi ka leng
13“ ‘Ka letsatsi le leng le le leng, hoseng ho hong le ho hong, o tla nyehella Morena ka konyana e nang le selemo, e se nang sepha, e leng nyehelo ya setjheso. 14Hoseng ho hong le ho hong o tla etsa nyehelo ya dijo tse etsang boima ba dikeramo tse pedi, le ya lethara ya ole e tla duba phofo e thumisehileng ya nyehelo. Nyehelo ena ya dijo e etsetswang Morena, ke taelo ya kamehla yohle. 15Ka mokgwa o jwalo hoseng ho hong le ho hong ho tla etswa nyehelo ya konyana, le ya dijo, le ya ole, e le nyehelo ya setjheso ya kamehla yohle.’ ”
Kgosana le naha
16“ ‘Morena Modimo o bua tjena: Ha kgosana e efa e mong wa bara ba yona mpho e tswang lefeng la yona, mpho eo e tla ba lefa la mora eo wa yona le la ditloholo tsa hae. 17Empa haeba kgosana e efa e mong wa bahlanka ba yona mpho e tswang lefeng la yona, mpho eo e tla ba ya mohlanka eo ho fihlela mohla selemo sa tokoloho. Kamorao ho moo mpho eo e tla kgutlela ho kgosana, hobane lefa la yona le jewa ke bara ba yona feela. 18Kgosana ha e a lokela ho nka letho lefeng la setjhaba ka ho se hatella. E tla abela bara ba yona lefa leo e leng la yona, e le hore ho se be motho wa setjhaba sa ka ya ka falatswang.’ ”
Mekgoro ya Tempele
19Jwale monna eo a nntsha ka monyako o lehlakoreng la kgoro, a nkisa dikamoreng tse halalelang, tse tadimileng leboya, e leng tsa baprista, mme a mpontsha sebaka se ka bophirimela. 20Yaba o re ho nna: “Sebaka sena ke seo ho sona baprista ba tla phehela nyehelo ya tefelo ya sebe, le nyehelo e tlosang molato. Ke moo ba tla phehela le nyehelo ya dijo teng, e le hore ba se ke ba di ntshetsa lebaleng le kantle, esere ba halaletsa setjhaba.”
21A nkisa lebaleng le kantle, a mpotisa le dihuku tse nne tsa lona, mme hukung e nngwe le e nngwe ka bona lebala. 22Dihukung tse nne tsa lebala ka leng ho ne ho ena le mabala a mang a manyenyane. Lebala ka leng le ne le etsa bolelele ba dimethara tse mashome a mabedi, le bophara ba dimethara tse leshome le metso e mehlano, mme bone ba wona a ne a lekana. 23Lebala le leng le le leng la mabala ana a mane le ne le potapotilwe ke lerako la majwe, le nang le maifo a haheletsweng ho lona. 24Monna eo a re ho nna: “Ena ke mekgoro eo ba sebeletsang ka Tempeleng ba tla phehela mahlabelo a setjheso a setjhaba ka ho yona.”

Currently Selected:

ESEKIELE 46: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy