YouVersion Logo
Search Icon

DIPOLELO 13

13
Dikotlo tsa ho rapela medimo ya bohata
1“Haeba moporofeta kapa molori wa ditoro a ka ba teng hara lona, mme a le etsetsa pontsho kapa mohlolo; 2eba pontsho eo, kapa mohlolo oo, o a phethahala, mme a re ho lona: ‘A re lateleng medimo e meng, eo le sa kang la e tseba, re e sebeletse;’ 3lona le se ke la mamela polelo ya moporofeta eo, kapa ya molori eo, hobane Morena Modimo wa lona, o a le leka, ho bona hore na le rata Morena Modimo wa lona ka dipelo tsa lona tsohle, le ka moya wa lona wohle. 4Le latele Morena Modimo wa lona, le mo tshabe, le boloke melao ya hae, le mamele lentswe la hae, le mo sebeletse, le mo kgomarele. 5Ha e le moporofeta eo, kapa molori eo, a bolawe, hobane o rutile setjhaba ho fetohela Morena Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta, ya le lopolotseng moo le neng le le makgoba teng. O le kgelosa tsela eo Morena Modimo wa lona, a laetseng hore le tsamaye ka yona. Tlosang ke hona bokgopo boo hara lona.
6“Haeba ngwaneno wa letswele, kapa mora wa hao, kapa moradi wa hao, kapa mosadi wa hao wa sethibamathe, kapa motswalle wa hao wa hlooho ya kgomo, a ka o hohela ka lekunutu, a re: ‘A re ye, re yo sebeletsa medimo e meng,’ eo wena, le bo-ntata lona, le sa kang la e tseba; 7e leng medimo ya ditjhaba tse le potapotileng, tse haufi le lona, kapa tse hole le lona, ho tloha pheletsong e nngwe ya lefatshe ho isa pheletsong e nngwe; 8le se ke la dumela tsa hae, kapa la di mamela, kapa la mo hauhela, kapa la mo qenehela, kapa la mo pata. 9Ruri le fele le mmolaye, e be wena ya mo otlang pele, e nto ba setjhaba sohle. 10Le mo tlepetse ka majwe, a shwe, hobane o ne a batla ho o kgelosa ho Morena Modimo wa hao, ya o ntshitseng naheng ya Egepeta, moo o neng o le lekgoba teng. 11Setjhaba sohle sa Iseraele se tla utlwa hona, se tshabe, mme se se ke sa hlola se etsa bokgopo bo tshwanang le bona hara lona.
12“Haeba motseng o mong wa metse ya heno, oo Morena Modimo wa hao, a o neileng wona hore o ahe ho wona, o ka utlwa monyenyetsi o reng: 13‘Ditlokotsebe tse ding di tswile hara lona, di kgelositse baahi ba motse wa habo tsona, di re: A re yeng, re yo sebeletsa medimo e meng, eo le sa kang la e tseba,’ 14wena o batlisise taba ena ka hloko. Haeba e le nnete, mme taba eo e tiile ya hore manyala a jwalo a entswe hara lona, 15ruri o bolaye baahi ba motse oo ka sabole, o o timetse ho hang. Tsohle tse ka ho wona, le diphoofolo tsa wona, le tsona kaofela di bolawe ka sabole. 16Kgapo yohle ya wona le e bokelle lebaleng la motse. Motse oo, le kgapo yohle ya wona, le di tjhese ka mollo, e be nyehelo ya setjheso e etsetswang Morena Modimo wa lona. Motse oo o tla fetoha lesupi la mehla yohle, mme o ke ke wa hlola o tsoswa. 17Ho se be letho la dintho tse halalelang tseo le ka di nkang, e le hore bohale bo tshabehang ba Morena bo tle bo kokobele, a le hauhele, a le ngatafatse jwalokaha a hlapanyeditse bo-ntata lona. 18Feela le mamele lentswe la Morena Modimo wa lona, le boloke melao ya hae yohle eo ke le laetseng yona kajeno, le etse ho lokileng mahlong a Morena Modimo wa lona.”

Currently Selected:

DIPOLELO 13: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy