YouVersion Logo
Search Icon

MORUTI 5

5
Se potlakele ho etsa ditshepiso
1Ha o eya ka tlung ya Modimo, hlokomela mehato ya hao. Atamela haufi, o mamele, ho ena le ho ya etsa nyehelo ya mahlabelo jwaloka dithoto tse sa tsebeng hore di etsa sebe.
2Se potlakele ho ahlamisa molomo,
pelo ya hao e se ke ya ba lehala
ho bua ho hong kapela Modimo.
Modimo o lehodimong,
wena o lefatsheng,
kahoo polelo tsa hao di se be kae.
3Jwalokaha toro
e tswalwa ke metouto,
polelo tsa sethoto
di tswalwa ke ho bua haholo.
4Ha o etsetsa Modimo kano, o se ke wa dieha ho e phethahatsa, hobane Modimo ha a kgahlwe ke dithoto. Phethahatsa seo o ikanetseng sona. 5Ho molemo ha o ke ke wa etsa kano, ho ena le hore o e etse, ebe ha o e phethahatse. 6Se dumelle leleme la hao ho o kgannela sebeng, ebe jwale o re ho moromuwa wa Modimo: “Ke entse phoso!” Eba o etsetsang hore Modimo a halefiswe ke dipolelo tsa hao, ebe o fedisa mosebetsi wa matsoho a hao? 7Ditoro tse ngata le dipolelo tse ngata ke mafeela, empa wena eka kgona o tshabe Modimo.
Maruo ha a na thuso
8Ha o bona mofutsana a hatellwa, a amohuwa toka le ditokelo tsa hae naheng ya heno, tseo di se ke tsa o makatsa, hobane mookamedi o na le ya mo okametseng, mme baokamedi le bona ba na le mookamedi e moholo. 9Se molemo ho setjhaba sohle ke kgosi e thahasellang temo.
10Ya ratang tjhelete
ha e ke be e mo lekane,
ya ratang leruo
kamehla o a le halala;
hona le hona e sa le lefeela.
11Ha leruo le ata,
bafepuwa ba a ata;
ebe le thusa monga lona ka eng,
haese ho nna a le boha kamehla?
12Mosebeletsi o robala boroko,
ebang o a lapa kapa o a kgora,
empa morui ya hafang ka nkatana
ha a bo hlothe ke maruo a hae!
13Ho na le bobe bo otlang pelo, boo ke bo boneng mona lefatsheng:
Motho o bokella leruo
le tlise bosoto,
14kapa ka bomadimabe
ebe le a senyeha,
mora hae
a qetelle a sa fumana lefa.
15Jwalokaha motho eo
a tswetswe a le feela,
o tla ya lebitleng
a ntsa le feela.
Hara tsohle
tseo a di sebeditseng,
a ke ke a nka le e nngwe
ka letsoho la hae.
16Hona le hona
ke bobe bo otlang pelo:
Motho o ikela a le feela
sa ha a tswalwa;
ebe o fumaneng
ka ho sebeletsa lelea?
17Tshiu tsa hae tsohle
o di qeta hara lefifi,
a swabile haholo,
a kula, a halefile!
18Yaba ke bona hore ho molemo, ho bile ho lokile hore ka matsatsi a seng makae a bophelo, ao Modimo a mo neileng wona, motho a je, a nwe, a ithabise ka tsohle tsa mosebetsi wa matsoho a hae mona lefatsheng, hobane hoo ke yona kabelo ya hae. 19Hape ke mpho ya Modimo ho motho ka mong eo Modimo a mo fileng leruo le matlotlo le matla hore a ithabise ka wona, mme o lokela ho amohela kabelo eo ya hae, a ithabise ka tsa mosebetsi wa matsoho a hae. 20Motho ha a ke a nahana bokgutshwanyane ba bophelo ba hae, hobane Modimo o mo phedisa ka nyakallo.

Currently Selected:

MORUTI 5: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in