YouVersion Logo
Search Icon

DIPOLELO 21

21
Tefelo ya sebe sa polao
1“Haeba ho fumanwa setopo sa motho ya bolailweng se rapaletse hara naha eo Morena Modimo wa hao, a o neang yona hore e be ya hao, mme ho sa tsejwe hore na motho eo o bolailwe ke mang; 2baholo ba setjhaba sa heno, le baahlodi ba heno ba tla tla, ba lekanye bolelele ba sebaka ho tloha setopong, ho ya fihla metseng e se potapotileng. 3Ha ho fumanehile hore na motse o haufi le setopo ke ofe, baholo ba motse oo ba tla nka kgomo ya sethole hara mohlape. Sethole seo e be se eso ka se thapiswa, se eso ka se panwa. 4Baholo ba motse oo ba tla theolela sethole seo ka kgohlong e nang le metsi a phallang, e eso ka e lengwa, kapa e eso ka e jalwa; ebe ba se robela molala kamoo ka kgohlong. 5Baprista, e leng bara ba Levi, ba tla atamela, hobane bona ba kgethilwe ke Morena Modimo wa hao, hore ba mo sebeletse, mme ba hlohonolofatse ka lebitso la Morena. Kgang efe kapa efe, le kotsi efe kapa efe, e tla ahlolwa ho ya ka qeto ya bona. 6Baholo bohle ba motse oo, o haufi le setopo sa motho ya bolailweng, ba tla hlapela matsoho a bona hodima sethole seo molala wa sona o ileng wa robelwa ka kgohlong. 7Ba tla re: ‘Hase matsoho a rona a tsholotseng madi ana, le mahlo a rona ha a a ka a bona tshollo ena ya madi. 8Oho, Morena, ako tshwarele setjhaba sa hao sa Iseraele, seo o se lopolotseng. O se ke wa jarisa setjhaba sa hao sa Iseraele molato wa ho tsholla madi a se nang molato.’ Ba tla tshwarelwa molato wa ho tsholla madi. 9O tla tlosa madi ao a se nang molato, a tsholotsweng, hara lona, ha o etsa se nepahetseng mahlong a Morena.”
Ha ho nyalwa mothopuwa
10“Ha o eya ntweng, o futuhela dira tsa hao, Morena a neelana ka tsona matsohong a hao, o di etsa bathopuwa, 11mme hara bathopuwa o bona mosadi e motle, o utlwa o mo rata, mme o lakatsa ho mo nyala, 12o tla mo tlisa ka tlung ya hao. O tla beola hlooho ya hae, a sete le manala a hae. 13O tla hlobola diaparo tseo a thopilweng a di apere, a dule ka tlung ya hao kgwedi e tletseng a ntse a llela ntatae le mmae. Kamora moo o tla kena dikobong tsa hae, o ba monna wa hae, yena e be mosadi wa hao. 14Empa haeba o se o sa mo rate, o tla mo lokolla, a ikele moo a ratang. Feela ho hang o se ke wa mo rekisa hore o fumane tjhelete. O se ke wa mo etsa jwalokaha eka ke lekgoba, hobane o ile wa mo nyala ka ho mo qobella.”
Ditokelo tsa mora wa matsibolo
15“Ha monna a nyetse basadi ba babedi, e mong e le thatohatsi, e mong e le ya hloilweng, ba mo tswaletse bana, mme mora wa matsibolo e le wa ya hloilweng, 16mohla monna eo a arolelang bara ba hae lefa la tseo a nang le tsona, a se ke a re mora wa matsibolo ke wa mosadi wa thatohatsi, empa mora wa mosadi ya hloilweng e le yena wa matsibolo. 17O tla ananela mora wa matsibolo, wa mosadi ya hloilweng, a be a mo nee diabo tse pedi tsa dintho tsohle tseo a nang le tsona, hobane ke mora wa hae wa matswathaka, mme ditokelo tsa mora wa matsibolo ke tsa hae.”
Mora ya manganga
18“Ha monna a ena le mora ya manganga, ya sa utlweng ditaelo, ya sa mameleng ntatae, kapa ya sa mameleng mmae; ere leha ba mo kgalemela a sa ba mamele, 19ntatae le mmae ba tla mo tshwara, ba mo tlise ho baholo ba motse, kgorong ya motse wa habo. 20Ba re ho baholo ba motse: ‘Mora enwa wa rona o manganga, ha a utlwe ditaelo, ha a re mamele. Ke monyollo le letahwa.’ 21Banna bohle ba motse ba tla mo tlepetsa ka majwe, a be a shwe. Kahoo o tla tlosa bokgopo ho wena, mme Baiseraele bohle ba tla utlwa, mme ba tshabe.”
Setopo sa senokwane
22“Ha monna a lokelwa ke lefu ka baka la molato wa hae, mme a bolawa, setopo sa hae se leketliswe sefateng; 23setopo seo sa hae se se ke sa qeta bosiu se ntse se leketlisitswe sefateng. Se hle se epelwe ka lona letsatsi leo, hobane ya leketlisitsweng sefateng o rohakilwe ke Modimo. O se ke wa silafatsa naha ya heno, eo Morena Modimo wa hao, a o neang yona hore e be lefa la hao.”

Currently Selected:

DIPOLELO 21: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy