YouVersion Logo
Search Icon

ESEKIELE 42

42
Mehaho e mmedi e haufi le Tempele
1Yaba monna eo o nkisa lebaleng le kantle, ka nqa leboya, o mphihlisa dikamoreng tse tobaneng le lebala la Tempele le malebana le lerako le kantle, le ka leboya. 2Bolelele ba mohaho oo monyako wa wona o shebileng leboya, e ne e le dimethara tse mashome a mahlano, bophara bona e le dimethara tse mashome a mabedi a metso e mehlano. 3Kapele ho lebala le kantle, le etsang bophara ba dimethara tse leshome, le kapele ho tsela e katilweng ya lebala le kantle, ho ne ho ena le mehohoma e disollorong tse tharo. 4Kapele ho dikamore ho ne ho ena le tsela e phunyeletsang, bophara ba yona e le dimethara tse hlano, bolelele e le dimethara tse mashome a mahlano. Menyako ya dikamore tsena e ne e le ka leboya. 5Dikamore tse kahodimo di ne di qotetsane ho feta tse sollorong e hare le e katlase ho mohaho, hobane mehohoma e ne e jele sebaka se sengata. 6Dikamore tsa disolloro tsena tse tharo di ne di se na ditshiya tse kang tsa lebala le kantle. Kahoo dikamore tse kahodimodimo di ne di sesefetse ho feta tse sollorong e katlase le e mahareng. 7Kantle ho ne ho ena le lerako le bapileng le dikamore le lebala le kantle; bolelele ba lona e le dimethara tse mashome a mabedi a metso e mehlano. 8Bolelele ba dikamore tsa lebala le kantle e ne e le dimethara tse mashome a mabedi a metso e mehlano, athe bolelele ba tse tobaneng le Tempele bona e ne e le dimethara tse mashome a mahlano. 9Katlasa dikamore tsena ho ne ho ena le kgoro ka botjhabela, eo motho a kenang ka yona ha a etswa lebaleng le kantle.
10Ka borwa, ho sika le lerako la lebala le kantle, e leng le kapele ho Tempele, ho ne ho ena le dikamore 11tse nang le tsela e fetang kapele ho tsona. Dikamore tsena di ne di tshwana le tse ka leboya ka bolelele le ka bophara, le ka menyako e tswelang kantle, le ka ditekanyo. Katlasa dikamore tse ka borwa, 12ho ne ho ena le kgoro ka botjhabela, eo motho a kenang ka yona. Qalong ya tsela ena e sikileng le lerako, ho leba nqa botjhabela, ho ne ho ena le monyako oo motho a kenang dikamoreng ka wona.
13Yaba monna eo o re ho nna: “Dikamore tse ka leboya le tse ka borwa, tse shebileng ka lebaleng la Tempele, ke dikamore tse halalelang tsa baprista ba atamelang ho Morena; ke moo ba tla jela teng dinyehelo tse halalelang ka ho fetisisa. Ke hona moo ba tla boloka dinyehelo tse halalelang ka ho fetisisa teng, e leng dinyehelo tsa koro, le dinyehelo tse etswang ka baka la sebe, le dinyehelo tsa tefelo ya melato, hobane ke sebaka se halalelang. 14Hang hoba baprista ba kene ka sebakeng se halalelang, ba ke ke ba tswela lebaleng le kantle, ho fihlela ba hlobola diaparo tseo ba sebeletsang ba di apere, hobane di a halalela. Ba tla apara diaparo tse ding ba eso ka ba atamela dibaka tseo setjhaba se leng ho tsona.”
Ditekanyo tsa setsha sa Tempele
15Jwale ha a se a qetile ho metha Tempele kahare, a nkisa kantle ka kgoro e ka botjhabela, a metha setsha sa Tempele ho potoloha. 16A metha lehlakore le ka botjhabela ka leqala le methang, mme lehlakore lena le ne le etsa dimethara tse makgolo a mabedi le mashome a mahlano. 17A metha lehlakore le ka leboya; lona la etsa dimethara tse makgolo a mabedi le mashome a mahlano. 18A metha lehlakore le ka borwa; lona la etsa dimethara tse makgolo a mabedi le mashome a mahlano. 19Yaba jwale o ya lehlakoreng le ka bophirimela, o a le metha; lona la etsa dimethara tse makgolo a mabedi le mashome a mahlano. 20Setsha seo a se metha ka mahlakoreng a mane. Ho ne ho ena le lerako le se potolohang, leo bolelele ba lona e neng e le dimethara tse makgolo a mabedi le mashome a mahlano, bophara ba lona e le dimethara tse makgolo a mabedi le mashome a mahlano, e le le arolang sebaka se halalelang ho se sa halaleleng.

Currently Selected:

ESEKIELE 42: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy