YouVersion Logo
Search Icon

DIKETSO 7

7
Puo ya Setefane
1Yaba Moprista e Moholo o re: “Na ke tsona?”
2Setefane a re: “Banna ba heso, le lona bo-ntate, mamelang! Modimo ya tlotlehang o ile a iponahatsa ho ntata rona Aborahama ha a sa le Mesopotamia, a eso ahe Kgarane; 3a re ho yena: ‘Tloha naheng ya heno le ho bang ka wena, o ye naheng eo ke tla o supisa eona.’
4“Jwale a tloha naheng ya Bakalatiya a tla aha Kgarane. Hoba ntatae a shwe, Modimo a mo fallisetsa naheng ena eo le ahileng ho yona kajeno. 5Teng ha a a ka a mo fa sebaka seo e leng sa hae, leha e le ho lekanang bohato ba leoto, empa a mo tshepisa hore o tla mo nea yona, e be leruo la hae le la ditloholo tsa hae kamora lefu la hae, le hoja a na se na ngwana. 6Modimo a bua tjena, a re: ‘Ditloholo tsa hao e tla ba bajaki naheng ya baditjhaba, mme di tla etswa makgoba, di sotlwe ka dilemo tse makgolo a mane. 7Empa setjhaba se tla di etsa makgoba ke tla se ahlola,’ ha rialo Modimo, ‘mme kamorao ho tsena di tla tloha, di tlo ntshebeletsa sebakeng sena.’ 8Yaba Modimo o etsa selekane le yena, pontsho ya sona e le lebollo. Yare hoba Aborahama a tswale Isaka, a mmolotsa ka tsatsi la borobedi. Isaka a bolotsa Jakobo, mme Jakobo a bolotsa baholoholo ba leshome le metso e mmedi.
9“Baholoholo ba honohela Josefa, ba mo rekisa Egepeta, empa Modimo o ne a ena le yena, 10a mo namolela matshwenyehong wohle a hae. Modimo a mo nea leseho le bohlale pela Faro, kgosi ya Egepeta, mme Faro a mo kgetha ho ba mmusisi wa Egepeta le wa ntlo ya hae yohle.
11“Jwale tlala ya wela Egepeta yohle le Kanana, matshwenyeho a eba maholo, mme bo-ntata rona ba hloka dijo. 12Eitse ha Jakobo a utlwa hore dijo di teng Egepeta, a roma bo-ntata rona kgetlo la pele. 13Ka kgetlo la bobedi Josefa a itsebisa bana babo, mme Faro a tseba leloko la Josefa. 14Yaba Josefa o romela ho bitsa ntatae Jakobo le bang ka yena bohle, e le batho ba mashome a supileng a metso e mehlano. 15Jakobo a theohela Egepeta, moo yena le bo-ntata rona ba hlokahaletseng teng. 16Ditopo tsa bona tsa tliswa Shekeme, mme tsa epelwa lebitleng leo Aborahama a neng a le reke Shekeme ka silefera, ho bara ba Hemore.
17“Yare ha nako ya tshepiso eo Modimo a e etseditseng Aborahama e atamela, setjhaba sa ata, sa ngatafala Egepeta, 18ho fihlela ha ho busa kgosi e nngwe e neng e sa ka ya tseba Josefa. 19Eo ya sebetsa leloko la rona ka mano, ya sotla bo-ntata rona, ya ba lahlisa masea a bona, hore a tle a se ke a phela.
20“Ke ka nako ena Moshe a ileng a tswalwa, mme a kgahleha ho Modimo. A hodisetswa habo ka kgwedi tse tharo. 21Ha a se a lahlilwe, moradi wa Faro a mo thola, a ikgodisetsa yena jwaloka hoja e le mora wa hae. 22Moshe a rutwa bohlale bohle ba Baegepeta, mme a ba matla dipolelong le mesebetsing ya hae.
23“Ha a ena le dilemo tse mashome a mane, pelong ya hae ha eba le takatso ya ho tjhakela bana babo, bana ba Iseraele. 24Yare ha a bona e mong a etswa hampe, a mo thusetsa; a pheteletsa ya tlatlapuwang ka ho bolaya Moegepeta. 25Jwale a hopola hore bana babo ba tla utlwisisa hore Modimo o tla ba pholosa ka letsoho la hae, empa ha ba a ka ba utlwisisa. 26Ka letsatsi le hlahlamang, a fumana ba bang ba lwana, a leka ho ba boelanya hore ba etse kgotso, a re: ‘Banna, le bana ba motho; le etsetsanang hampe?’
27“Empa ya neng a etsa wa habo hampe a sutumeletsa Moshe thoko, a re: ‘Ke mang ya o entseng mmusi le moahlodi hodima rona? 28O so rata ho mpolaya jwalokaha o bolaile Moegepeta maobane?’ 29Moshe ha a utlwa polelo ena, a baleha ya eba mojaki naheng ya Midiane, moo a ileng a tswalla bara ba babedi teng.
30“Ha ho fetile dilemo tse mashome a mane, lengeloi la iponahatsa ho yena lehwatateng la thaba ya Sinai, le le hara malakabe a sehlahla se meutlwa, se tukang. 31Moshe ha a bona pono eo a e makalla. Ha a atamela ho shebisisa, lentswe la Morena la utlwahala, la re: 32‘Ke nna Modimo wa bo-ntatao, Modimo wa Aborahama, le wa Isaka, le wa Jakobo.’ Yaba Moshe o a thothomela, o hloka le sebete sa ho shebisisa.
33“Morena a re ho yena: ‘Rola meqathatso ya hao, hobane sebaka seo o emeng ho sona se a halalela. 34Ruri ke bone tshotleho ya setjhaba sa ka se Egepeta, ke utlwile ho dumaela ha sona, mme ke theohetse lefatsheng ke hona ho tla se lopolla; jwale tloo, ke tla o roma Egepeta.’
35“Moshe enwa, eo ba neng ba mo latole, ba re: ‘Ke mang ya o entseng mmusi le moahlodi?’ ke yena eo Modimo a mo romileng ka thuso ya lengeloi, le iponahaditseng sehlahleng, ho ba mmusi le molopolli. 36Ke yena ya ba ntshitseng Egepeta, a etsa dimakatso le mehlolo naheng eo, le Lewatleng le Lefubedu, le lehwatateng, ka dilemo tse mashome a mane. 37Ke yena Moshe enwa ya itseng ho bana ba Iseraele: ‘Hara bana babo lona, Modimo o tla le hlahisetsa Moporofeta ya kang nna.’ 38Ke yena ya ileng a ba teng phuthehong e lehwatateng, a ena le lengeloi le neng le bua le yena Thabeng ya Sinai, a ntse a ena le bo-ntata rona; ke yena ya amohetseng dipolelo tse phedisang ho le nea tsona.
39“Empa bo-ntata rona ba ile ba hana ho mo mamela, ba mo sutumeletsa thoko, dipelo tsa bona tsa kgutlela Egepeta, 40ba re ho Arone: ‘Re etsetse medimo e tla re etella pele, hobane Moshe enwa, ya re ntshitseng naheng ya Egepeta, ha re tsebe se mo hlahetseng.’ 41Matsatsing ao ba bopa namane, ba tlisetsa setshwantsho seo sehlabelo, ba thabela mesebetsi ya matsoho a bona. 42Yaba Modimo o a ba furalla, o neelana ka bona ho sebeletsa lebotho la lehodimo, jwalokaha ho ngotswe bukeng ya baporofeta, ho thwe:
“ ‘Na lona ba ntlo ya Iseraele,
le nnyeheletse ka tse hlabilweng
le ka dinyehelo
ka dilemo tse mashome a mane
lehwatateng?
43Le ile la jara tente ya Moloke,
le naledi ya modimo
o bitswang Refane,
e leng ditshwantsho
tseo le di etseditseng
ho di kgumamela.
Kahoo ke tla le fallisetsa
ka nqane ho Babilona.’
44“Bo-ntata rona ba ne ba ena le Tente e pakang boteng ba Modimo lehwatateng, kamoo ho laetseng ya neng a bua le Moshe kateng, hore a e etse jwaloka setshwantsho seo a ileng a se bona. 45Bo-ntata rona ba e amohela. Tlasa tsamaiso ya Joshua, ba tla le yona naheng ya baditjhaba, bao Modimo a ileng a ba leleka pela bo-ntata rona, ho fihlela mehleng ya Davida. 46Davida a ratwa ke Modimo, mme a kopa ho fumanela Modimo wa Jakobo ntlo. 47Empa ke Solomone ya ileng a mo hahela ntlo eo.
48“Feela Ya Hodimodimo ha a dule matlung a hahilweng ka matsoho, jwalokaha moporofeta a re:
49“ ‘Lehodimo ke terone ya ka,
lefatshe ke bonamelo
ba maoto a ka;
lona le tla nkgahela ntlo e jwang,
ho rialo Morena,
kapa sebaka ke sefe
seo nka phomolang ho sona?
50Na tsee tsohle ha di a etswa
ke letsoho la ka na?’
51“Lona ba manganga, ba pelo di thata, le tsebe tse sa mameleng jwaloka tsa bahedene, kamehla le lona le hlola le hanyetsa Moya o Halalelang, jwaloka bo-ntata lona! 52Ke ofe wa baporofeta ya sa kang a hloriswa ke bo-ntata lona? Ba bolaile ba neng ba bolele pele ho tla ha Ya Lokileng, eo le lona le bileng baeki le babolai ba hae; 53lona ba amohetseng Molao oo le o neeleditsweng ke mangeloi, empa la se ke la o boloka.”
Setefane o tlepetswa ka majwe
54Yare ha ba utlwa tsena, dipelo tsa bona tsa hlabeha, mme ba mo tsikitlanyetsa meno. 55Empa kaha a ne a tletse Moya o Halalelang, a tadima lehodimong, a bona kganya ya Modimo, le Jesu a eme ka letsohong le letona la Modimo, 56mme a re: “Bonang! Ke bona mahodimo a butswe, le Mora Motho a eme ka letsohong le letona la Modimo.”
57Jwale ba howa ka mantswe a phahameng, ba ithiba ditsebe, ba mo rutlolohela hong. 58Ba mo kgarameletsa kantle ho motse, ba mo tlepetsa ka majwe. Dipaki tsa bea diaparo tsa tsona maotong a mohlankana ya bitswang Saule.
59Ba tlepetsa Setefane ka majwe, a ntse a rapela, a re: “Morena Jesu, amohela moya wa ka!” 60Yaba o a kgumama, o howa ka lentswe le phahameng, o re: “Morena, o se ke wa ba balla sebe sena.” Hoba a rialo, a ithoballa.

Currently Selected:

DIKETSO 7: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy