YouVersion Logo
Search Icon

ESEKIELE 33

33
Modimo o kgetha Esekiele ho ba molebedi
(Esk. 3:16-21)
1Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re: 2“Wena ngwana motho, bua le setjhaba sa heno, o re ho sona: ‘Ha ke etsa hore naha e futuhelwe ka sabole, baahi ba naha eo ba ye ba kgethe e mong wa bona, ba mo etse molebedi. 3Ha a bona naha e futuhelwa ka sabole, o ye a letse lenaka, a hlabele setjhaba mokgosi. 4Mang le mang ya utlwang modumo wa lenaka, empa a sa tsotelle mokgosi oo, mme eba o bolawa ka sabole, e tla ba ke yena ya ipolaileng. 5Ka ho se natse mokgosi o hlajwang ke lenaka, ke yena ya ipolaileng. Empa hojane a ela mokgosi oo hloko a ka be a ile a pholoha. 6Le teng haeba molebedi a bona ho futuhelwa setjhaba ka sabole, feela a sa letse lenaka ho hlabela setjhaba mokgosi, eba motho e mong o bolawa ka sabole, motho eo o tla shwa ka baka la bokgopo ba hae, empa madi a motho eo wona ke tla a batla ho molebedi eo.’
7“Jwale wena ngwana motho, ke o entse molebedi wa ntlo ya Iseraele; ka baka leo, ha o utlwa lentswe le tswang ho nna, o ba nee keletso ya ka. 8Ha nna ke re ho ya kgopo: ‘Ruri o tla shwa,’ eba wena ha o mo eletse, kapa wa mo kgalemella ditsela tsa hae tse kgopo, motho eo ya kgopo o tla shwa ka baka la sebe sa hae, mme madi a hae wona ke tla a batla ho wena. 9Empa ha o eletsa ya kgopo, feela a sa kgutle bokgopong ba hae, o tla shwa ka baka la sebe sa hae, empa wena o tla be o ipholositse.”
Boikarabelo ba motho ka mong
10“Ka baka leo, wena ngwana motho, bua le ba ntlo ya Iseraele, o re: ‘Lona le re: “Ditlolo tsa rona le dibe tsa rona di a re imela, di a re ja. Re ka phela jwang?” ’ 11Ere ho bona: ‘Ke a hlapanya, ho rialo Morena Modimo, ha ke thabele lefu la ya kgopo, empa ke thabela ha ya kgopo a kgutla ditseleng tsa hae a tle a phele. Kgutlang! Kgutlang ditseleng tsa lona tse kgopo! Ke ka baka lang, lona ba ntlo ya Iseraele le ratang ho shwa?’
12“Ka baka leo, wena ngwana motho, ere ho setjhaba sa heno: ‘Ho loka ha ya lokileng ho ke ke ha mo pholosa ha a etsa sebe, le ya kgopo ha a furalla bokgopo ba hae a ke ke a wa. Ya lokileng ha a etsa sebe a ke ke a phela ka baka la ho loka hoo a ho entseng pele.’ 13Ha ke re ho ya lokileng ruri o tla phela, empa a itshepela ho loka ha hae, mme a etsa bobe, ha ho le e nngwe ya dintho tse lokileng tseo a di entseng e tla hlola e sa hopolwa; o tla shwa ka baka la bokgopo boo a bo entseng. 14Le teng ha ke re ho ya kgopo: ‘Ruri o tla shwa,’ eba jwale o kgutla dibeng tsa hae, o etsa ho lokileng le ho nepahetseng, 15o kgutlisa se neng se beilwe paneng, o kgutlisa le seo a neng a se utswitse, o boloka ditaelo tse phedisang, ha a sa hlola a etsa bokgopo, ruri o tla phela, a ke ke a shwa. 16Ha ho le se seng sa dibe tseo a ileng a di etsa pele se tla hlola se sa hopolwa. O entse ho lokileng, ho nepahetseng, mme ruri o tla phela.
17“Empa setjhaba sa heno se re: ‘Tsela ya Morena ha e a loka,’ athe ke tsela ya sona e sa lokang. 18Ha ya lokileng a furalla ho loka ha hae, a etsa bokgopo, o tla shwa ka baka la bokgopo boo. 19Empa ha ya kgopo a furalla bokgopo ba hae, a etsa ho lokileng, ho nepahetseng, ka ho etsa jwalo o tla phela. 20Feela lona ba ntlo ya Iseraele le re: ‘Tsela ya Morena ha e a loka.’ Ke tla ahlola e mong le e mong wa lona ho ya ka ditsela tsa hae.”
Ditaba tsa ho haptjwa ha Jerusalema
21Ka letsatsi la bohlano la kgwedi ya leshome selemong sa leshome le metso e mmedi sa ho thopuwa ha rona, motho e mong ya neng a ile a phonyoha Jerusalema a fihla ho nna, a re: “Motse o hapilwe!” 22Ka la maobane, mantsiboya, motho eo a eso ka a fihla ho nna, matla a tswang ho Morena a ne a ile a ntsukutla. Hoseng, motho eo a eso ka a fihla ho nna, Morena a rarolla leleme la ka, ka tseba ho bua.
Dibe tsa setjhaba
23Lentswe la Morena la fihla ho nna, la re: 24“Wena ngwana motho, setjhaba se ahileng dithakong tsa naha ya Iseraele se re: ‘Aborahama o ne a le mong to! empa naha ena o ile a e fuwa. Rona re bangata, mme le rona naha ena re e filwe hore e be lefa la rona.’ 25Ka baka leo, ere ho sona: ‘Morena Modimo o bua tjena: Le ja nama e eso ka e fopha madi; le tshepile medingwana ya lona, le tsholla madi; jwale naha ee e ka ba ya lona jwang? 26Le tshepile disabole tsa lona, le etsa dintho tse manyala, kaofela ha lona le a feba; jwale naha ee e ka ba ya lona jwang?’
27“Ere ho sona: ‘Morena Modimo o bua tjena: Ke a hlapanya, masalla a ahileng dithakong a tla bolawa ka sabole, ba hara naha ke tla ba neela dibatana di ba harole; ba diqhobosheaneng le ba mahaheng ba tla bolawa ke lefu la sewa. 28Naha ke tla e fetola nanaola, e be lefeella, matla ao e ikgantshang ka wona a fele. Dithaba tsa Iseraele di tla fetoha matswatlare, ha ho ya tla feta ho tsona. 29Ha ke se ke fetotse naha nanaola, e le lefeella, ka baka la manyala wohle ao ba a entseng, ke hona ba tla tseba hore ke nna Morena.’ ”
Ditholwana tsa molaetsa wa moporofeta
30“Wena ngwana motho, setjhaba sa heno se buisana ka wena se le pela marako le menyakong ya matlo, se re: ‘Tloong le mamele molaetsa o tswang ho Morena.’ 31Setjhaba sena se tla ho wena, jwalokaha batho ba nne ba phuthehe, ba dule kapele ho wena, ba mamele dipolelo tsa hao, empa ba sa di phethe. Ka melomo ya bona ba bua jwalokaha eka ke batho ba nang le lerato, empa dipelo tsa bona di nyoretswe ho rua ka bolotsana. 32Ho batho bao wena o sebini feela se binang ka lentswe le monate, se tsebang ho letsa seletsa. Dipolelo tsa hao tsona ba a di utlwa, empa ha ba di phethe.
33“Ha tsena di phethahala, mme di tla fela diphethahale, ke hona ba tla tseba hore moporofeta o ne a le teng hara bona.”

Currently Selected:

ESEKIELE 33: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy