YouVersion Logo
Search Icon

PHALLO 31

31
Ho bitswa ha Besalele le Oholeabe
(Phal. 35:30 — 36:1)
1Morena a bua ho Moshe, a re: 2“Bona, ke bitsitse Besalele, mora wa Uri, mora wa Hure, wa leloko la Juda. 3Ke mo file Moya wa Modimo, le bohlale, le kelello, le tsebo ya mesebetsi yohle: 4ho rala ditshwantsho tsa mesebetsi e etswang, le ho sebetsa ka kgauta, le ka silefera, le ka lethose; 5le ho betla majwe a tla kenngwa mekgabisong, le ho betla dithupa, le ho etsa mesebetsi yohle. 6Ke mo neile le Oholeabe, mora wa Ahisamake, wa leloko la Dane. Bohle ba bohlale ke ba file tsebo, mme ba tla etsa tsohle tseo ke ba laetseng tsona. 7Ba tla etsa Tente ya Morena, le areka ya selekane, le sekwahelo sa tefelo ya sebe se hodima yona, le tsohle tse sebediswang ka Tenteng ya Morena; 8le tafole, le tsohle tsa yona; le sedulwana sa lebone sa kgauta e hlwekileng, le tsohle tsa sona; le aletare ya mokubetso, 9le aletare ya setjheso, le tsohle tsa yona; le sekotlolo sa ho itlhatswetsa, le sedulwana sa sona; 10le diaparo tse lohilweng, le diaparo tse halalelang tsa Arone, moprista, le diaparo tsa bara ba hae tsa ha ba sebeletsa e le baprista; 11le ole e tlotsang, le mokubetso o monko o monate wa Sehalalelo. Ba tla etsa tsohle ho ya kamoo ke o laetseng kateng.”
Sabatha ke sesupo
12Morena a boela a re ho Moshe: 13“Wena o bue le bana ba Iseraele, o re: ‘Ruri le tla boloka Disabatha tsa ka, hobane ke sesupo pakeng tsa ka le lona, le meloko yohle ya lona, hore le tsebe hore ke nna Morena, mohalaletsi wa lona.
14“ ‘Jwale le tla hlompha letsatsi la Sabatha, hobane le a halalela ho lona; ba le hlomphollang, ruri ba tla bolawa. Bohle ba etsang mesebetsi ka letsatsi leo, ba tla kgaolwa setjhabeng sa habo bona. 15Ho ka sebetswa ka matsatsi a tsheletseng, empa letsatsi la bosupa ke la Sabatha, la ho phomola, mme le a halalela ho Morena. Bohle ba ka etsang mesebetsi ka letsatsi la Sabatha, ruri ba tla bolawa. 16Bana ba Iseraele, ba meloko yohle ba tla boloka letsatsi la Sabatha, ba hlokomele letsatsi la Sabatha, e le selekane sa mehla yohle. 17Ke sesupo sa mehla yohle pakeng tsa ka le bana ba Iseraele, hobane Morena o ile a etsa lehodimo le lefatshe ka matsatsi a tsheletseng, mme ka letsatsi la bosupa a phomola, a ka a re kgefu!’ ”
18Modimo ha a qeta ho bua ho Moshe a le thabeng ya Sinai, a mo nea matlapa a mabedi a ngotsweng Molao, matlapa a ngotsweng ka monwana wa Modimo.

Currently Selected:

PHALLO 31: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy