YouVersion Logo
Search Icon

ESEKIELE 44

44
Ho sebediswa ha kgoro e ka botjhabela
1Yaba monna eo o nkgutlisetsa kgorong e kantle ho Sehalalelo, e shebileng botjhabela. Kgoro eo e ne e kwetswe. 2Morena a re ho nna: “Kgoro ena e tla dula e kwetswe; e ke ke ya ba ya bulwa, mme ha ho motho ya tla kena ka yona. E tla dula e kwetswe, hobane Morena Modimo wa Iseraele o kena ka yona. 3Ke kgosana feela e tla dula kahare ho yona, e jele dijo tsa yona pontsheng ya Morena. E tla kena ka tsela ya lethule la kgoro, e be e tswe ka yona.”
Melao ya ho amohelwa ka Tempeleng
4Jwale monna eo a nkisa kapele ho Tempele, ra ya ka tsela ya kgoro e ka leboya. Ka tadima, mme ka bona tlotla ya Morena e tlala ka Tempeleng ya Morena; yaba ke itihela fatshe ka sefahleho.
5Morena a re ho nna: “Wena ngwana motho, ela hloko, o tadimisise, mme o mamedisise tsohle tseo ke o bolellang tsona, e leng ditaelo tsohle tsa Tempele ya Morena, le melao yohle ya yona. Ela hloko hore na ke bo-mang ba dumeletsweng ho kena ka Tempeleng, le ka Sehalalelong, le ba sa dumellwang ho etsa jwalo.
6“Bolella bafetohedi, e leng ba ntlo ya Iseraele, o re: ‘Morena Modimo o bua tjena: Lona ba ntlo ya Iseraele, manyala ana wohle a lona a sa lekane! 7Ka Sehalalelong sa ka le kentse baditjhaba ba sa bollang dipelong le nameng; le silafaditse Tempele ya ka ha le nnyehella ka dijo, ka mafura le ka madi, mme le sentse selekane sa ka ka baka la manyala a lona wohle. 8Bakeng sa hore lona le hlokomele dintho tsa ka tse halalelang, le kgethile basele ho sebeletsa ka Sehalalelong sa ka.
9“ ‘Morena Modimo o bua tjena: Ho se be moditjhaba ya sa bollang pelong le nameng ya ka kenang ka Sehalalelong sa ka, esita leha e ka ba moditjhaba ofe kapa ofe ya phelang hara bana ba Iseraele.’ ”
Balevi ba thibetswe ho ba baprista
10“ ‘Ha e le Balevi ba ileng ba emella hole le nna ha Baiseraele ba kgeloha, ba kgeloswa ho nna ke ho latela medingwana ya bona ya bohata, ba tla otlelwa bokgopo boo ba bona. 11Empa ba tla nne ba sebeletse ka Sehalalelong sa ka, ba hlokomele dikgoro tsa Tempele, mme ba sebeletse ka ho yona. Ba tla hlaba diphoofolo tsa nyehelo ya setjheso le tsa mahlabelo a etsetswang setjhaba, mme ba eme kapele ho sona ba se sebeletse. 12Kaha ba ile ba sebeletsa setjhaba kapele ho medingwana ya sona ya bohata, mme ba dihela ba ntlo ya Iseraele bokgopong, kahoo ke hlapantse hore ke tla ba otlela bokgopo boo ba bona, ho rialo Morena Modimo. 13Ba ke ke ba atamela pela ka ho tla ntshebeletsa e le baprista, kapa ba atamela pela e nngwe feela ya dintho tsa ka tse halalelang, kapa tse halalelang ka ho fetisisa; ba tla jara dihlong tsa bona le manyala a bona ao ba a entseng. 14Empa ke tla ba etsa basebeletsi ba Tempele, ba etse mesebetsi yohle ya yona, ba etse le tsohle tse lokelang ho etswa ka ho yona.’ ”
Baprista
15“ ‘Ha e le baprista bao e leng Balevi, ditloholo tsa Sadoke, ba ileng ba sebeletsa ka Sehalalelong sa ka ha bana ba Iseraele ba mphuralla, ba tla atamela ho nna ho tla ntshebeletsa, mme ba eme kapele ho nna ho nyehela ka mahlabelo a mafura le a madi, ho rialo Morena Modimo. 16Bona ba tla kena ka Sehalalelong sa ka, ba atamele pela tafole ya ka ho ntshebeletsa le ho phetha tshebeletso ya ka.
17“ ‘Ha ba kena ka dikgoro tsa lebala le kahare, ba tla apara diaparo tsa lene; ba ke ke ba apara seaparo sefe kapa sefe sa boya, ha ba ntse ba sebeletsa dikgorong tsa lebala le kahare, kapa kahara Tempele. 18Ba tla rwala dituku tsa lene dihloohong tsa bona, ba tene le marikgwe a lene. Ba ke ke ba apara eng kapa eng e ka ba fufuletsang. 19Ha ba tswela lebaleng le kantle, moo setjhaba se leng hona teng, ba tla hlobola diaparo tseo ba neng ba di apere ha ba sebeletsa, ba di siye ka dikamoreng tse halalelang, ba apare disele, e le hore ba se ke ba tlisetsa setjhaba bomadimabe ha se ka ama diaparo tseo tsa bona.
20“ ‘Ba se ke ba beola dihlooho tsa bona, kapa ba hodisa moriri wa bona, ba mpe ba o fokotse feela. 21Ho se be moprista ya tla nwa veine ha a kena ka lebaleng le kahare. 22Ba se ke ba nyala bahlolohadi kapa basadi ba hladilweng, empa ba nyale barwetsana bao e leng ditloholo tsa bana ba Iseraele, kapa bahlolohadi ba baprista.
23“ ‘Baprista ba tla ruta setjhaba sa ka phapano pakeng tsa ntho e halalelang le e sa halaleleng, mme ba etse hore ba kgetholle e sa hlwekang ho e hlwekileng.
24“ ‘Nyeweng e nngwe le e nngwe baprista e tla ba bona baahlodi, mme ba tla diha nyewe ho ya ka melao ya ka. Ba tla boloka melao ya ka le ditaelo tsa ka diphuthehong tsohle, ba halaletse Disabatha tsa ka.
25“ ‘Moprista a se ke a itshilafatsa ka ho atamela pela setopo, haese feela setopo sa ntatae, kapa sa mmae, kapa sa mora wa hae, kapa sa moradi wa hae, kapa sa ngwanabo, kapa sa kgaitsedie e sa nyalwang. Tsena a ka itshilafatsa ka tsona. 26Hoba a hlwekiswe, o tla ballwa matsatsi a supileng, 27mme mohla a kenang ka lebaleng le kahare la Sehalalelo ho ya sebeletsa, o tla iketsetsa nyehelo ya sebe, ho rialo Morena Modimo.
28“ ‘Baprista ba se ke ba eba le lefa le leng; ke nna feela lefa la bona. Le se ke la ba nea leruo naheng ya Iseraele; ke nna feela leruo la bona. 29Ba tla ja nyehelo ya dijo, le mahlabelo, le nyehelo ya sebe, le nyehelo ya tefelo ya sebe, mme dintho tsohle tse kgethetsweng Morena naheng ya Iseraele, e tla ba tsa bona. 30Dilopotsiya tsohle le dinyehelo tsohle, le mefuta yohle ya dinyehelo, e tla ba tsa baprista. Le tla ba nea hlama ya lona ya pele, malapa a lona a tle a hlohonolofatswe. 31Baprista ba se ke ba eja letho le itjhweletseng ka bolona, kapa le harotsweng ke dibatana, ebang ke nonyana kapa phoofolo.’ ”

Currently Selected:

ESEKIELE 44: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy