YouVersion Logo
Search Icon

ESEKIELE 28

28
Boporofeta bo nyatsang kgosi ya Tire
1Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re: 2“Wena ngwana motho, bolella kgosana ya Tire, o re: ‘Morena Modimo o re:
“ ‘Pelo ya hao e a ikgohomosa,
o bile o re: Nna ke modimo,
ke dutse teroneng ya Modimo,
e potapotilweng ke mawatle.
Empa o motho, ha o modimo,
le hoja o re o bohlale sa Modimo.
3Na o bohlale ho feta Daniele?
Ha ho sephiri
se patehileng ho wena?
4Ka bohlale ba hao
le ka kutlwisiso ya hao,
o ile wa ipokellela matlotlo,
wa bokella kgauta le silefera,
wa di bokella matloleng a hao.
5Ka tsebo ya hao e kgolo ya kgwebo,
o ile wa atisa matlotlo a hao;
ka baka la maruo ao a hao,
boikakaso ba hao le bona ba tota.
6“ ‘Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena:
“ ‘Kahobane wena ha o inahana,
o re o bohlale jwaloka Modimo,
7ke tla tlisa baditjhaba ba o futuhele,
baditjhaba ba sehloho ho feta bohle;
ka sabole tsa bona
ba tla senya botle ba hao,
ba senye le tsohle tsa bohlale ba hao,
tlotla ya hao ba e silafatse.
8Ba tla o dihela ka mohohlong,
o shwe lefu le sehloho haholo,
lefu la ba shwelang bodibeng,
bodibeng ba lewatle.
9Na ha o shebana le babolai ba hao,
o tla nno ipolele, o re o modimo?
Ha o le matsohong a babolai ba hao
o tla nno be motho, e seng Modimo.
10O tla bolawa ke baditjhaba,
o shwe lefu la maqai,
hobane ke buile jwalo, ho rialo
Morena Modimo.’ ”
Ho hlolwa ha kgosi ya Tire
11Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re: 12“Wena ngwana motho, binela kgosi ya Tire kodi-ya-malla, o re ho yona: ‘Morena Modimo o bua tjena:
“ ‘Botho ba hao
bo ne bo phethehile,
bohlale ba hao bo se na tekanyo,
botle ba hao le bona bo ritelehile.
13O no phela Edene,
rapeng sa Modimo,
mekgabo ya hao
e le mahakwe a bohlokwa:
dirubi, didaemane le ditopase;
berile, kareneleane, le jasepere;
safire, emeraleda le karanete.
Mekgabiso ya hae e ne e le ya kgauta,
tsena tsohle o no di etsetswe,
wa di etsetswa mohla tlholeho ya hao.
14O no tlotswe,
wa ba kerubime e sireletsang,
nna ka seqo, ke o beile jwalo.
O no le thabeng ya Modimo,
thaba e halalelang,
o tsamaya hara majwe
a phatsimang sa malakabe.
15Ho tloha mohla letsatsi,
tsatsi la tlholeho ya hao,
ho fihlela bokgopo
bo fumanwa ho wena,
tsela tsa hao di ne di se na kodi.
16Ka baka la ho nama
ha kgwebo ya hao,
pelo ya hao e ila tlala sehloho,
yaba jwale wena o etsa sebe.
Kahoo ka o leleka
thabeng ya Modimo,
ka o leleka ke ho silafala ha hao,
ka o timetsa,
wena kerubime e sireletsang,
ka o tlosa hara majwe
a phatsimang sa malakabe.
17Ka baka la botle ba hao
o ila ikakasa,
tlotla ya hao
ya silafatsa bohlale ba hao;
kahoo yaba nna ke o lahlela fatshe,
ke o etsa sekao hore dikgosi di bone!
18O silafaditse dihalalelo tsa hao,
wa di silafatsa
ka bongata ba makgopo a hao,
wa di silafatsa
ka ho hweba ka bolotsana;
kahoo ke tla hotetsa mollo
kahare ho wena,
wona o o tjhese, o be o o timetse,
ke o fetole molora hodima lefatshe,
moo batho bohle
ba ntseng ba o bona.
19Tjhaba tsohle tse o tsebang
di tla o makalla;
pheletso ya hao e tla ba e sehloho,
o ke ke wa hlola o eba teng,
o eba teng kamehla yohle.’ ”
Boporofeta bo nyatsang Sidone
20Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re: 21“Wena ngwana motho, tadima Sidone, o e porofetele. 22Ere ho yona: ‘Morena Modimo o bua tjena:
“ ‘Wena Sidone,
tseba hoba ke a o lwantsha,
tlotla ya ka
ke tla e bonahatsa ka wena;
bohle ba tla tseba
hore ke nna Morena,
ha ke ahlola baahi bohle ba hao,
ke etsa sesupo sa hore ke a halalela.
23Sidone ke tla e dihela lefu,
ke e dihele lefu la sewa,
madi a phalle diterateng tsa yona.
Babolauwa e tla ba mofela,
e be mofela diterateng,
kahohle sabole e tla ba bolaya;
kahoo ba tla tseba
hore ke nna Morena.
Baiseraele ba tla hlohonolofatswa
24“ ‘Ditjhaba tsohle tse ahelaneng le Baiseraele, tse neng di ba nyedisa, ha di sa tla hlola di iketsa meutlwa kapa metsu ya leoka e ba hlabang habohloko. Kahoo di tla tseba hore ke nna Morena Modimo.
25“ ‘Morena Modimo o bua tjena: Ha ke se ke phuthile Baiseraele, ke ba ntshitse hara ditjhaba tseo ba qhalakaneng hara tsona, ditjhaba tseo di tla bona hore ke a halalela, mme Baiseraele ba tla aha naheng ya bona, eo ke neng ke e nee mohlanka wa ka Jakobo. 26Ba tla phela teng ka kgotso, ba hahe matlo, ba leme masimo a morara. E, ba tla phela teng ka kgotso ha ke se ke ahlotse bohle ba ahelaneng le bona, ba neng ba ba nyedisa. Kahoo ditjhaba tseo di tla tseba hore ke nna Morena Modimo wa tsona.’ ”

Currently Selected:

ESEKIELE 28: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy