YouVersion Logo
Search Icon

ESEKIELE 11

11
Kahlolo ya baetapele ba Iseraele
1Yaba Moya wa mphahamisa, o mphihlisa monyakong o ka botjhabela wa Tempele ya Morena, o tadimileng botjhabela. Hona moo monyako ho ne ho eme banna ba mashome a mabedi a metso e mehlano; hara bona ka bona Jaasaneya, mora wa Asure, le Pelatiya, mora wa Benaya, e leng baetapele ba setjhaba.
2Morena a re ho nna: “Wena ngwana motho, banna bana ke bona ba ntseng ba rera bokgopo, ba fana ka dikeletso tse mpe hara motse mona. 3Ba re: ‘Nako ya ho haha matlo e sa le hole! Motse ona ke pitsa, mme rona re nama.’ 4Ka baka leo, porofeta, o ba hanyetse; porofeta wena ngwana motho.”
5Yaba Moya wa Morena o fihla ho nna, o mpolella hore ke re: “Morena o bua tjena: Sena ke sona seo le se buileng, lona ba ntlo ya Iseraele, hobane ke tseba mehopolo yohle ya dipelo tsa lona. 6Le bolaile batho ba bangata motseng ona, mme le tlatsitse diterata tsa wona ka babolauwa.
7“Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena: Ditopo tseo le di lahletseng hara motse ke yona nama, mme motse ona wona ke pitsa, empa lona ke tla le ntsha kahara wona. 8Le tshaba ho bolawa ka sabole, empa le tla bolawa ka sabole, ho rialo Morena Modimo. 9Ke tla le ntsha kahara motse ona, ke neelane ka lona matsohong a baditjhaba, mme ke le ahlole! 10Le tla bolawa ka sabole, ke le ahlolele meeding ya naha ya Iseraele, mme le tla tseba hore ke nna Morena. 11Motse ona e ke ke ya eba pitsa ho lona, kapa lona la ba nama e ka pitseng eo; ke tla le ahlolela meeding ya naha ya Iseraele. 12Le tla tseba hore ke nna Morena, hobane ha le a ka la latela ditaelo tsa ka, kapa la boloka melao ya ka, empa le latetse melao ya ditjhaba tse le potapotileng.”
13Yare ha ke ntse ke porofeta Pelatiya, mora wa Benaya, a shwa. Yaba ke itihela fatshe ka sefahleho, ke howeletsa haholo, ke re: “Oho, Morena Modimo! Na o tla timetsa le masalla wohle a Iseraele?”
Tshepiso ya Modimo ho bathopuwa
14Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re: 15“Wena ngwana motho, bana beno, e, bana beno bao o tswalanang le bona, e leng bohle ba ntlo ya Iseraele, ke bona bao baahi ba Jerusalema ba itseng ho bona: ‘Eyang hole le Morena! Naha ena re e filwe hore e be lefa la rona!’
16“Ka baka leo he, o re ho bona: ‘Morena Modimo o bua tjena: Le hoja ke le leleketse hole, hara baditjhaba, mme ke le hasantse hara dinaha, ka nakwana ke tla ba sehalalelo ho lona dinaheng tseo le ileng ho tsona.’
17“Ka baka leo he, o re ho bona: ‘Morena Modimo o bua tjena: Ke tla le phutha hara baditjhaba, ke le phuthe dinaheng tseo le neng le qhalanyeditswe ho tsona, ke le buseletse naha ya Iseraele.’
18“Ba tla kgutlela naheng ena, mme ba hleke medingwana ena e nyonyehang, le manyala wohle a teng. 19Ke tla ba nea pelo e le nngwe, ke ba nee le moya o motjha, ke fedise dipelo tsa bona tse thata, ke ba nee dipelo tse ikokobeditseng. 20Ba tla latela ditaelo tsa ka, ba boloke melao ya ka, ba e phethahatse. E tla ba setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa bona. 21Empa ha e le bana bao dipelo tsa bona di ineetseng medingwana ya bona e nyonyehang, e manyala, ke tla ba otlela mesebetsi ya bona, ho rialo Morena Modimo.”
Tlotla ya Modimo e tloha Jerusalema
22Jwale dikerubime tsa thathalatsa mapheo a tsona, tsa phahamisa le mabidi a mahlakoreng a tsona, mme tlotla ya Modimo wa Iseraele ya eba kahodimo ho tsona. 23Tlotla ya Morena ya tloha hara motse, ya fihla ya dula hodima thaba e ka botjhabela ho motse. 24Ka pona e entsweng ke Moya wa Modimo, Moya wa mphahamisa, wa nkisa ho bathopuwa ba naheng ya Bakalatiya.
Yaba pono eo ke e boneng e tloha ho nna, 25mme ka bolella bathopuwa tsohle tseo Morena a mpontshitseng tsona.

Currently Selected:

ESEKIELE 11: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy