YouVersion Logo
Search Icon

DIPOLELO 17

17
1“Le se ke la etsetsa Morena Modimo wa lona, sehlabelo ka kgomo, kapa ka nku e nang le sepha, kapa ka eng le eng e nang le sepha, hobane tse jwalo ke manyala ho Morena Modimo wa lona.
2“Haeba hara lona, le hara metse ya lona, eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona, ho ka fumanwa monna kapa mosadi ya etsang bobe mahlong a Morena Modimo wa lona, ka ho roba selekane sa hae, 3mme eo a iketse ho ya sebeletsa medimo e meng, a e kgumamela, kapa a kgumamela letsatsi, kapa kgwedi, kapa dinaledi dife kapa dife, e leng tseo ke sa le laelang tsona; 4ha lona le bolellwa, mme le utlwa taba ena, le e batlisise ka hloko. Haeba e le nnete, mme manyala a jwalo a entswe naheng ya Iseraele, 5monna eo, kapa mosadi eo ya entseng ntho eo e manyala, a ntshetswe kantle ho motse, le mo tlepetse ka majwe, a be a shwe. 6Ka bopaki ba dipaki tse pedi, kapa tse tharo, eo ya lokelang ho shwa a bolawe, empa ka bopaki ba paki e le nngwe, a ke ke a bolawa. 7Dipaki e be tsona tse qalang ho mo tlepetsa ka majwe, ho ntano latela setjhaba. Le tlose bobe bona hara lona.
8“Haeba taba e ahlolwang e o imela, e ka ba taba ya polao, kapa ya tsekisano, kapa ya ho ntshana dikotsi, kapa taba efe le efe ya ho se utlwane kahara metse ya lona, o tsamaye, o ye sebakeng seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha. 9Ha o fihla ho baprista, e leng Balevi, le ho moahlodi ya teng ka nako eo, o botse, mme bona ba tla o bolella kamoo nyewe e ka ahlolwang kateng. 10Wena o tle o latele kahlolo eo ba tla o bolella yona, ba le sebakeng seo Morena a tla se kgetha, mme wena o hlokomele ho etsa kamoo ba tla o laela kateng. 11Ho ya ka Molao oo ba tla o bolella wona, le ho ya ka kahlolo eo ba tla o bolella yona, wena o etse jwalo. O se ke wa ba wa kgeloha kahlolo eo ba tla o bolella yona. 12Motho ya ikgohomosang, ya sa mameleng moprista ya sebeletsang kapele ho Morena, kapa ya sa mameleng moahlodi, ya jwalo o tla bolawa. Le tla tlosa bobe jwalo setjhabeng sa Iseraele. 13Setjhaba sohle se tla utlwa taba ena, se tshabe, mme se se ke sa hlola se ikgohomosa.”
Melao e busang dikgosi
14“Ha le fihla naheng eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona, e se e le ya lona, le se le ahile ho yona, mme le re: ‘Re tla ikgethela kgosi jwaloka ditjhaba tsohle tse re potapotileng;’ 15le tla fela le ikgethele kgosi eo Morena Modimo wa lona, a tla e kgetha. Le tla ikgethela kgosi hara bana babo lona, le se ke la ikgethela moditjhaba eo e seng ngwanabo lona. 16Feela kgosi eo e se ke ya ba le dipere tse ngata, esere ya etsa hore setjhaba se kgutlele Egepeta ho ya reka dipere, hobane Morena o itse ho lona: ‘Le ke ke la hlola le kgutlela ka tsela ena.’ 17Kgosi eo e se ke ya nyala basadi ba bangata, esere ya kgeloha. E se ke ya ipokellela silefera le kgauta.
18“Ha kgosi eo e se e dutse hodima terone ya mmuso wa yona, e tle e ingolle Molao ona o bukeng e bolokilweng ke baprista ba Balevi. 19Molao oo o be ho kgosi, e o bale ka matsatsi wohle a ho phela ha yona, e le hore e tle e ithute ho tshaba Morena Modimo wa lona, le ho boloka dipolelo tsohle tsa Molao, le ditaelo tsena, le ho di phetha. 20Kgosi e se ke ya ikgohomosetsa bana babo yona, e se ke ya kgeloha Molao, e le hore e tle e phele halelele mmusong wa yona, yona le bana ba yona, hara setjhaba sa Iseraele.”

Currently Selected:

DIPOLELO 17: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy