YouVersion Logo
Search Icon

ESEKIELE 29

29
Boporofeta bo nyatsang Egepeta
1Ka letsatsi la leshome le metso e mmedi la kgwedi ya leshome selemong sa leshome, lentswe la Morena la fihla ho nna, la re: 2“Wena ngwana motho, tadima Faro, kgosi ya Egepeta, o mo porofetele, o be o porofetele le naha yohle ya Egepeta. 3O mmolelle, o re: ‘Morena Modimo o bua tjena:
“ ‘Wena Faro, kgosi ya Egepeta,
moraparapa wa kganyapa
o phelang dinokeng,
o ithorisang ka ho re:
“Noka ena ke ya ka,
ke nna ka seqo ya iketseditseng yona,”
tseba, wena Faro,
hore ke a o lwantsha!
4Ka dilope mehlahare ya hao
ke tla e qadipa,
tlhapi tsa noka ya hao
ke di kgomarise mahehefeng a hao;
ke o hoholele kantle
ho dinoka tsa hao,
tlhapi tsohle tsa noka ya hao
di kgomaretse mahehefeng a hao.
5Ke tla o akgela kahara lehwatata,
wena le ditlhapi tsohle
tsa dinoka tsa hao.
O tla re polopoqo!
kahara mmanana,
ho se be ya o nkang hore a o epele.
Topo sa hao se tla jewa ke dibatana,
se jewe ke matlaka a sollang hodimo.
6“ ‘Baahi bohle ba Egepeta ba tla tseba,
ba tsebe hore ruri Morena ke nna,
hobane Baegepeta
e ne e le lere la Iseraele,
e le lere la lehlaka, motemekwane.
7Ha Baiseraele ba itshwarella ka wena,
o ila peperana,
wa ba hlaba ka mahafing;
ha ba leka ho ikokotlela ka wena,
yaba o a robeha,
ba tswenetseha matheka.
8“ ‘Ka baka lena, Morena Modimo o bua tjena: Ke tla o bolaya ka sabole, ke bolaye setjhaba sa hao le diphoofolo tsa sona. 9Naha ya Egepeta e tla fetoha nanaola, mme Baegepeta ba tla tseba hore ke nna Morena, hobane Faro yena o itse: “Noka ena ke ya ka, e entswe ke nna.” 10Ka baka lena he, ke a o lwantsha, wena le dinoka tsa hao, mme naha ya Egepeta ke tla e ripitla, ke e fetole nanaola, ho tloha Migedole ho ya fihla Sefene, le ho ya fihla meeding ya Kushe. 11Ha ho motho kapa phoofolo e tla ke e hate hodima yona, mme Egepeta ha e ka ke ya hlola e eba le baahi ka dilemo tse mashome a mane. 12Hara dinaha tsohle tse sentsweng, Egepeta ke tla e etsa nanaola e fetang tsohle, mme hara metse e ripitlilweng, metse ya Egepeta e tla ba masupi ka dilemo tse mashome a mane. Ke tla qhalanya Baegepeta hara ditjhaba tse ding, ke ba hasanye hara dinaha disele.
13“ ‘Leha ho le jwalo Morena Modimo o bua tjena: Etlare ha ho fetile dilemo tse mashome a mane, ke phuthe Baegepeta hara ditjhaba tseo ke ba qhalantseng hara tsona. 14Ke tla ba kgutlisa bothopuweng, ke ba busetse Patarose, naheng ya baholoholo ba bona, mme teng ba tla thea mmuso o fokolang. 15E tla ba mmuso o fokolang ho feta mebuso yohle, mme o ke ke wa hlola o busa ditjhaba tse ding, hobane ke tla o fokodisa hoo o ke keng wa hlola o tseba ho busa ditjhaba tse ding. 16Egepeta e ke ke ya hlola e eba setshehetso sa setjhaba sa Iseraele, empa etlare ha Baiseraele ba e bona, e ba hopotse sebe sa bona sa ho batla thuso ho yona. Kahoo Baiseraele ba tla tseba hore ke nna Morena Modimo.’ ”
Kgosi Nebukadenesare o tla hlola naha ya Egepeta
17Ka letsatsi la pete la kgwedi ya pele selemong sa mashome a mabedi a metso e supileng, lentswe la Morena la fihla ho nna, la re: 18“Wena ngwana motho, Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, o ile a etsa hore mabotho a hae a futuhele motse wa Tire ka sekgahla se seholo. Meqeqeko eo bahlabani ba neng ba e jere e ile ya ba phumola mafatla, mahetla a bona a phumoha dibebe. Empa yena le bahlabani ba hae ha ho moputso oo ba ileng ba o fumana ka ho futuhela Tire. 19Ka baka lena, Morena Modimo o bua tjena: Naha ya Egepeta ke tla e nea Nebukadenesare, kgosi ya Babilona. O tla hapa matlotlo a yona, a lobele dintho tsa yona, mme tsena e be moputso wa bahlabani ba hae. 20Ke mo neile naha ya Egepeta e le moputso wa mosebetsi oo a ileng a nketsetsa wona, ho rialo Morena Modimo.
21“Mohla tsatsi leo, ke tla matlafatsa setjhaba sa Iseraele, ke rarolle leleme la hao, o bue moo bohle ba ntseng ba utlwa, mme ba tla tseba hore ke nna Morena.”

Currently Selected:

ESEKIELE 29: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy