YouVersion Logo
Search Icon

ESEKIELE 37

37
Kgohlo e tletseng masapo a omeletseng
1Matla a tswang ho Morena a ntsukutla. Morena a nkuka ka Moya wa hae, a mpea kahara kgohlo e tletseng masapo. 2A ntsamaisa hohle kahara kgohlo eo, ka bona masapo a mangata haholo, a omeletseng haholo! 3Morena a mpotsa, a re: “Wena ngwana motho, na masapo aa a ka boela a phela?”
Ka araba, ka re: “Morena Modimo, ke wena feela ya tsebang.”
4Yaba o re ho nna: “Porofetela masapo ana, o re ho wona: ‘Lona masapo a omeletseng, mamelang lentswe la Morena! 5Morena Modimo o bua tjena ho masapo ana: Ke tla budulela moya kahare ho lona, mme le tla boela le phele. 6Ke tla manamisa mesifa hodima masapo, nama e hlomele hodima wona, ke kwahele ka letlalo, ebe ke budulela moya kahare ho lona, mme le tla boela le phele. Kahoo le tla tseba hore ke nna Morena.’ ”
7Yaba ke porofeta jwalokaha ke laetswe. Ha ke ntse ke porofeta, ho ile ha utlwahala leswahlaswahla, ka bona masapo a sisinyeha, a atamelana, lesapo ka leng le kopana le la habo lona. 8Ka tadima, mme ka bona mesifa le dinama di hlomela hodima wona, le letlalo le a kwahela, empa a ne a sa phefumolohe.
9Yaba Morena o re ho nna: “Porofetela moya; porofeta, wena ngwana motho, o re ho wona: ‘Morena Modimo o bua tjena: Wena moya, foka o etswa qoleng tse nne tsa lefatshe, o phefumolohele ditopo tsena, di tle di phele.’ ”
10Yaba ke porofeta jwalokaha a ntaetse, moya wa kena kahare ho ditopo, tsa tsoha, tsa ema ka maoto, e le lebotho le leholohadi.
11Jwale Morena a re ho nna: “Wena ngwana motho, masapo ana a tshwantsha bohle ba ntlo ya Iseraele. Ha ba bua ba re: ‘Masapo a rona a omeletse, re feletswe ke tshepo, re timeletswe.’ 12Ka baka leo, porofeta, o re ho bona: ‘Morena Modimo o bua tjena: Bonang, lona setjhaba sa ka, ke tla bula mabitla a lona, ke le ntshe kahara wona, ke le kgutlisetse naheng ya Iseraele. 13Ha ke se ke butse mabitla a lona, ke le ntshitse kahara wona, lona setjhaba sa ka, le tla tseba hore ke nna Morena. 14Ke tla le nea Moya wa ka, mme le tla phela. Ke tla le ahisa naheng ya lona, kahoo le tla tseba hore nna Morena, ke buile jwalo, mme ke phethahaditse, ho rialo Morena.’ ”
Juda le Iseraele e tla ba mmuso o le mong
15Lentswe la Morena la fihla hape ho nna, la re: 16“Wena ngwana motho, nka molamu o le mong, o ngole hodima wona, o re: ‘Ke wa Juda le bana ba Iseraele ba thusanang le yena.’ Ebe o nka molamu o mong hape, o ngola hodima wona, o re: ‘Ke wa Josefa, molamu wa Efraime le bohle ba ntlo ya Iseraele ba thusanang le yena.’ 17Jwale o kopanye dintlha tsa melamu ena e tle e be molamu o le mong ka letsohong la hao.
18“Ha setjhaba sa heno se re ho wena: ‘A ko re hlalosetse seo o se bolelang ka ketso ena,’ 19wena o tle o re ho sona: Morena Modimo o bua tjena: Ke tla nka molamu o ka letsohong la Efraime, e leng molamu wa Josefa le ba morabe wa Iseraele ba thusanang le yena, ke o kopanye le molamu wa Juda, ke e etse molamu o le mong, mme molamu o tla ba mong ka letsohong la ka.
20“Moo setjhaba se ntseng se bona, o tshware melamu eo e mmedi, eo o ngotseng hodima yona, 21mme o re ho sona: ‘Morena o bua tjena: Ke tla ntsha bana ba Iseraele hara baditjhaba bao ba ileng ho bona, ke ba phuthe hohle, ke ba kgutlisetse naheng ya bona. 22Ke tla ba etsa setjhaba se le seng hodima dithaba tsa naha ya Iseraele. Ba tla buswa ke kgosi e le nngwe kaofela ha bona; e ke ke ya hlola e eba ditjhaba tse pedi, ho hang ba ke ke ba hlola ba ikarola, ba iketsa mebuso e mmedi. 23Ba ke ke ba hlola ba itshilafatsa ka medingwana ya bona, le ka dintho tsa bona tse manyala, kapa ka e nngwe feela ya ditshito tsa bona. Ke tla ba lopolla hohle moo ba phelang teng, moo ba etseditseng sebe teng, ke ba hlwekise. E tla ba setjhaba sa ka, mme nna ke be Modimo wa bona.
24“ ‘Mohlanka wa ka Davida e tla ba kgosi ya bona. Ba tla ba le modisa a le mong feela, ba tsamaye ka melao ya ka, ba boloke ditaelo tsa ka, ba di phethe. 25Ba tla aha naheng eo ke e neileng mohlanka wa ka Jakobo, naheng eo bo-ntata lona ba neng ba ahile ho yona. Le bona, mmoho le bana ba bona le ditloholwana tsa bona, ba tla aha teng kamehla, mme Davida, mohlanka wa ka, e tla ba kgosana ya bona kamehla yohle. 26Ke tla etsa selekane sa kgotso le bona, mme e tla ba selekane sa kamehla yohle. Ke tla ba tsitsisa, ke ba ngatafatse, mme ke emise Sehalalelo sa ka hara bona kamehla yohle. 27Leaho la ka le lona le tla ba hara bona; nna ke tla ba Modimo wa bona, bona e be setjhaba sa ka. 28Baditjhaba ba tla tseba hore ke nna Morena ya halaletsang Iseraele, ha Sehalalelo sa ka se se se eme kahara bona kamehla yohle.’ ”

Currently Selected:

ESEKIELE 37: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy