YouVersion Logo
Search Icon

DIKETSO 22

22
1“Banna ba heso, le lona bo-ntate, mamelang boikarabello ba ka ho lona.”
2Ha ba utlwa hore o bua le bona ka Seheberu, ba kgutsa le ho feta pele, mme a re: 3“Nna ke monna wa Mojuda ya tswaletsweng Tarasuse e Silesia, empa ke hodiseditswe motseng ona, ke le morutwana wa Gamaleele, ka rutwa ka nepisiso Molao wa bo-ntata rona, ka tjhesehella Modimo jwaloka lona bohle, kajeno. 4Ka ikakgela ka setotswana ho hlorisa balatedi ba Tsela ena ya Morena, ka tlama banna le basadi, ka ba isa tjhankaneng. 5Le Moprista e Moholo le lekgotla lohle la baholo ba ka mpaka. Ba ile ba mpha mangolo a ngoletsweng Bajuda baheso ba Damaseka. Ka ya teng hore ke tlise ba Tsela ena Jerusalema ba tlamilwe, hore ba tle ba otlwe.”
Paulosi o bolela tsa tshokoloho ya hae
(Dik. 9:1-19; 26:12-18)
6“Ha ke le tseleng, mme ke atametse Damaseka, e batla e eba hara mpa ya motsheare, hanghang ka teelwa hare ke lesedi le leholo le tswang lehodimong. 7Ka wela fatshe, mme ka utlwa lentswe le re ho nna: ‘Saule! Saule! O ntlhorisetsang na?’
8“Ka araba, ka re: ‘O mang, Morena?’
“Yaba o re ho nna: ‘Ke nna Jesu wa Nasaretha, eo o mo hlorisang.’ 9Ba neng ba ena le nna ba ile ba bona lesedi, empa ha ba ya ka ba utlwisisa hore na ya buang le nna o reng.
10“Ka re: ‘Ke etse jwang, Morena?’
“Morena a re ho nna: ‘Tsoha, o kene Damaseka, mme teng o tla bolellwa tsohle tseo Modimo a rerileng hore o di etse.’ 11Kaha ke ne ke foufaditswe ke kganya ya lesedi leo, bao ke neng ke ena le bona ba ntataisa ka letsoho, mme ka ya fihla Damaseka.
12“Jwale monna e mong ya bitswang Ananiase, ya hlomphang Modimo ho ya ka Molao, ya pakwang ke Bajuda bohle ba ahileng moo, 13a tla ho nna, mme a ema pela ka, a re: ‘Saule, ngwaneso, boela o bone!’ Ka yona nako eo ka boela ka foufoloha, mme ka mmona.
14“A re: ‘Modimo wa bo-ntata rona o o kgethile hore o tsebe thato ya hae, o bone Ya Lokileng, mme o utlwe lentswe le tswang molomong wa hae, 15hobane o tla ba paki ya hae ho batho bohle, o pake tseo o di boneng, le tseo o di utlwileng. 16Jwale o diehelang? Ema, o kolobetswe, o hlatsuwe dibe tsa hao ka ho rapela lebitso la hae.’ ”
Thomo ya Paulosi ho baditjhaba
17“Ha ke kgutletse Jerusalema, mme ke ntse ke rapela ka Tempeleng, ka ba le pono. 18Ka bona Morena, mme a re ho nna: ‘Phakisa o tlohe Jerusalema kapelepele, hobane ha ba ka ke ba amohela bopaki boo o mpakang ka bona.’
19“Ka re: ‘Morena, ba a tseba hore ba dumelang ho wena ke ne ke ba hlahlela tjhankaneng, ke ba shapela ka matlung a thapelo. 20Ha ho tshollwa madi a paki ya hao, Setefane, ke ne ke le teng ka sebele, ke dumela, mme ke lebetse diaparo tsa ba mmolayang.’
21“A re ho nna: ‘Eya, hobane ke tla o roma hole, ditjhabeng!’ ”
Paulosi le molaodi wa ba sekete wa Moroma
22Ba mo mamela ho fihlela a bolela polelo ena, ba nto howa, ba re: “Tlosang motho ya tjena lefatsheng, hobane ha a lokele ho phela.”
23Ha ba ntse ba howeletsa, ba hlobola diaparo tsa bona, ba kgophola marole. 24Yaba molaodi wa ba sekete o laela hore Paulosi a kenngwe ka qhobosheaneng. A re hape a hlokofatswe ka ho shapuwa, hore a tle a tsebe hantle lebaka leo ba mo tlakang ka lona hakaalo. 25Empa yare ha ba mo tlama ka marapo, Paulosi a re ho molaodi wa ba lekgolo, ya emeng moo: “Na ho a dumelleha hore le shape motho eo e leng Moroma, a eso ka a ahlolwa na?”
26Yare ha molaodi wa ba lekgolo a utlwa hona, a ya ho molaodi wa ba sekete, a mo tsebisa, a re: “Motho enwa ke Moroma! O etsang?”
27Molaodi wa ba sekete a atamela, a re ho Paulosi: “Mpolelle, na o Moroma?”
A re: “E.”
28Molaodi a araba, a re: “Nna ke rekile Boroma bona ka tjhelete e ngata!”
Paulosi a re: “Nna ke Moroma ka tswalo.”
29Ba neng ba le lekgatheng la ho mo hlokofatsa, ba sutha hanghang ho yena. Le molaodi a tshoha ha a utlwa hore Paulosi ke Moroma, hobane o ne a se a mo tlamile.
Paulosi ka kgotla
30Ka la hosasane, kaha a ne a lakatsa ho tseba hantle hore na Paulosi o qoswa kang ke Bajuda, a mo lokolla, a laela hore baprista ba baholo, le lekgotla lohle, ba phuthehe, a nto tlisa Paulosi, a mo emisa kapele ho bona.

Currently Selected:

DIKETSO 22: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy