YouVersion Logo
Search Icon

DIKETSO 3

3
Phodiso ya monna wa seritsa kgorong ya Tempele
1Petrose le Johanne ba nyolohela Tempeleng ho ya thapelong ya hora ya boraro, motsheare wa mantsiboya. 2Monna e mong ya tswetsweng e le seritsa, o ne a ye a nkwe ka matsatsi wohle, a bewe kgorong ya Tempele e bitswang Kgoro e Ntle, hore a kope dithuso ho ba kenang ka Tempeleng. 3Ha a bona Petrose le Johanne, ba le lekgatheng la ho kena ka Tempeleng, a kopa dithuso. 4Empa Petrose, a ena le Johanne, a mo tadimisisa, a re: “Re shebe!” 5Yaba o a ba sheba, a lebeletse ho fumana ho hong ho bona.
6Jwale Petrose a re: “Ha ke na silefera kapa kgauta, empa seo ke nang le sona ke o fa sona. Ka lebitso la Jesu Kreste wa Nasaretha ema, o tsamaye!” 7A mo tshwara ka letsoho le letona, a mo emisa; maoto a hae le maqaqailana a tiya hanghang. 8A raoha, a ema, a tsamaya, mme a kena le bona ka Tempeleng a ntse a tsamaya, a tlolaka, a rorisa Modimo. 9Batho bohle ba mmona a tsamaya, a ntsa rorisa Modimo. 10Ba tseba hore ke yena ya neng a dula kgorong ya Tempele, e bitswang Kgoro e Ntle, a kopa dithuso; ba makala haholo, mme ba hlollwa ke se etsahetseng ho yena.
Puo ya Petrose mathuleng a Solomone
11Ha monna eo a ntse a itshwareletse ka Petrose le Johanne, batho bohle ba mathela ho bona mathuleng a bitswang a Solomone, ba maketse haholo. 12Petrose ha a bona hoo, a re ho bona: “Banna ba Iseraele, keng ha le makalla taba ee? Le re tadimelang jwalokaha eka ke ka matla a rona, kapa ka borapedi ba rona, re entseng hore monna eo a tsamaye? 13Modimo wa Aborahama, le wa Isaka, le wa Jakobo, Modimo wa bo-ntata rona, o tlotlisitse mohlanka wa hae, Jesu, eo lona le neelaneng ka yena, la mo hana kapele ho Pilato, ha yena a ne a rerile ho mo lokolla. 14Empa lona le hanne Ya Halalelang, Ya Lokileng, la kopa hore le lokollelwe monna wa mmolai. 15Le bolaile Mohlodi wa bophelo, eo Modimo a mo tsositseng bafung, mme rona re dipaki. 16Ka ho dumela lebitsong la Jesu, lebitso leo le matlafaditse monna enwa, eo le mmonang, le mo tsebang, mme tumelo e tswang ho Jesu ya mo fodisa pontsheng ya lona bohle.
17“Jwale, bana beso, ke a tseba hore lona, jwaloka babusi ba lona, le entse hona ka baka la ho hloka tsebo. 18Empa tseo Modimo a di boletseng e sa le pele, ka melomo ya baporofeta bohle, hore Mesia wa hae o tla hlokofatswa, o di phethahaditse ka wona mokgwa ona. 19Ka baka leo, bakang, le sokolohe, dibe tsa lona di tle di hlakolwe, 20hore ho tle ho tle dinako tsa kgatholoho, tse tswang ho Morena, mme a tle a rome Jesu, eo a le kgethetseng yena e sa le pele ho ba Mesia. 21Ke yena eo lehodimo le tshwanetseng ho mo amohela ho fihlela mehla ya ha ho busetswa dintho tsohle madulong, mehla eo Modimo a buileng ka yona ka melomo ya baporofeta ba hae ba halalelang, ho tloha mehleng ya boholoholo. 22Moshe a na a re: ‘Hara bana babo lona, Morena, Modimo wa lona, o tla le hlahisetsa Moporofeta ya kang nna. Le tle le mo mamele dinthong tsohle tseo a tla di bua ho lona. 23Mang le mang ya sa tlo mamela Moporofeta eo, o tla timetswa ho hang setjhabeng.’
24“Le baporofeta bohle, ho qala ka Samuele le ba mo hlahlamileng, bohle ba buileng, le bona ba boletse matsatsi ana. 25Lona le bana ba baporofeta le majalefa a selekane seo Modimo a neng a se etse le bo-ntata rona, ha a re ho Aborahama: ‘Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla hlohonolofala ka ditloholo tsa hao.’ 26Modimo o hlahisitse mohlanka wa hae, a mo roma ho lona pele, ho hlohonolofatsa e mong le e mong wa lona, ha a sokoloha bobeng ba hae.”

Currently Selected:

DIKETSO 3: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy