YouVersion Logo
Search Icon

DIKETSO 25

25
Paulosi o ipiletsa ho Sesare
1Yare hoba Fesetose a fihle naheng eo, ha feta matsatsi a mararo, yaba o tloha Sesaria o nyolohela Jerusalema. 2Baprista ba baholo le baetapele ba Bajuda ba qosa Paulosi. Ba rapela Fesetose, 3ba mo kopa hore a ba tswele molemo wa hore Paulosi a romelwe Jerusalema, kaha ba ne ba rerile ho mo lalla tseleng, ba mmolaye. 4Empa Fesetose a araba ka ho re Paulosi o tla bolokwa Sesaria, mme le yena o rerile ho etela teng haufinyane. 5Hape a re: “Ba ka bang le hona hara lona ba theohe le nna, mme haeba ho ena le letho le phoso ho monna eo, ba mo qose.”
6Yare hoba a hlole le bona matsatsi a ka bang robedi, kapa a leshome, a theohela Sesaria. Ka le hlahlamang a dula setulong sa boahlodi, a laela hore Paulosi a tliswe. 7Ha a fihlile, Bajuda ba neng ba theoha Jerusalema ba mo teela hare, ba mo qosa ka diqoso tse ngata, tse boima, empa tseo ba neng ba sitwa ho di pakahatsa.
8Paulosi a ikarabella ka ho re: “Ha ke a sitelwa Molao wa Sejuda, kapa Tempele, esita le Sesare.”
9Empa Fesetose, ka ho rata ho kgahlisa Bajuda, a botsa Paulosi, a re: “Na o lakatsa ho nyolohela Jerusalema ho ya ahlolelwa diqoso tsee kapele ho nna na?”
10Paulosi a re: “Ke eme kapele ho lekgotla la Sesare la boahlodi, moo ke lokelang ho ahlolelwa teng. Ha ke a fosetsa Bajuda ka letho, jwalokaha le wena o tseba hantle. 11Haeba ke fositse, mme ke entse ho hong ho lokelwang ke lefu, ha ke hane ho shwa. Empa haeba ho se nnete tabeng tseo bana ba nqosang ka tsona, ha ho motho ya ka nneelang bona. Ke ipiletsa ho Sesare.”
12Hoba Fesetose a buisane le lekgotlana la hae, a re: “O ipileditse ho Sesare; o tla ya kapele ho Sesare.”
Paulosi o tliswa kapele ho Ageripa le Berenike
13Ha ho fetile matsatsi a seng makae, kgosi Ageripa le Berenike ba fihla Sesaria, ba ya boka dikgomo ho Fesetose. 14Ha ba qetile matsatsi a mangata ba le moo, Fesetose a bolella kgosi ditaba tse amanang le Paulosi, a re: “Ho na le monna e mong eo Felekise a mo siileng e le motshwaruwa. 15Ha ke le Jerusalema, baprista ba baholo le baholo ba Bajuda ba ile ba mo qosa, mme ba kopa hore a ahlolwe.
16“Ke ile ka ba araba ka ho re hase moetlo wa Baroma ho neelana ka moqosuwa a eso thulanngwe le baqosi ba hae, le ho newa sebaka sa ho ikarabella qosong ya hae. 17Ka le hlahlamang, ha ba se ba tlile kwano, ke ile ka dula setulong sa boahlodi ntle ho tikatiko, mme ka laela hore monna eo a tliswe. 18Ha baqosi ba ema ba sitwa ho hlahisa le e nngwe ya diqoso tse mpe, tseo ke neng ke di nahanne. 19Ba phehisana kgang le yena ka taba tse itseng tsa bodumedi ba bona, le ka e mong eo ho thweng ke Jesu, ya neng a shwe, empa eo Paulosi a tiisang hore o a phela. 20Ka ho tsietswa ke taba tsena, ka re na a ka rata ho ya Jerusalema, hore taba tsena di yo ahlolelwa teng. 21Empa Paulosi a ipiletsa hore a bolokwe tjhankaneng, a emele kahlolo ya Motlotlehi. Ke ile ka laela hore a bolokwe ho fihlela nka mo romela ho Sesare.”
22Ageripa a re ho Fesetose: “Le nna nka rata ho utlwa motho eo.”
Fesetose a re ho yena: “O tla mo utlwa hosasane.”
23Ka tsatsi le hlahlamang, Ageripa le Berenike ba fihla ba aperwe ke balaodi ba ba sekete, le banna ba motse ba ka sehloohong, ba kena ka tlung. Ka taelo ya Fesetose, Paulosi a tliswa. 24Fesetose a re: “Kgosi Ageripa, le lona banna bohle ba teng mona, le bona monna enwa, eo setjhaba sohle sa Bajuda se ipileditseng ho nna ka yena ke le Jerusalema leha ke le mona, sa howa, sa re ha a sa tshwanetse ho nna a phela. 25Empa ha ke a fumana a entse letho le lokelwang ke lefu. Eitse yena ha a ipiletsa ho Motlotlehi, ka rera ho mo romela teng. 26Ha ho letho le tiileng leo nka le ngollang kgosi ya ka. Ka baka leo, ke mo tlisitse kapele ho lona, haholoholo kapele ho wena, kgosi Ageripa, e le hore, ha ho se ho entswe hlahlobo ke tle ke be le seo nka se ngolang. 27Ho nna ho bonahala eka e ka ba ho hloka kelello ho romela motshwaruwa ke sa bontshe melato eo a qoswang ka yona.”

Currently Selected:

DIKETSO 25: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy