YouVersion Logo
Search Icon

DANIELE 7

7
Daniele o lora a bona dibatana tse nne
1Ka selemo sa pele sa puso ya Beleshasare, kgosi ya Babilona, Daniele o ile a lora toro, mme a bona dipono ka kelellong ya hae, ha a ntse a robetse diphateng tsa hae. Yaba o ngola toro ena, o pheta ditaba tsa yona.
2Daniele a bua, a re: “Bosiu, ponong ya ka, ke ile ka bona sefefo se matla, se tswang diqoleng tse nne tsa lefatshe, se tuduanya lewatle le leholo. 3Yaba dibatana tse nne, tse kgolo, tse sa tshwaneng, di bitoha hara lewatle.
4“Sebatana sa pele se ne se tshwana le tau, empa se ena le mapheo a kang a ntsu. Ka se tadima ho fihlela ha se kgaolwa mapheo, sa phahamisetswa hodimo, se emiswa ka maoto jwaloka motho, se bile se newa kelello e kang ya motho.
5“Ka bona sebatana sa bobedi, se tshwanang le bere, se eme ka maoto a morao. Se ne se lomme mahopo a mararo ka meno a sona. Yaba ho thwe ho sona: ‘Ema, o harele nama e ngata!’
6“Ha ke ntse ke tadimile ka bona sebatana se seng, se tshwanang le lengau, se neng se ena le mapheo a mane, a kang a nonyana, mokokotlong wa sona. Sebatana sena se ne se ena le dihlooho tse nne, mme sona sa newa matla a ho busa.
7“Kamora tsena, diponong tsa ka tsa bosiu, ka boela ka bona sebatana sa bone, se tshabehang, se tshosang, se matla ka ho fetisisa. Se ne se ena le meno a maholo, a tshepe. Sa harola, sa tsekolla, mme ho setseng sa ho hatakela ka maoto a sona. Se ne se sa tshwane le dibatana tse ding tseo ke neng ke ile ka di bona pele, se bile se ena le manaka a leshome.
8“Ha ke ntse ke tadimile manaka ana, ka bona lenakana le leng le runya pakeng tsa a mang, mme le runyola a mararo a pele. Lenakana lena le ne le ena le mahlo a kang a motho, le molomo o buang ka boikakaso.”
Ya phelang kamehla yohle
9“Ha ke ntse ke tadimile:
Ka bona diterone di bewa madulong,
Moholo wa Matsatsi
a dula hodima ya hae.
Aparo tsa hae
di ne di le tshweu sa lehlwa,
moriri wa hae
o re bja! jwaloka boya,
terone ya hae e ne tuka malakabe,
mabidi a yona a ka mollo o tukang.
10Mollo tswang ho yena
o no phalla sa noka,
ketekete tsa batho di mo sebeletsa,
boiyane bo sa balweng
bo eme kapele ho yena.
Lekgotla la Moahlodi la bulwa,
dibuka le tsona tsa phetlwa.
11“Yaba ke ntse ke tadimile ka baka la dipolelo tsa boikakaso tse buuwang ke lenakana lane. Ka tadima ho fihlela ke bona ha sebatana sena se bolawa, setopo sa sona se senyeha, se akgelwa hara malakabe. 12Ha a le dibatana tse ding tsona, di ile tsa amohuwa matla a tsona, empa tsa ekeletswa nakwana ya ho phela.
13“Ponong ya ka ya bosiu ka bona e mong ya kang Mora Motho, a etla a le hodima maru, a etla ho Moholo wa Matsatsi, mme ba mo atametsa kapele ho yena. 14Yaba o newa puso, le tlotla, le mmuso, e le hore ba ditjhaba tsohle, le ba merabe yohle, le ba dipuo tsohle ba mo sebeletse. Puso ya hae ke puso ya kamehla yohle, e ke keng ya fela, mme mmuso wa hae o ke ke wa timetswa.”
Dipono di a hlaloswa
15“Nna Daniele, moya wa ka o ile wa utlwa bohloko, mme dipono tseo ke di boneng kelellong ya ka tsa ntshwenya haholo. 16Yaba ke atamela ho e mong wa ba neng ba eme moo, ka mmotsa hore na tseo di bolelang.
“Yena a mpolella, a ntlhalosetsa se bolelwang ke dintho tsena, a re: 17‘Dibatana tsena tse kgolo, tse nne, ke dikgosi tse nne tse tla ba teng lefatsheng. 18Empa bahalaledi ba Ya Hodimodimo ba tla nka mmuso e be wa bona kamehla; e, kamehla le mehla.’
19“Jwale ka batla ho tseba ditaba tsa sebatana sa bone, se sa tshwaneng le tsohle tse ding, se tshabehang ka ho fetisisa, se meno a tshepe le dinala tsa lethose, se harolong, se tsekolle, mme se hatakele ka maoto a sona hoo se ho siileng. 20Ka batla ho tseba le tsa manaka a leshome a hloohong ya sona, le tsa lenakana le ileng la runyola a mang a mararo, le nang le mahlo le molomo o buang ka boikakaso, le neng le feta manaka a mang a habo lona. 21Ka bona lona lenaka leo le lwantsha bahalaledi, le ba hlola. 22Yaba ho fihla Moholo wa Matsatsi, a ahlolela bahalaledi ba Ya Hodimodimo. Jwale nako ya fihla ya hore mmuso o newe bahalaledi.
23“Monna eo a re: ‘Sebatana sa bone e tla ba mmuso wa bona lefatsheng, o sa tlo tshwana le mebuso e meng yohle. O tla timetsa lefatshe lohle, o le hatakele, o le robokele. 24Manaka a leshome a tswang mmusong ona, wona ke dikgosi tse leshome tse tla ba teng. Kgosi e nngwe, e sa tshwaneng le tseo tsa pele, e tla di hlahlama, mme e hlole dikgosi tse tharo. 25E tla bua ka boikakaso ho Ya Hodimodimo, e hlorise bahalaledi ba Ya Hodimodimo. E tla leka ho fetola dinako tsa selemo le melao. Ho tla neelanwa ka bahalaledi matsohong a yona ka nako e etsang dilemo tse tharo le halofo.
26“ ‘Empa lekgotla la kahlolo le tla dula, kgosi ena e amohuwe matla a yona a puso, mme e fediswe, e timeletswe ruri. 27Mmuso le matla a puso, le botumo ba mebuso yohle e lefatsheng, tsena di tla newa setjhaba sa bahalaledi ba Ya Hodimodimo, eo mmuso wa hae e leng mmuso wa kamehla yohle, eo babusi bohle ba tla mo sebeletsa, ba mo hlomphe.’
28“Dipolelo tsena di fella mona. Ha e le nna Daniele, ke ile ka tshwenngwa haholo ke menahano ya ka, ka pudufallwa, empa tsena ya eba sephiri sa ka.”

Currently Selected:

DANIELE 7: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy