YouVersion Logo
Search Icon

DIPOLELO 31

31
Joshua o hlahlama Moshe
1Moshe a ya, a bua mantswe ana ho Baiseraele bohle. 2A re ho bona: “Kajeno ke na le dilemo tse lekgolo le mashome a mabedi. Ke se ke sitwa ho ya kae kapa kae, mme Morena o itse ho nna: ‘Wena ha o ka ke wa tshela Jorodane.’ 3Ke Morena Modimo wa lona, ya tla tshela a le eteletse pele. O tla timetsa ditjhaba tsena tse kapele ho lona, le hape naha ya tsona. Joshua ke yena ya tla tshela a le eteletse pele, jwalokaha Morena a buile. 4Seo Morena a neng a se etse ho Sihone le ho Oge, dikgosi tsa Baamore, tseo a neng a di timetse, a ba a se etsa le naheng ya tsona, le ho ditjhaba tsena o tla se etsa. 5Morena o tla le neela tsona, mme le tle le di etse ho ya ka ditaelo tsohle tseo ke le laetseng tsona. 6Tsohang molota, le be sebete; le se ke la di tshaba kapa la di tshoha, hobane Morena Modimo wa lona, ke yena ya tsamayang le lona. A ke ke a le lahla kapa a le furalla.”
Ho bitswa ha Joshua
7Moshe a bitsa Joshua, mme moo Baiseraele bohle ba ntseng ba bona, a re ho yena: “Tsoha molota, o be sebete, hobane ke wena ya tla tsamaya le setjhaba sena, ho ya kena naheng eo Morena a neng a hlapanyetse bo-ntata sona, hore o tla se nea yona. Wena o tla etsa hore se e je lefa. 8Ke Morena ya tla o etella pele. O tla ba le wena; a ke ke a o lahla kapa a o furalla. O se ke wa tshaba kapa wa tsieleha.”
Molao o no balwa kamora dilemo tse supileng
9Moshe a ngola Molao ona, a o nea baprista, e leng bara ba Levi, ba neng ba jara areka ya selekane sa Morena; a o nea le baholo bohle ba Iseraele. 10Moshe a ba laela, a re: “Qetellong ya selemo sa bosupa, ka nako e beetsweng ho leballana melato, ka mokete wa maphephe, 11ha Baiseraele bohle ba tlilo hlaha kapele ho Morena Modimo wa lona, sebakeng seo a tla se kgetha, le bale Molao ona moo Baiseraele bohle ba leng teng, mme ba ntseng ba utlwa. 12Le phuthe batho: banna, le basadi, le bana, le bajaki ba teng metseng ya lona; e le hore ba tle ba utlwe, le hore ba tle ba ithute, ba tshabe Morena Modimo wa lona, mme ba hlokomele ho phetha dipallo tsohle tsa Molao ona. 13Le bana ba lona, ba esong ho tsebe Molao ona, ba tle ba utlwe, ba ithute ho tshaba Morena Modimo wa lona, ka matsatsi wohle ao le tla a phela naheng eo le tshelang Jorodane hore e be ya lona.”
Morena o laela Moshe la ho qetela
14Morena a re ho Moshe: “Bona, matsatsi a ho shwa ha hao a ntse a atamela. Bitsa Joshua, o tle le yena ka Tenteng ya Morena, mme ke tla mo nea taelo.”
Bo-Moshe le Joshua ba ya, ba kena ka Tenteng ya Morena. 15Morena a hlaha ka Tenteng, a le kahara leru le lopaletseng. Leru leo le lopaletseng la ema monyako wa Tente.
16Yaba Morena o re ho Moshe: “Bona, o se o tla ithoballa le bo-ntatao, empa setjhaba sena se tla hloka botshepehi ho nna, se kgelohe, se latele medimo e meng ya baditjhaba ba naha, seo se yang ho phela hara bona. Se tla mphuralla, se kwenehele selekane sa ka, seo ke se entseng le sona. 17Mohlang hoo ho etsahalang, ke tla se halefela haholo, ke se furalle, ke se patele sefahleho sa ka. Se tla timela, se hlahelwe ke bomadimabe bo tshabebang le ditsietsi tse ngata. Mohlang oo se tla re: ‘Na hase hobane Modimo wa rona a le siyo kahara rona, ha e le moo re hlahelwa ke bomadimabe boo?’ 18Empa ruri ke tla pata sefahleho sa ka mohlang oo, ka baka la bokgopo bohle boo se bo entseng, hobane se latetse medimo e meng.”
Sefela sa bopaki
19“Ka baka leo, ingolle sefela sena, o se rute bana ba Iseraele. Ba se tsebe ka hlooho, e le hore sefela sena e tle e be paki ya ka, e tswang bana ba Iseraele. 20Ke tla ba fihlisa naheng eo ke neng ke e hlapanyetse bo-ntata bona, e phallang lebese le mahe a dinotshi, mme ba tla ja, ba kgore, ba none. Empa ba tla latela medimo e meng, ba e sebeletse, ebe ba a nnyedisa, ba kwenehela selekane sa ka. 21Etlare ha bomadimabe bo tshabehang, le ditsietsi tse ngata di ba wetse hodimo, ebe sefela sena e ba paki e ba tswang, hobane ditloholo tsa bona di tla be di sa lebala ho se bina. Ke se ke ntse ke tseba mehopolo eo ba e hopolang kajeno, le pele ke ba fihlisa naheng eo ke neng ke e hlapanyetse bo-ntata bona.”
22Ka lona letsatsi leo Moshe a ngola sefela sena, a se ruta bana ba Iseraele.
23Morena a laela Joshua, mora wa Nune, a re: “Tsoha molota, o be sebete, hobane ke wena ya tla fihlisa bana ba Iseraele naheng eo ke ba hlapanyeditseng yona. Ke tla ba le wena.”
24Yare ha Moshe a qetile ho ngola mantswe a Molao ona bukeng, 25a laela Balevi, bajari ba areka ya selekane sa Morena Modimo wa bona, a re: 26“Nkang Buka ena ya Molao, le e bee pele areka ya selekane sa Morena Modimo wa lona, e le hore e be moo, e le paki e le tswang. 27Ke tseba kamoo le fetohang kateng, le kamoo le leng manganga kateng. Bonang, esita le kajeno, ke ntse ke phela le lona tjena, le nnile la fetohela Morena. Jwale le tla mo fetohela hakae, ha ke se ke shwele? 28Mpitsetseng baholo bohle ba merabe ya lona, le baokamedi ba lona, mme ke tla bua mantswe ana moo ba ntseng ba utlwa. Lehodimo le lefatshe e tla ba dipaki tse le tswang. 29Ke a tseba hore kamora lefu la ka ruri le tla itshilafatsa, le kgelohe tsela eo ke le laetseng yona. Hamorao bomadimabe bo tla le wela hodimo, ha le etsa bokgopo mahlong a Morena, le mo halefisa ka mesebetsi eo le e etsang.”
30Yaba Moshe o bolella phutheho yohle ya bana ba Iseraele mantswe a sefela sena, moo ba ntseng ba utlwa, ho fihlela a a qeta.

Currently Selected:

DIPOLELO 31: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy