YouVersion Logo
Search Icon

ESEKIELE 30

30
Morena o tla otla Egepeta
1Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re: 2“Wena ngwana motho, porofeta, o re: ‘Morena Modimo o bua tjena:
“ ‘Bokollang, le re:
“A tsatsi le madimabe!”
3Tsatsi leo le se le atametse,
tsatsi la Morena le se le atametse!
E tla ba tsatsi
la ho phethesela ha maru,
e be tsatsi la ho ahlola baditjhaba.
4Egepeta e tla futuhelwa
e futuhelwe ka disabole,
Kushe yona e aparelwe ke ditlokotsi,
ha banna ba ewa mofela
naheng ya Egepeta,
matlotlo a yona ba a lobela,
metheo ya yona ba e fata,
ba e heletsa!
5“ ‘Banna ba Kushe,
ba Pute le ba Lode,
ba mefuta yohle le ba Kube,
le banna ba naha
e itlammeng ka selekane,
ba tla bolawa le Baegepeta,
ba bolawe ka disabole.
6“ ‘Morena o bua tjena:
“ ‘Ba thusanang le Egepeta
ba tla bolawa,
mokgetho wa mabotho a yona
o ripitlwe;
ho tloha Migedole
ho ya fihla Sefene,
bohle ba tla wa,
ba bolawe ka sabole,
ho rialo Morena Modimo.
7“ ‘Egepeta e tla ba nanaola
e fetang tsohle,
metse ya yona e be masupi
a fetang wohle.
8Ha ke tjhesa hlaha
naheng ya Egepeta,
bohle ba thusanang le yona
ke ba ripitla,
ke hona ba tla tseba
hore ke nna Morena.
9“ ‘Mohla tsatsi leo ke tla roma maqosa ka dikepe ho ya tshosa Bakushe ba iketlileng. Ba tla aparelwa ke ditlokotsi mohla tsatsi leo la ho timetswa ha Egepeta, hobane ruri lona ho tla le a tla.
10“ ‘Morena Modimo o bua tjena:
“ ‘Matlotlo wohle a Egepeta
ke tla fedisa,
ke a fedise ka Nebukadenesare,
kgosi ya Babilona.
11Kgosi Nebukadenesare
le bahlabani bohle ba hae,
tjhaba se sehloho
ho feta ditjhaba tsohle,
ba tla romelwa ho ripitla naha ena;
Egepeta ba tla e futuhela,
ba e futuhele ka disabole,
naha yohle
ba e tlatse topo tsa babolauwa!
12Melatswana ya noka ya Nile
ke tla e pshesa,
ke neelane ka naha
matsohong a ba kgopo.
Naha le tsohle tsa yona
ke tla di etsa nanaola,
ke di etse nanaola
ka tsoho la baditjhaba,
ke nna Morena ya buileng jwalo.
13“ ‘Morena Modimo o bua tjena:
“ ‘Ke tla timetsa le medingwana,
medingwana ya bohata,
ke fedise tshwantsho tsa medimo,
ke di fedise naheng ya Nofa;
ha ho sa tla ba le kgosana
naheng ya Egepeta,
pelong tsa Baegepeta
teng ke kenye tshabo.
14Patarose ke tla e fetola e be nanaola,
ke tjhese hlaha
kahara motse wa Sowane,
motse wa Tebese wona ke o otle.
15Kgalefo ya ka
ke tla e hlatsetsa hodima Sine,
Sine eo e leng qhobosheane,
qhobosheane ya Egepeta,
mabotho a Tebese wona ke a ripitle.
16Ke tla tjhesa hlaha
kahara naha ya Egepeta,
Sine e meneke ke ho utlwa bohloko;
marako a Tebese wona a tla heletswa,
ka matsatsi wohle
Nofa e phele ka ditlokotsi.
17Bahlankana ba Afene
le ba Pi-Besete
ba tla bolawa ka sabole
thekong ya ntwa,
baahi ba metse ena
ba ye bothopuweng.
18Mohla ke robang joko ya Egepeta,
motse wa Tahepanehese
o tla aparelwa ke lefifi,
matla a wona a boikgohomoso,
wona a fele.
Leru le letsho le tla kwahela Egepeta,
baahi ba yona ba iswe bothopuweng.
19Ha ke otla Egepeta
ka wona mokgwa ona,
Baegepeta ba tla tseba
hore ke nna Morena.’ ”
Ho fela ha matla a kgosi ya Egepeta
20Ka letsatsi la bosupa la kgwedi ya pele selemong sa leshome le motso o mong, lentswe la Morena la fihla ho nna, la re: 21“Wena ngwana motho, ke robile letsoho la Faro, kgosi ya Egepeta. Ha le a ka la tlamellwa hore le tle le fole, leha e le ho qahathiswa ka dithupa hore le tle le matlafale, le tsebe ho tshwara sabole. 22Ka baka leo, Morena Modimo o re: Ke lwantshana le Faro, kgosi ya Egepeta. Ke tla roba matsoho a hae a mabedi, le phelang hantle le le robehileng, mme ke tla etsa hore sabole e we letsohong la hae. 23Ke tla qhalakanya Baegepeta hara ditjhaba tse ding, ke ba qhalanyetse dinaheng disele. 24Ke tla matlafatsa matsoho a kgosi ya Babilona, ke e tshwarise sabole ya ka, empa ke tla roba matsoho a Faro, yena a dumaele kapele ho sera sa hae, modumaelo wa hae o ke wa motho ya shwang. 25Matsoho a kgosi ya Babilona wona ke tla a matlafatsa, empa a Faro wona a tla lepella feela. Etlare ha ke tshwarisa kgosi ya Babilona sabole ya ka, mme kgosi eo e e otlollela hodima naha yohle ya Egepeta, Baegepeta ba tsebe hore ke nna Morena. 26Ke tla qhalakanya Baegepeta hara ditjhaba tse ding, ke ba qhalanyetse dinaheng disele, mme ba tla tseba hore ke nna Morena.”

Currently Selected:

ESEKIELE 30: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy