YouVersion Logo
Search Icon

PHALLO 9

9
Sewa sa bohlano: Lefu la diphoofolo
1Jwale Morena a re ho Moshe: “Eya ho Faro, o bue le yena, o re: Morena Modimo wa Baheberu, o bua tjena, o re: ‘Lokolla setjhaba sa ka, se yo ntshebeletsa. 2Haeba o ntse o hana ho se lokolla, o ntse o se thibela, 3bona, Morena o tla bolaya diphoofolo tsa hao tse naheng: dipere, le ditonki, le dikamele, le mehlape ya dikgomo, le ya dinku, ka lefu la sewa le leholo haholo. 4Morena o tla kgetholla diphoofolo tsa Baiseraele ho diphoofolo tsa Baegepeta, mme ha ho letho le tla shwa ho tsohle tseo e leng tsa bana ba Iseraele.’ ”
5Morena o se a beile nako, a re: “Morena o tla etsa ntho ena hosasane naheng ena.” 6Morena a fela a etsa ntho ena ka la hosasane; diphoofolo tsohle tsa Baegepeta tsa eshwa, empa ha se ke ha eshwa phoofolo leha e le nngwe diphoofolong tsa bana ba Iseraele. 7Ke ha Faro a romela batho ho ya bona hore na ke nnete, mme ba fumana ho sa shwa phoofolo leha e le nngwe diphoofolong tsa bana ba Iseraele. Empa pelo ya Faro ya nna ya thatafala, a se ke a lokolla setjhaba hore se tsamaye.
Sewa sa botshelela: Mathopa
8Jwale Morena a re ho Moshe le ho Arone: “Ngwathang molora ka seboping, le tlatse matsoho a lona, mme Moshe a o hasetse hodimo, Faro a ntse a tadimile. 9Molora oo o tla fetoha lerole hodima naha yohle ya Egepeta, mme ha o wela hodima batho le hodima diphoofolo, naheng yohle ya Egepeta, o tla hlahisa lethopa le tla fetoha diso tse phephethang boladu.”
10Yaba ba ngwatha molora ka seboping, ba ema kapele ho Faro. Moshe a o hasetsa hodimo, mme wa hlahisa mathopa a ileng a fetoha diso tse phephethang boladu bathong le diphoofolong. 11Dingaka tsa hlolwa ho ema kapele ho Moshe, ka baka la diso, hobane diso di ne di tswile dingaka le Baegepeta bohle. 12Empa Morena a nna a thatafatsa pelo ya Faro, mme a se ke a ba mamela, jwalokaha Morena a ne a boleletse Moshe.
Sewa sa bosupa: Sefako
13Jwale Morena a re ho Moshe: “O tle o tsohe ka madungwadungwana, o yo ema kapele ho Faro, o re ho yena: Morena Modimo wa Baheberu, o bua tjena, o re: ‘Lokolla setjhaba sa ka, se yo ntshebeletsa. 14Ka nako ena ke tla romela diwa tsa ka tsohle ho wena, le ho bahlanka ba hao, le ho setjhaba sa hao; e le hore o tle o tsebe hore ha ho ya kang nna lefatsheng lohle. 15Haeba ke ne ke ile ka phahamisa letsoho la ka, ka o otla hammoho le setjhaba sa hao ka lefu la sewa, o ka be o timetse lefatsheng, 16empa lebaka leo ke o babaletseng ka lona ke la hore, o tle o bone matla a ka, le hore lebitso la ka le tle le tume lefatsheng lohle. 17Feela o sa ntsane o ikgantshetsa setjhaba sa ka, o hana ho se lokolla. 18Bona, hosasane, ka yona nako ena, ke tla nesa sefako se dinaka, seo ho esong ho be se kang sona mona Egepeta, ho tloha mohla e simolohang, ho fihlela kajeno. 19Jwale roma batho ba yo phutha diphoofolo tsa hao, le tsohle tsa hao tse naheng, ba di kwalle, hobane batho bohle le diphoofolo tsohle tse fumanwang di le naheng, di sa phuthwa tsa kenngwa ka ditaleng, di tla tshwarwa ke sefako, mme di tla shwa.’ ”
20Jwale ya tshabang lentswe la Morena, hara bahlanka ba Faro, a balehisetsa makgoba a hae ka matlung, le diphoofolo tsa hae ka ditaleng. 21Empa ya sa natseng lentswe la Morena a tlohela makgoba a hae le diphoofolo tsa hae naheng.
22Morena a re ho Moshe: “Phahamisetsa letsoho la hao mahodimong, hore ho tle ho ne sefako naheng yohle ya Egepeta; se nele batho, se nele diphoofolo, se nele dimela tsohle tse naheng, mona naheng ya Egepeta.” 23Moshe a phahamisetsa molamu wa hae mahodimong, Morena a dumisa letolo, a nesa sefako; mmane wa hlaba fatshe, Morena a nesetsa sefako hodima naha ya Egepeta. 24Sefako sa na, mmane wa nna wa tsekema hara sefako se dinaka, seo ho esong ho be se kang sona naheng yohle ya Egepeta, haesale naha eo e eba le baahi. 25Hohle naheng ya Egepeta, sefako sa ruthutha tsohle tse neng di le naheng, ho qala ka batho ho isa ho diphoofolo; sefako sa ruthutha dimela tsohle tsa naha, le difate tsohle tsa naha, sa di roba dikotwana. 26Ke seterekeng sa Goshene feela, moo ho neng ho phela bana ba Iseraele, moo sefako se sa kang sa na teng.
27Yaba Faro o romela batho ho bitsa Moshe le Arone, mme a re ho bona: “Ha e le kajeno ke sitilwe. Morena o lokile; nna le setjhaba sa ka ke rona ba kgopo. 28Nthapelleng ho Morena. Letolo lena la Modimo le sefako, di feta tekanyo; ke tla le lokolla, mme le ke ke la hlola le dula mona.”
29Moshe a re ho Faro: “Hanghang ha ke etswa motseng mona, ke tla phahamisetsa matsoho a ka ho Morena; letolo le tla kgaotsa, le sefako se ke ke sa hlola se eba teng, hore o tle o tsebe hore lefatshe ke la Morena. 30Empa ke a tseba hore wena le bahlanka ba hao le ntse le eso tshabe Morena Modimo.”
31Motsitla le harese tsa ruthuthwa, hobane harese e ne e se e tswetse, mme motsitla o se o thuntse, 32empa koro le mabele tsona ha di a ka tsa ruthuthwa, hobane di jetswe morao.
33Yaba Moshe o tloha ho Faro, o tswa motseng, o phahamisetsa matsoho a hae ho Morena, mme letolo le sefako tsa kgaotsa, le pula ya se ke ya hlola e potlelana. 34Yare ha Faro a bona hore pula, le sefako, le letolo di kgaoditse, a boela a tswela pele ho etsa sebe. Yena le bahlanka ba hae ba nna ba thatafatsa dipelo tsa bona. 35Pelo ya Faro ya nna ya thatafala, mme a se ke a lokolla bana ba Iseraele, jwalokaha Morena a ne a boletse ka molomo wa Moshe.

Currently Selected:

PHALLO 9: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy