YouVersion Logo
Search Icon

BAEFESE 5

5
1Etsisang Modimo, kaha le le bana ba hae ba ratehang. 2Phelang ka lerato, jwalokaha le Kreste a le ratile, mme a tela bophelo ba hae ka baka la lona, hore e be nyehelo le sehlabelo se monko o monate ho Modimo.
3Empa ha e le bohlola, le tsohle tse ditshila, le meharo, di se ke tsa bolelwa le ho bolelwa hara lona, jwalokaha ho loketse bahalaledi. 4Ho se be dipolelo tse manyala, tsa bothoto, kapa tsa meswaso e mebe, e leng tse ronehang; ho mpe ho iswe diteboho ho Modimo. 5Tsebang hore bohle bao e leng dihlola, kapa ba ditshila, kapa ba meharo, hobane meharo ke ho sebeletsa modimo wa bohata, ha ba na ho ja lefa Mmusong wa Kreste le wa Modimo.
Phelang jwaloka bana ba lesedi
6Ho se be motho ya le thetsang ka dipolelo tsa lefeela, hobane ka baka la tse jwalo kgalefo ya Modimo e tlela ba sa mo mameleng. 7Le se sebedisane le batho ba jwalo.
8Pele le ne le le lefifing, empa kajeno le leseding, hobane le ba Morena. Phelang jwaloka bana ba lesedi. 9Ditholwana tsa lesedi ke tsohle tse molemo, tse lokileng le tsa nnete. 10Kgethang tse kgahlisang Morena. 11Le se ke la ikamahanya le mesebetsi e nyopang ya lefifi, le mpe le e nyatse. 12Tseo ba di etsang sephiring, le ho di bolela ho dihlong, 13empa tsohle di totobatswa ke lesedi. 14Tsohle tse bonahatswang ke lesedi di fetoha lesedi. Ke ka baka leo ho thweng:
“Tsoha, wena morabadi,
tsoha bafung,
mme Kreste o tla o bonesetsa.”
15Hlokomelang metsamao ya lona haholo; le se be dithoto, le mpe le be ba bohlale, 16le sebedise monyetla oo le o fumanang, hobane mehla ena e mebe. 17Ka baka leo, se fetoheng mawatla, le mpe le utlwisise seo e leng thato ya Morena. 18Se tahweng ke jwala bo le isang boitahlong, le mpe le tlale Moya o Halalelang. 19Kgothatsanang ka dipesalema, difela le dipina tse halalelang; rokang Morena, mme le mminele dipesalema ka dipelong tsa lona. 20Kamehla lebohang Modimo Ntate ka baka la tsohle, ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste.
21E mong a ikokobeletse e mong ka ho hlompha Kreste.
Banna le basadi ba bona
22Lona basadi, ikokobeletseng banna ba lona, jwalokaha le ikokobeletsa Morena, 23hobane monna ke hlooho ya mosadi, jwalokaha le Kreste e le hlooho ya Kereke. Ke yena mopholosi wa mmele, e leng kereke. 24Jwalokaha kereke e ikokobeletsa Kreste, ka mokgwa o jwalo basadi le bona ba ikokobeletse banna ba bona nthong tsohle.
25Le lona banna, ratang basadi ba lona, jwalokaha le Kreste a ratile kereke, mme a e teletse bophelo ba hae. 26O ratile ho e halaletsa, ka ho e hlwekisa ka tlhatsuo ya metsi, le ka lentswe, 27hore a tle a itlhophele kereke e kgabane, e se nang letheba, leha e le maswebe, leha e le tse ding tsa tse jwalo, e mpe e be e halalelang, e hlokang sekodi.
28Le banna ba tshwanetse ho rata basadi ba bona jwalo, jwaloka mmele ya bona hantle. Ya ratang mosadi wa hae o a ithata. 29Ha ho eso be motho ya kileng a hloya mmele wa hae, empa o ye a o fepe, a o baballe. Sena ke sona seo Kreste a se etsetsang kereke ya hae, 30e leng mmele wa hae oo re leng ditho tsa wona. 31Ka baka lena, monna o tla tlohela ntatae le mmae, a matahane le mosadi wa hae, mme ba babedi bao ba tla fetoha ntho e le nngwe. 32Polelo ena ke sephiri se seholo, mme nna ke re e lekanya Kreste le kereke. 33Ha ho le jwalo, e mong le e mong wa lona a rate mosadi wa hae jwalokaha a ithata; mosadi le yena a homphe monna wa hae.

Currently Selected:

BAEFESE 5: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy