YouVersion Logo
Search Icon

DIPOLELO 16

16
Paseka
(Phal. 12:1-20)
1“Hlokomelang kgwedi ya Mmesa, ka ho keteka Paseka ya Morena Modimo wa lona, hobane ke ka kgwedi eo ya Mmesa Morena Modimo wa lona, a neng a le ntshe Egepeta e le bosiu. 2Le tla nyehella Morena Modimo wa lona, ka Paseka, sebakeng seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha hore a dule ho sona; e be dinku le dikgomo. 3Le se ke la e jelella ka bohobe bo lomositsweng. Ka matsatsi a supileng le tla e jelella ka bohobe bo sa lomoswang, e leng bohobe ba matshwenyeho, hobane le ne le tswe Egepeta ka ntshwe-di-safohlwa; e le hore ka matsatsi wohle a ho phela ha lona le nne le hopole mohla le neng le etswa naheng ya Egepeta. 4Ka matsatsi a supileng ho se ke ha eba le ditomoso naheng yohle ya lona. Nama ya sehlabelo se ileng sa etswa ka phirimana ya letsatsi la pele e se ke ya sielwa la hosasane.
5“Le se ke la etsa sehlabelo motseng ofe kapa ofe oo Morena Modimo wa lona, a le neang wona, 6empa le se etsetse sebakeng seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgethela hore a dule ho sona. Ke hona moo le tla nyehela ka sehlabelo sa Paseka teng, e be mantsiboya ha letsatsi le dikela, mohla letsatsi leo le neng le tlohe Egepeta ka lona. 7Le e bese, le e jelle sebakeng seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha. Hoseng le kgutlele ditenteng tsa lona. 8Ka matsatsi a tsheletseng le tla ja bohobe bo sa lomoswang, empa letsatsi la bosupa e tla ba la phutheho e kgolo, e mahlonoko ya ho tlotla Morena Modimo wa lona. Le se ke la etsa mosebetsi le o mong ka letsatsi leo.”
Mokete wa kotulo
(Phal. 34:22; Mee. 23:15-21)
9“Ho tloha ka letsatsi leo le qalang ho hela koro ka lona, le tla bala dibeke tse supileng. 10Jwale le tla ketekela Morena Modimo wa lona, mokete wa dibeke; le fane ka nyehelo ya boithaopo ho ya kamoo Morena Modimo wa lona, a le hlohonolofaditseng kateng. 11Le thabe kapele ho Morena Modimo wa lona: lona, le bara ba lona, le baradi ba lona, le bahlanka ba lona, le makgabunyane a lona, le Balevi ba ahileng kahara metse ya lona, le bajaki, le dikgutsana, le bahlolohadi ba hara lona, le le sebakeng se tla kgethwa ke Morena Modimo wa lona, hore a dule ho sona. 12Hopolang hore le ne le le makgoba Egepeta. Le hlokomele ho boloka le ho phetha ditaelo tsena.”
Mokete wa maphephe
(Mee. 23:33-43)
13“Ka matsatsi a supileng, kamorao ho hoba le bokelle tse tswang diotlong tsa lona, le tse tswang ditlhotlelong tsa lona tsa veine, le tla keteke mokete wa maphephe. 14Le thabe moketeng ona wa lona: Lona, le bara ba lona, le baradi ba lona, le bahlanka ba lona, le makgabunyane a lona, le Balevi, le bajaki, le dikgutsana, le bahlolohadi ba ahileng kahara metse ya lona. 15Ka matsatsi a supileng, le tla ketekela Morena Modimo wa lona, mokete, sebakeng seo Morena a tla se kgetha, hobane Morena Modimo wa lona, o tla hlohonolofatsa tsohle tseo le di kotutseng, le mesebetsi yohle ya matsoho a lona, mme ho lona e be thabo feela.
16“Hararo ka selemo, bohle ba lona ba batona ba tla hlaha kapele ho Morena Modimo wa lona, sebakeng seo a tla se kgetha. Nakong ya mokete wa bohobe bo sa lomoswang, le nakong ya mokete wa dibeke, le nakong ya mokete wa maphephe, ho se be le ya mong wa lona ya tla hlaha kapele ho Morena a itsolokile. 17Monna e mong le e mong a fane ho ya kamoo a filweng kateng, le ho ya kamoo Morena Modimo wa lona, a mo hlohonolofaditseng kateng.”
Baahlodi
18“Metseng yohle, eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona, le kgethe baahlodi le baokamedi ka ho ya ka merabe ya lona. Ba ahlolele setjhaba ka toka. 19Le se ke le sotha kahlolo; le se ke la ba leeme; le se ke la amohela tjotjo, hobane tjotjo e foufatsa mahlo a ba bohlale, mme e sotha dipolelo tsa ba lokileng. 20Le pheelle toka, toka feela, hore le tle le phele, mme naha eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona, e tle e be ya lona.
21“Le se ke la iketsetsa ditshwantsho tsa Ashera pela aletare ya Morena Modimo wa lona. 22Le se ke la iketsetsa sefika seo le se kgumamelang, e leng ntho eo Morena Modimo wa lona, a e hloileng.

Currently Selected:

DIPOLELO 16: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy