YouVersion Logo
Search Icon

AMOSE 6

6
Ho timetswa ha Baiseraele
1Lona ba iketlileng le le Sione
le madimabe,
le lona ba tshabetseng
thabeng tsa Samaria;
lona baetapele
ba tjhaba se kapele ho tse ding,
bao ntlo ya Iseraele
e phallelang ho bona!
2Eyang motseng wa Kalene
le yo bona;
le tlohe moo,
le fetele Hamate e kgolo,
le nto theohela motseng
wa Bafilesita wa Gate!
Na mebuso eo le e feta ka letho?
Na naha ya yona e kgolo
ho feta ya lona?
3Ha le dumele
hore tsatsi la koduwa le haufi,
empa ketso tsa lona di a le atametsa,
di atametsa puso e sehloho!
4Le paqama
mealong e kgabisitsweng,
e kgabisitsweng ka manaka a tlou;
le kakalla tulong tsa lona,
tulong tse butshabutsha,
le ja nama ya dikonyana e bonojwana,
le je le ya manamane a nontshitsweng.
5Le letsa harepa tsa lona
jwaloka Davida,
pina tsa diletsa le di qapele seemeng.
6Veine ya lona
le e nwa ka mopotjwana,
le itlotse ka ditlolo tsa bohlokwa,
empa ha le llele
ho timetswa ha Josefa.
7Kahoo ke lona ba pele
ba tla thopuwa,
mekete ya lona ya dijo e tla fela.
Morena o nyonya boikakaso ba Baiseraele
8Morena Modimo o se a ikanne, Morena Modimo wa mabotho, o re:
“Ke nyonya boikakaso ba Jakobo,
ke hloile matlo a bokwele a hae;
ke tla neelana ka motse ona,
ke neelane ka tsohle tse ho wona.”
9Haeba ho ka sala banna ba leshome ka tlung e le nngwe, le bona ba tla shwa. 10Leha e mong wa bona, ya tshwanelang ho tjhesa ditopo, a ka tla di ntsha ka tlung, mme a botsa eo ebang o ntse a ipatile motsheo, a re: “Na ho sa na le e mong kantle ho wena?” Eo a araba, a re: “Tjhe!” Ke moo eo a tla re: “Thola! Ha re a tshwanela ho bitsa lebitso la Morena.”
11Morena ke yena ya laelang:
Ntlo e kgolo o tla e pshatlaka,
e nyenyane le yona a e thuake.
12Na dipere di ka matha mafikeng?
Na pholo di ka lema lewatleng?
Empa lona toka le e fetotse tjhefo,
tholwana ya ho loka
la e fetola leshokgwa.
13Lona ba thabelang Lo-Dabare,
lona le re:
“Na ha re a ikgapela Karanaime,
ra ikgapela yona ka matla a rona?”
14Morena Modimo wa mabotho o re:
“Lona Baiseraele,
ke tla le phepheletsa setjhaba,
se le hatelle
ho tloha Kgalong la Hamate,
se le hatelle
ho ya fihla Kgohlong ya Araba.”

Currently Selected:

AMOSE 6: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy