YouVersion Logo
Search Icon

DIPOLELO 19

19
Metse eo ho tshabelwang ho yona
(Dipa. 35:9-28; Josh. 20:1-9)
1“Ha Morena Modimo wa hao, a timetsa ditjhaba tseo a le neang naha ya tsona, le tla hapa naha eo ya tsona, le ahe metseng ya tsona le matlung a tsona. 2Le tla ikgethela metse e meraro naheng eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona hore e be ya lona. 3Le lokise ditsela tse yang metseng eo, mme naha eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona hore e be lefa la lona, le e arole dikarolo tse tharo, e be moo mmolai e mong le e mong a tla tshabela teng.
4“Mmolai ya tla tshabela moo, hore a ipholose, ke ya tjena: ke ya bolayang e mong e se ka morero, mme eo e ne e se sera sa hae ka nako e fetileng. 5Mohlala ke ona: haeba a eya morung le ngwanabo ho ya rema difate; ere ha a phahamisa selepe ho rema sefate, selepe seo se pshemohe mofenng, se rathe ngwanabo, ebe o a shwa, eo ke yena ya tla tshabela ho o mong wa metse ena, hore a pholohe. 6Mophetetsi wa madi a tsholotsweng a se ke a lelekisa mmolai eo, a sa ntsane a befile haholo, a mo tshwara, haeba tsela e le telele, a mmolaya; athe o ne a sa lokela ho shwa, hobane ka nako e fetileng e ne e se sera sa mmolauwa. 7Ka baka leo, ke le laela hore le ikgethele metse e meraro.
8“Haeba Morena Modimo wa lona, a atolosa meedi ya naha ya lona, jwalokaha a ile a hlapanyetsa bo-ntata lona, mme a le nea naha yohle eo a ileng a tshepisa hore o tla e nea bo-ntata lona; 9haeba le boloka melao yohle eo ke le laelang yona kajeno, le e phetha; le rata Morena Modimo wa lona, le tsamaya ditseleng tsa hae kamehla, teng he, le tla eketsa metse e meng e meraro hodima ena e meraro. 10Ho se be madi a se nang molato a tla tshollwa naheng eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona hore e be lefa la lona; esere la jara molato wa ho tsholla madi.
11“Empa haeba motho e le sera sa motho e mong, a lalla motho eo, a mo tsohela matla, a mmolaya, eba o tshabela ho o mong wa metse ena; 12baholo ba motse wa habo ba tla romela batho ho mo lata moo, ba mo nee mophetetsi wa madi a tsholotsweng hore a mmolaye. 13O se ke wa mo tadima ka mohau, o mpe o hlakole sekgobo sa madi a se nang molato, a tsholotsweng naheng ya Iseraele, e le hore le tle le atlehe.”
Ho tloswa ha mekolokotwane
14“O se ke wa tlosa mokolokotwane wa moedi wa wa heno, o hlomilweng ke baholoholo naheng eo e leng lefa la hao, leo o tla le ja naheng eo Morena Modimo wa hao, a o neang yona hore e be ya hao.”
Dipaki tsa bohata
15“Paki e le nngwe e ke ke ya hlahisa bopaki bo qosang motho malebana le bokgopo bofe kapa bofe, kapa malebana le sebe sefe kapa sefe seo a se etsang. Qoso e tla ahlolwa ho ya ka bopaki ba dipaki tse pedi kapa tse tharo.
16“Ha paki ya leshano e hlaha, e qosa motho ka hore o tlotse molao; 17bana ba babedi, ba qosanang, ba tla ema kapele ho Morena, le kapele ho baprista le baahlodi bao e leng bona nakong eo. 18Baahlodi ba tla hlahlobisisa taba eo ka hloko, mme haeba paki e le ya leshano, e qositse ngwanabo yona ka leshano; 19wena o tla e etsa seo e neng e hopotse ho se etsa ho ngwanabo yona, ebe o fedisa bokgopo bona hara lona. 20Ba bang ba tla utlwa, ba tshabe, mme ha ba sa tla etsa bokgopo bo kang bona hara lona. 21O se ke wa ba mohau; bophelo bo lefuwe ka bophelo, leihlo ka leihlo, leino ka leino, letsoho ka letsoho, le leoto ka leoto.”

Currently Selected:

DIPOLELO 19: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy