YouVersion Logo
Search Icon

BAEFESE 4

4
Bonngwe ba mmele
1Jwale nna, ke le motshwaruwa ka baka la Morena, ke le rapela hore le phele ka mokgwa o tshwanelang pitso eo le bitsitsweng ka yona: 2ka boikokobetso bohle, le bonolo, le boiphapanyo, le ka ho mamellana ka lerato. 3Le thahaselle ho boloka bonngwe ba Moya ka ho tlamahana ka kgotso. 4Mmele o mong le Moya o mong, jwalokaha ho ena le tshepo e le nngwe eo le e bitseditsweng. 5Morena o mong, tumelo e nngwe, kolobetso e nngwe. 6Modimo eo e leng Ntata rona bohle o mong, o okametse bohle, o sebetsa ka bohle, o kahara bohle.
7Empa e mong le e mong wa rona o neilwe mohau ho ya kamoo Kreste a mo lekanyeditseng mpho ya hae kateng. 8Ke ka baka leo ho thweng:
“O ile a nyolohela hodimo,
a thopile batshwaruwa;
a nea batho dineo.”
9Jwale ho re “o ile a nyolohela” ke ho reng, haese ho bolela hore o ile a qala ka ho theohela tlasetlase lefatsheng? 10Ya ileng a theohela tlase, ke yena ya nyolohetseng hodimodimo ho mahodimo wohle, hore tsohle di tlale boyena. 11Ke yena ya ileng “a nea” ba bang ho ba baapostola, ba bang baporofeta, ba bang baboledi ba molaetsa o molemo, ba bang badisa, ba bang baruti, 12hore ba lokisetse badumedi tshebeletso ya Modimo, mmele wa Kreste o tle o matlafale. 13Ka mokgwa ona bohle re tla fihlela bonngwe ba tumelo le ba ho tseba Mora wa Modimo; re tle re be batho ba phethehileng ha re lekanngwa le boleng bo tletseng ba Kreste.
14Ka hona ha re sa tla hlola re eba masea a tsokoletswang kwana le kwana, a fefolwang ke moya ofe le ofe wa dithuto tsa batho ba mano, ba kgelosang ka maqiti a bona. 15Empa ha re bolela nnete ka lerato, re tla hola ka mekgwa yohle, ho ba ba Kreste, eo e leng hlooho. 16Mmele wohle o kopanngwa ke yena, o tlamahanngwa manonyeletsong wohle ao o nang le wona. Ha setho ka seng se sebetsa kamoo se lokelang kateng, mmele o a hola, o imatlafatsa ka lerato.
Bophelo ba kgale le bo botjha
17Ka lebitso la Morena ke le bolella sena, mme ke a se tiisa, ke re: Le se hlole le phela jwaloka bahedene, ba tsamaiswang ke maikutlo a bona a lefeela. 18Dikelello tsa bona di fifetse, ba fapohile bophelo ba Modimo, ka baka la bothoto ba bona, le ka baka la bothata ba dipelo tsa bona. 19Kahobane ba shwele moya, ba ineeletse bokgopo, tsohle tse ditshila ba di tswetse pelo.
20Empa lona ha le a ka la ithuta Kreste ka tsela e jwalo, 21haeba ruri le utlwile tsa hae, mme le rutilwe nnete kamoo e leng kateng ho Jesu. 22Tlohelang metsamao ya lona ya pele, le fedise botho ba lona ba kgale, bo senyehileng ka baka la ditakatso tse thetsang. 23Le lokela ho ntjhafala dikelellong le moyeng, 24mme le apare botho bo botjha, bo bopilweng ka ho tshwana le Modimo ka ho loka le ka kgalalelo ya nnete.
Melao ya bophelo bo botjha
25Ka baka leo, tlohelang leshano, motho ka mong a bue nnete le wa bo, hobane re ditho tsa mmele o le mong. 26Ha le halefile le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la le dikella le ntse le halefile. 27Le se ke la fa Diabolosi monyetla. 28Ya utswang a se hlole a utswa, a mpe a tshware ka thata, a sebeletse tse molemo ka matsoho a hae, a tle a tsebe ho fa ya hlokang.
29Mahlapa a se ke a tswa melomong ya lona, ho mpe ho tswe dipolelo tse molemo, tse ka thusang ho matlafatsa ba di utlwang, le ho ba tlisetsa lehlohonolo. 30Le se ke la swabisa Moya o Halalelang wa Modimo, oo ka wona le tshwaetsweng letsatsi la topollo. 31Fedisang boswele bohle, le bohale, le kgalefo, le lerata, le bonyefodi, le bobe bohle. 32Rekolohelanang, le hauhelane, le tshwarelane, jwalokaha le Modimo a le tshwaretse ka Kreste.

Currently Selected:

BAEFESE 4: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy