YouVersion Logo
Search Icon

BAKOLOSE 3

3
1Erekaha le tsositswe bafung le Kreste, batlang dintho tse hodimo, moo Kreste a dutseng ka letsohong le letona la Modimo. 2Thahasellang dintho tse hodimo, e seng tse lefatsheng, 3hobane le shwele, mme bophelo ba lona bo patehile le Kreste ho Modimo. 4Mohla Kreste eo e leng bophelo ba lona a bonahatswang, le lona le tla bonahatswa le yena ka tlotla.
5Ha ho le jwalo, bolayang ditakatso tsa lona tsa lefatshe, e leng bohlola, tse ditshila, ditakatso tse mpe, tsa bokgopo, le meharo, hobane meharo ke ho sebeletsa modimo wa bohata. 6Ka baka la tse jwalo bohale ba Modimo bo tlela ba sa mo mameleng. 7Pele le lona le ne le phela ho ya ka ditakatso tse jwalo, 8empa kajeno lahlang tsena tsohle: bohale, le kgalefo, le lonya. Bonyefodi le dipolelo tse hlabisang dihlong di se tswe melomong ya lona. 9Le se ke la bolellana mashano, hobane le hlobotse botho ba lona ba kgale le mesebetsi ya bona. 10Le apere botho bo botjha bo ntjhafatswang hore bo tshwane le Mmopi, le tle le be le tsebo ya nnete. 11Kahoo ha ho sa le moditjhaba kapa Mojuda, ya bolotseng kapa ya sa bollang, ya hlaha, ya tala, lekgoba le molokolohi, empa ho na le Kreste feela; ke yena tsohle, mme o ho bohle.
12Kaha le le bakgethwa ba Modimo, ba halaleditsweng, ba ratwang ke yena, ebang le kutlwelobohloko, le mosa, le boikokobetso, le bonolo, le boiphapanyo. 13Ha e mong a lla ka e mong le mamellane, mme le tshwarelane jwalokaha le Morena a le tshwaretse. 14Hodima tsena tsohle, ebang le lerato, e leng lona le tlamahanyang tsohle hore di phethehe.
15Kgotso ya Kreste e ke e buse dipelo tsa lona. Ke ka kgotso ena Modimo a le bitseditseng ho ba mmele o le mong. Lebohang ke hona. 16Lentswe la Kreste le ahe ka ho lona ka menono yohle ya lona. Rutanang, mme le eletsane ka bohlale bohle. Ka dipelo tse tletseng teboho, binelang Modimo dipesalema, difela le dipina tse halalelang. 17Eng kapa eng eo le e etsang kapa le e bolelang, le e etse lebitsong la Morena Jesu, mme ka yena le lebohe Modimo Ntata lona.
Bophelo bo botjha le ho phedisana ha batho
18Lona basadi, ikokobeletseng banna ba lona jwalokaha e le tshwanelo, ka baka la Morena.
19Lona banna, ratang basadi ba lona, mme le se ke la ba hlonamela.
20Lona bana, mamelang batswadi ba lona dinthong tsohle, hobane hona ho kgahlisa Morena.
21Lona batswadi, le se ke la kgentsha bana ba lona, esere ba nyahama dipelo.
22Lona makgoba, mamelang beng ba lona ba lefatshe dinthong tsohle. Hona le se ke la ho etsa feela ha ba le teng, jwaloka ba ratang ho kgahlisa batho, le mpe le ho etsa ka botshepehi, ka ho tshaba Morena. 23Sohle seo le se etsang, le se etse ka dipelo tsohle tsa lona, jwaloka hoja le se etsetsa Morena, e seng batho. 24Tsebang hore Morena o tla le putsa ka ho le etsa majalefa a hae. Morena eo le mo sebeletsang ke Kreste. 25Ha e le ya etsang ho sa lokang, o tla amohela moputso wa ho se loke, kaha Modimo ha a ye ka tshobotsi.

Currently Selected:

BAKOLOSE 3: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy