YouVersion Logo
Search Icon

DIPOLELO 1

1
Selelekela
1Ana ke mantswe ao Moshe a ileng a a bua ho Baiseraele bohle, a le ka kwano ho Jorodane, lehwatateng, phuleng e mabapa le Sufe, pakeng tsa Parane, le Tofele, le Labane, le Haserote, le Disahaba. 2Ho tloha Horebe ho ya Kadeshe-Barenea, ka tsela e tsamayang thabeng ya Seire, ke leeto la matsatsi a leshome le motso o mong.
3Ka letsatsi la pele la kgwedi ya leshome le motso o mong, selemong sa mashome a mane, Moshe a bua ho bana ba Iseraele, ho ya kamoo Morena a neng a mo laetse kateng mabapa le bona. 4Hoba a hlole Sihone, kgosi ya Baamore, ya neng a ahile Heshebone, le Oge, kgosi ya Bashane, ya neng a ahile Ashetarote, mane Ederei, 5ka kwano ho Jorodane, naheng ya Moabe, Moshe a qala ho phatlalatsa molao ona, a re:
6“Morena Modimo wa rona, o ile a bua ho rona a le Horebe, a re: ‘Le dutse nako e telele thabeng ena. 7Tlohang mona, le tswele pele leetong la lona, le ye naheng e maralla ya Baamore, le dibakeng tse e potapotileng, phuleng, le maralleng, le dibakeng tse weleng, ka borwa, pela lebopo la lewatle, naheng ya Bakanana; le Lebanone, ho ya fihla nokeng e kgolo ya Euferatese. 8Bonang, ke le neile naha ena. Eyang, le inkele naha eo Morena a neng a e hlapanyetse bo-ntata lona; a e hlapanyetsa Aborahama, le Isaka, le Jakobo, hore o tla ba nea yona le ditloholo tsa bona.’ ”
Moshe o kgetha baahlodi
(Phal. 18:13-27)
9“Ka nako eo ke ile ka bua ho lona, ka re: ‘Ke sitwa ho jara boikarabelo tabeng tsa lona ke le mong. 10Morena Modimo wa lona, o le ngatafaditse, mme bonang, kajeno le se le le bangata jwaloka dinaledi tsa lehodimo. 11Morena Modimo wa bo-ntata lona, a ke a le eketse hasekete, a le hlohonolofatse jwalokaha a ile a le tshepisa. 12Jwale nna, ke le mong, nka tseba jwang ho jara ditsietsi tsa lona, le mejaro ya lona, le diqabang tsa lona? 13Merabeng ya lona kgethang banna ba bohlale, ba nang le kutlwisiso, ba tumileng, mme ke tla ba etsa baokamedi ba lona.’
14“Le ile la nkaraba, la re: ‘Sena seo o reng se etswe se setle.’
15“Kahoo, merabeng ya lona, ke ile ka nka banna ba bohlale, ba tumileng, bao e leng dihlooho, ka ba etsa baokamedi ba lona: balaodi ba ba dikete, le balaodi ba ba makgolo, le balaodi ba ba mashome a mahlano, le balaodi ba ba mashome, le bangodi ba merabe ya lona. 16Ka yona nako eo ka laela baahlodi ba lona, ka re: ‘Mamelang dipelaelo tsa bana babo lona, mme le ahlole ka toka pakeng tsa motho le ngwanabo, le pakeng tsa hae le mojaki. 17Le se ke la ahlola batho ka leeme; le mamele ya eisehang le ya hlomphehang ka ho tshwana. Le se ke la tshaba sefahleho sa motho, hobane kahlolo ke ya Modimo. Taba e tla le thatafalla, le e fetisetse ho nna, mme ke tla e mamela.’
18“Ka yona nako eo ka le laela dintho tsohle, tseo le tshwanetseng ho di etsa.”
Dihlwela tse leshome le metso e mmedi
(Dipa. 13:1-33)
19“Jwalokaha Morena Modimo wa rona, a ne a re laetse, ra tswela pele leetong, ho tloha Horebe; ra feta hara lehwatata lane le leholo, le tshabehang, leo le ileng la le bona, tseleng e yang naheng e maralla ya Baamore, ra ya fihla Kadeshe-Barenea. 20Yaba ke re ho lona: ‘Jwale le fihlile naheng e maralla ya Baamore, eo Morena Modimo wa rona, a re neang yona. 21Bonang, Morena Modimo wa lona, o le neile naha ena. Nyolohang le yo inkela yona, jwalokaha Morena Modimo wa bo-ntata lona, a buile ho lona. Le se ke la tshaba; le se ke la nyahama dipelo.’
22“Bohle le ile la tla ho nna, la re: ‘A re ke re romeng banna ba re etelle pele, e le hore ba ke ba yo re hlwella naha eo; ba boele ba tlo re tsebisa tsela eo re tshwanetseng ho tsamaya ka yona, le metse eo re tla fihla ho yona.’
23“Hona ho ile ha nthabisa, mme ke ile ka nka banna ba leshome le metso e mmedi ho lona, monna a le mong morabeng o mong le o mong. 24Ba ile ba tsamaya, ba nyolohela naheng e maralla, ba fihla kgohlong ya Eshekole, mme ba e hlwela. 25Ba nka tse ding tsa ditholwana tsa naha eo, ba re tlisetsa tsona, mme ba re tsebisa, ba re: ‘Naha eo Morena Modimo wa rona, a re neang yona, e ntle!’
26“Empa lona le ile la hana ho nyoloha, la fetohela taelo ya Morena Modimo wa lona. 27Yaba le korotla le le ka ditenteng tsa lona, le re: ‘Kahobane Morena a re hloile, o re ntshitse naheng ya Egepeta ho tla neelana ka rona matsohong a Baamore, hore ba re timetse. 28Ekaba re nyolohela kae? Bana babo rona ba re nyahamisitse dipelo, ba re: Baahi ba moo ke dinatla, mme ba balelele ho re feta. Metse ya bona e meholo, e na le diqhobosheane tse fihlang marung. Le Baanake re ile ra ba bona hona moo.’
29“Yaba ke re ho lona: ‘Le se ke la tshoha kapa la tshaba batho bao. 30Morena Modimo wa lona, ya le etellang pele, o tla le lwanela, jwalokaha a ile a le lwanela moo le ntseng le bona, ha le le Egepeta. 31Le lehwatateng, tseleng yohle eo le e tsamaileng, ho tla fihla sebakeng sena, le bone kamoo Morena Modimo wa lona, a ileng a le pepa kateng, jwalokaha monna a pepa mora wa hae.’
32“Empa hodima tsena tsohle, ha le eso ka le tshepa Morena Modimo wa lona; 33e leng yena ya le etellang pele leetong, ho le batlela sebaka seo le tla hloma ho sona. Bosiu o le etella pele ka mollo, motsheare ka leru, ho le bontsha tsela eo le tla tsamaya ka yona.”
Morena o otla Iseraele
(Dipa. 14:20-45)
34“Morena o ile a utlwa dipolelo tsa lona, a halefa, mme a ikana, a re: 35‘Ruri ha ho le ya mong wa banna bana ba moloko ona o kgopo, ya tla bona naha e ntle, eo ke ileng ka hlapanya hore ke tla e nea bo-ntata lona. 36Ke Kalebe feela, mora wa Jefune, ya tla e bona, mme yena le bara ba hae ke tla ba nea naha eo, eo yena a kileng a tsamaya hodima yona, hobane yena o latetse Morena ka ho tlala.’
37“Le nna Morena o ile a nkgalefela ka baka la lona, a re: ‘Le wena o ke ke wa kena naheng eo. 38Empa Joshua, mohlanka wa hao, mora wa Nune, ke yena ya tla kena naheng eo. Mo kgothatse, hobane ke yena ya tla etsa hore naha eo e be lefa la Iseraele. 39Masea a lona, ao le ileng la re e tla ba bathopuwa, le bana ba lona, bao kajeno ba esong ho tsebe botle kapa bobe, ba tla kena naheng eo. Ha e le bona ke tla ba nea yona, mme e tla ba ya bona. 40Empa ha e le lona, kgutlang, le boele lehwatateng ka tsela ya Lewatle la Lehlaka.’
41“Lona le ile la araba, la re ho nna: ‘Re sitetswe Morena. Re tla nyoloha, mme re lwane jwalokaha Morena Modimo wa rona, a re laetse.’ Monna e mong le e mong wa lona a hlomela, la re ke ntho e bobebe ho nyolohela naheng e maralla.
42“Empa Morena a re ho nna: ‘Ere ho bona: Le se ke la nyoloha, mme le se ke la ya lwana, esere la hlolwa ke dira tsa lona, hobane ha ke yo hara lona.’
43“Ke ile ka bua ho lona, empa ha le a ka la mamela. Le ile la fetohela taelo ya Morena, la ikakasa, mme la nyolohela naheng e maralla. 44Baamore ba ahileng naheng eo e maralla ba ile ba le futuhela jwaloka sekgakgatha sa dinotshi, ba le leleka, ba le etsa mofela, ho tloha Seire ho ya fihla Horema. 45Le ile la kgutla, la llela kapele ho Morena, empa Morena ha a a ka a le mamela, leha e le ho le sekehela tsebe. 46Ke kahoo le ileng la hlola matsatsi a mangata Kadeshe.”

Currently Selected:

DIPOLELO 1: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy