YouVersion Logo
Search Icon

BAKOLOSE 1

1
Tumediso
1Nna Paulosi, moapostola wa Kreste Jesu ka thato ya Modimo, le Timothea ngwanabo rona, 2re dumedisa badumedi ba Kolose, bana babo rona ba tshepahalang ho Kreste, re re: Mohau le kgotso ya Modimo Ntata rona di ke di be le lona.
Paulosi o leboha Modimo ka baka la Bakolose
3Kamehla ha re ntse re le rapella, re leboha Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste. 4Re utlwile tsa tumelo ya lona ho Kreste Jesu, le tsa lerato leo le nang le lona ho badumedi bohle, 5ka baka la ho tshepa tseo le di boloketsweng mahodimong. Le utlwile tsa tshepo eo ka lentswe la nnete, e leng molaetsa o molemo 6o le fihletseng. Molaetsa oo o namela lefatsheng lohle, mme o beha ditholwana. O entse jwalo le ho lona, ho tloha mohla le neng le utlwa tsa mohau wa Modimo, mme la fela la utlwisisa seo o leng sona. 7Sena le ile la se rutwa ke Epafarase, molekane wa rona ya ratehang wa bohlanka, eo e leng mosebeletsi ya tshepahalang wa Kreste, ya lebitsong la rona. 8Ke yena ya re tsebisitseng tsa lerato leo Moya o Halalelang o le neileng lona.
Kreste le mosebetsi wa hae
9Ka baka leo, ho tloha mohla re neng re utlwa hona, rona ha re a ka ra kgaotsa ho le rapella. Re nnile ra kopa Modimo hore a le fe ho tseba thato ya hae, ka ho le nea bohlale bohle le kutlwisiso yohle e tswang ho Moya wa hae. 10Ka tsela ena le tla phela ka mokgwa o tshwanelehang mahlong a Modimo, le mo kgahlise dinthong tsohle. Le tla atleha mesebetsing yohle e lokileng, mme le hole tsebong ya Modimo. 11Le tla matlafatswa ka mekgwa yohle, ka matla a tswang tlotleng ya hae, hore le tle le be le tiisetso le mamello e phethehileng. 12A le ke le leboheng Modimo Ntate ka thabo, yena ya le entseng ba lokelang ho ba le kabelo lefeng la bahalaledi, leseding. 13O re ntshitse matleng a lefifi, a re fetisetsa mmusong wa Mora wa hae ya ratehang, 14eo ka yena re fumanang topollo le tshwarelo ya dibe.
15Kreste ke setshwantsho sa Modimo ya sa bonweng. Ke yena Letsibolo, ya bileng teng pele ho tsohle tse hlodilweng. 16Ke ka yena Modimo a hlodileng tsohle, mahodimong le lefatsheng, tse bonwang le tse sa bonweng, esita le meya e laolang, leha e le e renang, e busang kapa e okamelang. Tsohle di hlodilwe ka yena, mme di hloletswe yena. 17Yena o bile teng pele ho tsohle, mme tsohle di tlamahantswe ke yena. 18Hape ke yena hlooho ya mmele, e leng kereke. Ke yena qaleho, ke yena wa pele ya tsohileng bafung, e le hore, dinthong tsohle, e tle e be yena wa pele. 19Ho kgahlile Modimo hore Kreste a be le bomodimo ka ho tlala, 20le hore, ka Kreste, a boelanye dintho tsohle le yena, leha e le tse lefatsheng kapa tse mahodimong, ka ho hloma kgotso ka madi a Kreste a tsholohileng sefapanong.
21Pele le lona le ne le le hole le Modimo, le le dira tsa hae ka mehopolo ya lona le ka mesebetsi ya lona e mebe. 22Empa kajeno Modimo o le boelantse le yena ka lefu la Kreste, ka mmele wa hae o shwang, e le hore le tsebe ho hlaha pela hae le le ba halalelang, ba se nang sekodi, ba hlwekileng. 23Feela eka kgona le tiisetse tumelong. Le tshware le tiye, le se kgelohe tshepong eo le bileng le yona ha le utlwa molaetsa o molemo, o phatlalletswang dibopuwa tsohle tse tlasa letsatsi, oo nna Paulosi ke entsweng mosebeletsi wa wona.
Mosebetsi wa Paulosi kerekeng
24Ke thabela ho hlokofatswa ka baka la lona jwale, hobane bothong ba ka ke qetela mahloko a saletseng ho ao Kreste a bileng le wona ka baka la mmele wa hae, e leng kereke. 25Ke entswe mosebeletsi wa kereke, ho ya ka mosebeletsi oo Modimo a nkabetseng wona hara lona, wa ho le ruta lentswe la hae ka ho tlala. 26Lentswe leo ke sephiri se neng se patetswe meloko e fetileng ho tloha kgale, empa kajeno se senoletswe badumedi ba hae. 27Modimo o ratile ho ba tsebisa menono le tlotla ya sephiri seo hara baditjhaba. Sephiri ke sena: Kreste o ka ho lona, eo ka yena le nang le tshepo ya tlotla.
28Ke yena eo re phatlalatsang tsa hae. Re ntse re lemosa batho bohle, mme re ba ruta bohlale bohle, hore re tle re ba hlahise e le ba phethehileng ho Kreste Jesu. 29Ke sona seo ke se sebeletsang ka thata, seo ke se lwanelang ka thuso ya Kreste, ya sebetsang ka matla a hae ka ho nna.

Currently Selected:

BAKOLOSE 1: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy