YouVersion Logo
Search Icon

MORUTI 2

2
Menyaka le maruo ke lefeela
1Ka bua ka pelo, ka re: “Ke tla leka ho itukubetsa hara menyaka, ke ithabise.” Empa ka fumana hore le hona e ntse le lefeela. 2Yaba ke re: “Ditshebo ke bohlanya! Monyaka wona o thusang?” 3Pelong ya ka ka rera ho ithabisa ka veine, feela ke ntse ke sebetsa ka bohlale; ka rera le ho kgomarela bothoto, hore ke tle ke fumane se leng molemo, seo batho ba ka se etsang mona lefatsheng ka nako yohle ya bophelo ba bona.
4Ka iketsetsa mesebetsi e meholo, ka ikgahela matlo, ka itemela masimo a ka a morara. 5Ka iketsetsa dirapa tsa dipalesa le tsa difate, ka lema difate tse behang mefuta yohle ya ditholwana. 6Ka iketsetsa matshana ao ka metsi a wona ke nwesetsang difate tse lemilweng. 7Ka ithekela makgoba le makgabunyane, mme makgoba a mang a tswallwa lapeng ha ka. Ka rua haholo, ka ba le mehlape ya dikgomo le ya dikgutshwane ho feta bohle ba ileng ba eba teng Jerusalema pele ho nna. 8Ka ipokellela silefera le kgauta, le matlotlo a dikgosi le a dinaha tse pusong ya ka. Ka iphumanela dibini tsa banna le tsa basadi, le dintho tsohle tseo batho ba ka ithabisang ka tsona, le basadi ba bangata. 9Kahoo ka tuma haholo, ka feta bohle ba bileng teng Jerusalema pele ho nna, mme ka dula ke ntse ke le bohlale.
10Ha ke a ka ka itima
melakatswana yohle,
ha ke a ka ka ithibela
menyaka yohle.
Ke ne ke thabela tsohle
tsa mofufutso wa ka,
hona e le moputso
wa mofufutso wa phatla ya ka.
11Ha ke tadima mesebetsi
ya matsoho a ka,
le ho fufulelwa ha ka
ha ke e sebetsa,
tsohle e ne le lefeela
le kang ho lelekisa moya!
Ha ho na moputso mona lefatsheng!
Bohlale le bothoto ke lefeela
12Maikutlong a ka ka nahana bohlale,
ka nahana bohlanya
le bona bothoto.
Mohlahlami wa kgosi
a ka etsang hape,
haese feela ho etsa
se seng se entswe?
13Ka bona hore bohlale
bo molemo ho feta bothoto,
jwalokaha lesedi
le le molemo ho feta lefifi.
14Ya bohlale o na le mahlo a tjhatsi,
athe sethoto se itsamaela lefifing.
Ha e le nna ka hlokomela hona:
Bohle pheletso ya bona e a tshwana.
15Jwale ka bua ka pelo, ka re:
“Se hlahelang sethoto
le nna se tla ntlhahela;
ke fumanang
ka ho ba bohlale haholo?”
Ka bua ka pelo, ka re:
“Hona le hona e ntse le lefeela!”
16Ya bohlale,
ho tshwana le ya sethoto,
a ke ke a hopolwa
kamehla le mehla;
ka nako e tlang
bobedi ba tla lebalwa.
Mohlalefi o shwa
jwalokaha thoto se eshwa!
Ho sebetsa ka thata ke lefeela
17Yaba ke hloya bophelo, hobane mosebetsi o etswang mona lefatsheng o no le bohloko ho nna. Kaofela ha wona ke lefeela le tshwanang le ho lelekisa moya feela. 18Ka hloya mesebetsi yohle eo ke e entseng mona lefatsheng, hobane ke tlameha ho e siela ya tla ntlhahlama. 19Ke mang ya tsebang haeba eo o tla ba bohlale kapa e be sethoto? Leha ho le jwalo o tla laola mesebetsi yohle eo ke e entseng mona lefatsheng ka matla a ka le ka bohlale ba ka. Hona le hona ke lefeela. 20Kahoo ka itshwabela ka baka la mesebetsi yohle eo ke e entseng mona lefatsheng. 21Motho a ka sebetsa ka bohlale ba hae le ka tsebo le ka toka, empa tsena o tla di siya e le lefa la ya sa di sebeletsang. Hona le hona ke lefeela le bomadimabe bo boholo. 22Motho o boellwa keng ka mosebetsi wohle o boima, o mo kgathatsang, oo a o etsang mona lefatsheng? 23Matsatsi wohle a bophelo ba hae ke a ditsietsi, mme mosebetsi wa hae o tletse maswabi. E, bosiu ha a phomole, mme hona le hona ke lefeela.
24Ha ho letho le molemo leo motho a ka le etsang, haese hore a je, a nwe, a ithabise ka tseo a di sebeditseng. Empa le teng ke ile ka bona hore tsena o di newa ke Modimo, 25hobane ntle ho Modimo, ke mang ya ka jang, mme a ithabisa? 26Modimo o nea motho ya mo kgahlisang bohlale le tsebo le thabo, empa moetsadibe o newa mosebetsi o boima wa ho bokella le ho boloka matlotlo, a tle a a siele ya kgahlisang Modimo. Hona le hona ke lefeela le tshwanang le ho lelekisa moya feela.

Currently Selected:

MORUTI 2: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy