YouVersion Logo
Search Icon

PHALLO 22

22
Melao ya puseletso
1“Ha motho a utswa kgomo kapa nku, mme a e hlaba, kapa a e rekisa, o tla lefa kgomo eo ka dikgomo tse hlano, mme a lefe nku eo ka dinku tse nne.
2“Haeba leshodu le fumanwa le thua, mme le otlwa, le bolawa, ya le bolaileng a ke ke a ba le molato wa ho tsholla madi. 3Haeba a ka le bolaya motsheare, o tla fumanwa a le molato wa ho tsholla madi.
“Leshodu le tla lefiswa. Haeba leshodu le se na letho, le tla rekiswa ho lefella boshodu ba lona.
4“Ha phoofolo e utswitsweng e fumanwa matsohong a leshodu e ntse e phela, e ka ba kgomo, kapa tonki, kapa nku, le tla e lefa habedi.
5“Ha motho a fudisa diphoofolo tshimong, kapa serapeng sa morara, mme a tlohella dikgomo tsa hae ho fula tshimong ya e mong, o tla lefa ka tse ntle tse tswang tshimong ya hae, le ka tse ntle tse tswang serapeng sa hae sa morara.
6“Ha hlaha e etjha, mme e fihla meutlweng kapa qubung ya mangata, kapa korong e eso helwe, ruri ya tjhesitseng hlaha o tla lefa tshenyo eo.
7“Ha motho a nea e mong tjhelete, kapa diphahlo hore a di boloke, mme tsena di utsuwa ka tlung ya motho eo; haeba leshodu le fumanwa, le tla lefiswa habedi. 8Haeba leshodu le sa fumanwe, monga ntlo o tla iswa moo ho rapelwang Modimo teng, ho hlapanya hore ha a a ka a isa letsoho dinthong tsena tsa motho e mong. 9Tabeng e nngwe le e nngwe ya tlolo ya molao, e amanang le kgomo, kapa tonki, kapa nku, kapa diaparo, kapa eng le eng e lahlehileng eo ho thweng: ‘Ke yona ena,’ taba ya bao ba babedi e tla tliswa moo ho rapelwang Modimo teng. Eo Modimo a mo fumanang a le molato, o tla lefela monga ntho habedi.
10“Ha motho a siela motho e mong tonki, kapa pholo, kapa nku, kapa phoofolo efe kapa efe, mme eba e a shwa, kapa e a robeha, kapa e utsuwa ho se ya bonang; 11batho bao ba babedi ba tla hlapantshwa pela Modimo, ho fumana hore na ha a a ka a isa letsoho dinthong tsa e mong. Monga ntho o tla amohela tlhapantsho eo, mme a ke ke a buseletswa letho. 12Haeba phoofolo ena e hlile e utswitswe ho yena, o tla buseletsa monga yona. 13Haeba ruri e harotswe, o tla e hlahisa e le bopaki, mme a ke ke a lefiswa se harotsweng.
14“Ha motho a adimile phoofolo ho e mong, eba phoofolo eo e hlaha kotsi, kapa e a shwa, monga yona a le sieo, ruri motho eo o tla e lefa. 15Ha hona ho etsahala monga yona a le teng, eo a ke ke a e lefa. Empa haeba e ne e hirilwe, e tla lefellwa ka tjhelete ya kgiro ya yona.”
Melao e meng ya boitshwaro le ya bodumedi
16“Ha monna a robala le morwetsana ya sa qelwang, mme a mo senya, o tla mo ntshetsa bohadi hore e be mosadi wa hae. 17Empa haeba ntata morwetsana a hana ho mo nea yena, o tla mo lefa ka tjhelete e lekanang bohadi ba barwetsana.
18“Mosadi ya loyang o tla bolawa.
19“Ya robalang phoofolo ruri a bolawe.
20“Ya etsetsang medimo esele mahlabelo, o lokela ho timetswa.
21“O se ke wa sotla kapa wa hatella mojaki, hobane le lona le ne le le bajaki naheng ya Egepeta.
22“Le se ke la hlekefetsa mohlolohadi, kapa kgutsana. 23Ha le fela le mo hlekefetsa, ruri ke tla utlwa sello sa hae, ha a ipiletsa ho nna. 24Kgalefo ya ka e tla tuka, mme ke tla le bolaya ka sabole; basadi ba lona ba tla fetoha bahlolohadi, mme bana ba lona ba fetohe dikgutsana.
25“Ha o adima mofutsana e mong wa setjhaba sa ka tjhelete, o se be jwaloka baadimani ba tjhelete, wa batla tswala ya yona. 26Ha o nka seaparo sa e mong e se bea paneng, o tle o se busetse ho yena letsatsi le eso dikele, 27hobane ke sona seaparo sa hae feela, ke sona se mo futhumatsang. A ka robala kang? Ha a ka ipiletsa ho nna ke tla mo utlwa, hobane ke mohau.
28“O se ke wa nyefola Modimo, mme o se ke wa rohaka mmusi wa setjhaba sa heno.
29“O se ke wa dieha ho nntshetsa karolo ya tseo di kotutseng, le tseo o di ritetseng ka morara.
“O tle o nkgethele bana ba hao ba matsibolo. 30O tla etsa jwalo le ka dikgomo tsa hao, le ka dinku tsa hao; matsibolo a tla nyanya ka matsatsi a supileng, mme ka letsatsi la borobedi o tla nkgethela wona.
31“Le tla ba batho ba halalelang ho nna. Le se ke la ja nama ya phoofolo eo le fumanang e harotswe naheng, le mpe le e akgelle dintja.”

Currently Selected:

PHALLO 22: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy