YouVersion Logo
Search Icon

DIPOLELO 34

34
Lefu la Moshe
1Moshe a tloha diphuleng tsa Moabe, a nyolohela thabeng ya Nebo, a hlwella hodima tlhoro ya Pisega, e tadimaneng le Jeriko. Morena a mmontsha naha yohle, ho tloha Gileade ho ya fihla Dane, 2le naha yohle ya Nafthali, le naha yohle ya Efraime, le ya Manase, le naha yohle ya Juda, ho ya fihla lewatleng le ka bophirimela, 3le Negebe, le phula ya kgohlo ya Jeriko, e leng motse o difate tsa dipalema, ho ya fihla Soware. 4Morena a re ho yena: “Ena ke naha eo ke ileng ke e hlapanyetsa Aborahama, le Isaka, le Jakobo, ka re: ‘Ke tla e nea ditloholo tsa lona.’ Ke o dumeletse hore o e bone ka mahlo feela, empa o ke ke wa tshelela ho yona.”
5Yaba Moshe mohlanka wa Morena, o shwella naheng eo ya Moabe, jwalokaha Morena a ne a boletse. 6Morena a mo epela ka kgohlong, naheng ya Moabe, malebane le Bete-Peore. Empa ho fihlela le kajeno-ya-bokajeno ha ho motho ya tsebang lebitla la Moshe. 7Ha Moshe a eshwa o ne a ena le dilemo tse lekgolo le mashome a mabedi. Empa mahlo a hae a ne a ntse a bona hantle, le matla a hae a ntse a le kaofela. 8Ka matsatsi a mashome a mararo bana ba Iseraele ba llela Moshe ba le diphuleng tsa Moabe, matsatsi a bofifi ba ho mo llela a nto fela.
9Joshua, mora wa Nune, o ne a tletse moya wa bohlale, hobane Moshe o ne a ile a mmea matsoho. Bana ba Iseraele ba mo mamela, ba etsa jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe.
10Haesale ho tloha moo, ha ho eso ka ho eba le moporofeta ya kang Moshe naheng ya Iseraele, eo Morena a neng a bua le yena difahleho tsa bona di tadimane. 11Ha ho eo Morena a kileng a mo romela naheng ya Egepeta ho ya etsa dipontsho tsohle le mehlolo yohle ho Faro, le ho bahlanka ba hae bohle, le ho naha ya hae yohle. 12Ha ho ya kileng a etsa leha e le nngwe ya diketso tsohle tse tshabehang, tseo Moshe a ileng a di etsa ka letsoho le matla, moo Baiseraele bohle ba ntseng ba bona.

Currently Selected:

DIPOLELO 34: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy