YouVersion Logo
Search Icon

ESETERE 4

4
Moredekai o kopa thuso ya Esetere
1Ha Moredekai a tsebile tsohle tse entsweng, a hahola diaparo tsa hae, a apara tse mahwashe, a itshela ka molora, a tsamaya hara motse, a ntse a bokolla haholo ka sello se bohloko. 2A fihla a ema kapele ho monyako wa kgosi, hobane ho ne ho se ya ka kenang ka monyako wa kgosi a apere tse mahwashe. 3Naheng e nngwe le e nngwe, eo taelo ena ya kgosi e ileng ya fihla ho yona, ya eba seboko se seholo hara Bajuda. Ba itima dijo, ba lla, ba bokolla; ba bangata ba ala tse mahwashe, ba ipitika moloreng.
4Makgabunyane a Esetere le mahaole a hae, a fihla a mmolella. Mofumahadi Esetere a utlwa bohloko haholo, mme a romela diaparo ho Moredekai, hore a apare, a hlobole tse mahwashe, empa Moredekai a se ke a di amohela. 5Jwale Esetere a bitsa Hatake, e mong wa mahaole a kgosi ya neng a mo sebeletsa, a mo laela hore a yo bona hore na molato ke ofe ho Moredekai, le hore na ke hobaneng.
6Yaba Hatake o ya ho Moredekai, lebaleng le neng le le kapele ho monyako wa kgosi. 7Moredekai a mmolella tsohle tse mo hlahetseng, le tsa tjhelete eo Hamane a tshepisitseng hore o tla e kenya letloleng la kgosi, hore ho tle ho timetswe Bajuda. 8A mo nea le lengolo la taelo e phatlaladitsweng Shushane, ya hore ho timetswe Bajuda. A re a yo le nea Esetere, a mo hlalosetse lona, a be a mo laele hore a ye kapele ho kgosi, ho ya mo etsetsa thapedi, le ho batlela setjhaba sa habo thuso ho kgosi.
9Hatake a fihla, a bolella Esetere ditaba tsa Moredekai. 10Esetere a boela a bua le Hatake, a mo nea taelo e yang ho Moredekai, a re: 11“Bahlanka bohle ba kgosi, le setjhaba sohle se dinaheng tsa kgosi, ba a tseba hore mang kapa mang, e ka ba monna kapa mosadi, ya kenang ka seotlwaneng se kahare sa kgosi, a sa bitswa, molao o mong feela: Ke hore a bolawe, haese feela eo kgosi e ka mo supang ka lere la yona la kgauta, hore a se ke a bolawa. Empa e se e le matsatsi a mashome a mararo ke eso ka ke bitswa hore ke ye ho kgosi.”
12Ba bolella Moredekai dipolelo tsa Esetere. 13Yaba Moredekai o re ba bolelle Esetere, ba re: “U se ke wa hopola hore kaha o le ka tlung ya kgosi o tla phonyoha ha Bajuda ba bolawa. 14Haeba ka nako ena o ka kgutsa tu! ho namolelwa ha Bajuda le ho pholoswa ha bona, ho tla hlaha sebakeng se seng, empa haele wena le lelapa la ntatao le tla timetswa. Ke mang ya ka tsebang haeba o beilwe ditulong tseo, o beelwa nako e kang ee?”
15Esetere a re ba arabe Moredekai, ba re: 16“Tsamaya, o yo phutha Bajuda bohle ba teng mona Shushane. Ka matsatsi a mararo, bosiu le motsheare, le itime dijo ka baka la ka, le se ke la ba la ja letho, kapa la nwa letho. Le rona le makgabunyane a ka re tla itima dijo ka mokgwa o jwalo. Jwale ke hona ke tla ya ho kgosi, le hoja e tla be e se ka molao. Haeba ke eshwa, ke tla shwa.”
17Moredekai a tsamaya, mme a phetha tsohle tseo Esetere a mo laetseng tsona.

Currently Selected:

ESETERE 4: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy