YouVersion Logo
Search Icon

PHALLO 23

23
Ho loka le ho hloka leeme
1“O se ke wa bolela taba tsa leshano. O se ke wa thusa motho ya kgopo, ka ho fana ka bopaki ba leshano.
2“O se ke wa kgema le bongata ho etsa bokgopo; leha e le ho bea bopaki bo ka dumellanang le bongata nyeweng, e le ho sotha toka. 3O se ke wa ba leeme nyeweng ya mofutsana.
4“Ha o bona kgomo ya sera sa hao, kapa tonki ya sona, e eya hosele, e thibe, o e busetse ho sona. 5Ha o bona tonki ya ya o hloileng e bothisitswe ke ho imelwa ke thoto, o se ke wa e feta, o mpe o thuse monga yona ho e tsosa.
6“O se ke wa sotha kahlolo nyeweng ya mofutsana wa heno. 7O be hole le qoso ya leshano. O se ke wa bolaya ya se nang molato le ya lokileng, hobane ha nka ke ka lokolla molotsana.
8“O se ke wa amohela tjotjo, hobane tjotjo e a foufatsa, mme e sotha dipolelo tsa ya lokileng.
9“O se ke wa hatella mojaki; o tseba maikutlo a mojaki, hobane le lona le bile bajaki naheng ya Egepeta.”
Selemo sa phomolo le letsatsi la phomolo
10“Ka dilemo tse tsheletseng o tla lema tshimo ya hao, mme o kotule tseo e di behileng. 11Ka selemo sa bosupa o tla e tlohela e lale, bafumanehi ba setjhaba sa heno ba tle ba je; tseo ba di siileng di tle di jewe ke diphoofolo tsa naha. O tla etsa jwalo ka serapa sa hao sa morara, le ka serapa sa hao sa mehlwaare.
12“O tla etsa mosebetsi wa hao ka matsatsi a tsheletseng, o phomole ka letsatsi la bosupa; e le hore pholo ya hao, le tonki ya hao, di tle di phomole; le mora wa lekgabunyane la hao, le mojaki ba ke ba re kgefu!
13“Hlokomela tsohle tseo ke o boleletseng tsona. O se ke wa bua ka mabitso a medimo esele, leha e le ho a bolela.”
Mekete e meraro e kgethehileng
(Phal. 34:18-26; Mee. 23:1-44; Dipo. 16:1-17)
14“Ka selemo o tla nketsetsa mokete hararo.
15“O tla etsa mokete wa bohobe bo sa lomoswang; ka matsatsi a supileng o je bohobe bo sa lomoswang, jwalokaha ke o laetse, ka nako e beilweng, ka kgwedi ya Mmesa, hobane ke ka yona o tswileng naheng ya Egepeta.
“Ho se be ya tla hlaha kapele ho nna a itsolokile.
16“O tla etsa mokete wa kotulo, wa dilopotsiya tsa mosebetsi wa hao, wa tseo o di jetseng masimong.
“O tla etsa le mokete wa kotulo yohle qetellong ya selemo, ha o fiella tsa tshebetso ya hao masimong.
17“Hararo ka selemo banna bohle ba heno ba tla hlaha kapele ho Morena Modimo.
18“Madi a sehlabelo sa ka a se ke a nyehelwa mmoho le bohobe bo lomositsweng, leha e le ho boloka mafura a tsa mokete wa ka ho fihlela ka letsatsi le hlahlamang.
19“Dilopotsiya tse ntlentle tsa masimo a hao o tla di tlisa tlung ya Morena Modimo wa hao.
“O se ke wa pheha potsanyane ka lebese la mma yona.”
Ditshepiso le ditaelo
20“Bonang, ke tla romela lengeloi ho o etella pele, ho o lebela tseleng, le ho o fihlisa sebakeng seo ke se lokisitseng. 21O le ele hloko, mme o mamele lentswe la lona. O se ke wa le fetohela, hobane le ke ke la o tshwarela melato ya hao, kaha ke moromuwa wa ka ya lebitsong la ka. 22Empa ha o fela o mamedisa lentswe la lona, mme o etsa sohle seo ke se bolelang, ke tla ba sera sa dira tsa hao, le molwanedi ho ba o lwantshang.
23“Lengeloi la ka le tla o etella pele, le o fihlise naheng ya Baamore, le ya Bahete, le ya Baperise, le ya Bakanana, le ya Bahife, le ya Bajebuse, mme ke ba timetse. 24O se ke wa kgumamela medimo ya bona, mme o se ke wa e sebeletsa, leha e le ho etsa mesebetsi ya bona, empa ruri o tla e tsekolla ho hang, o thuakanye difika tsa bona tseo ba di kgumamelang. 25Wena o tla sebeletsa Morena Modimo wa hao; yena o tla hlohonolofatsa bohobe ba hao le metsi ao o a nwang, mme nna ke tla fedisa malwetse hara lona. 26Naheng ya heno ha ho mosadi ya tla senyehelwa, kapa eo e tla ba nyopa; ke tla etsa hore o phele halalele.
27“Ke tla etsa hore batho ba o lwantshang ba ntshabe, ke ferekanye bohle bao o tla fihla hara bona, ke etse hore dira tsa hao tsohle di o balehe. 28Ke tla romela bobi ho o etella pele, mme bo tla leleka Bahife, le Bakanana, le Bahete kapele ho wena.
29“Nke ke ka ba leleka kapele ho wena ka selemo se le seng, esere lefatshe la fetoha nanaola, mme dibatana tsa naha tsa ngatafala, tsa o lwantsha. 30Ke tla ba lelekisa kapele ho wena butlebutle, ho fihlela o eba le bana ba bangata, naha e eba ya hao.
31“Ke tla seha meedi ya hao ho tloha Lewatleng la Lehlaka, ho isa Lewatleng la Bafilesita, le ho tloha lehwatateng ho ya fihla Nokeng. Ke tla etsa hore o hlole baahi ba naha eo, mme o tla ba leleka kapele ho wena.
32“O se ke wa etsa selekane le bona, kapa le medimo ya bona. 33Ha ba ka ke ba aha naheng ya hao, esere ba etsa hore o ntshitelwe, hobane ha o ka sebeletsa medimo ya bona, hoo e tla ba leraba ho wena.”

Currently Selected:

PHALLO 23: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy