YouVersion Logo
Search Icon

DIKETSO 20

20
Paulosi o ya naheng tsa Masedonia le Gerike
1Ha moferefere o kgaoditse, Paulosi a bitsa barutuwa, a ba kgothatsa, a ba dumedisa, yaba o ya Masedonia. 2Yare ha a fetile dibakeng tseo, mme a kgothaditse batho ba teng ka puo e telele, a ya Gerike. 3A hlola teng dikgwedi tse tharo. Ha a se a tla tshelela Siria ka sekepe, Bajuda ba mo lalla, mme a rera ho kgutla ka la Masedonia. 4A felehetswa ke Sopaterose, mora wa Purose wa Berea, Arisetarekose le Sekundose ba Thesalonika, Gaiose wa Derebe, le Timothea, Tikikose le Terofimose ba Asia. 5Ba re etella pele, ba ya re emela Terowase. 6Hoba ho fete matsatsi a mokete wa bohobe bo sa lomoswang, ra kena ka sekepeng, ra tloha Filipi, mme kamora matsatsi a mahlano ra fihla ho bona, Terowase; teng ra hlola matsatsi a supileng.
Paulosi o etela motse wa Terowase ho ya dumedisa
7Yare ka tsatsi le qalang beke, ha re phuthehile ho ngwatha bohobe, Paulosi a buisana le ba phuthehileng. Kaha a ne a ikemiseditse ho tloha ka le hlahlamang, a bua ho fihlela e eba seroko. 8Ho ne ho ena le mabone a mangata ka kamoreng e kahodimo, moo re neng re phuthehetse teng. 9Yaba mohlankana e mong ya bitswang Eutukose, ya neng a dutse fesetereng, o ya le sephume sa boroko ha Paulosi a ntse a buisana le bona nako e telele. A hlolwa ke boroko, a wela fatshe a le mokatong wa boraro wa ntlo e kahodimo, mme a nkwa a se a shwele. 10Paulosi a theoha, a itihela hodima hae, a mo hlasinya, a re: “Le se ke la tshoha, hobane o ntse a phela.” 11A nyolohela kahodimo hape, mme a ngwatha bohobe, a ja, a nna a bua halelele ho fihlela bo esa, a nto itsamaela. 12Ba tlisa mohlankana a phela, mme ba tshediseha haholo.
Leeto la ho tloha Terowase ho ya Mileta
13Rona ra ba etella pele ka sekepe, ra tshelela Asose, moo re neng re ikemiseditse ho palamisa Paulosi teng, hobane o ne a lokisitse jwalo hore yena o tla ya ka maoto. 14Ha a teana le rona Asose, ra mo palamisa, ra ya fihla Mitulene. 15Ra tloha teng ka sekepe, mme ka la hosasane ra feta pela Kiose. Ka le hlahlamang ra tshelela Samose, yare ho esa ra fihla Mileta. 16Paulosi o ne a rerile ho feta feela Efese, hore a tle a se ke a dieha Asia, hobane o ne a itlhahaneletse ho ba Jerusalema ka letsatsi la Pentekonta, ha ho ka etsahala.
Tumediso ya Paulosi ho baholo ba Efese
17Jwale ha a le Mileta, a romela Efese ho bitsa baholo ba kereke. 18Ha ba fihla ho yena, a re ho bona: “Le a tseba kamoo ke phetseng le lona kateng ka nako yohle, ho tloha ka tsatsi la pele leo ka lona ke qadileng ho bea leoto lefatsheng la Asia, 19ke sebeletsa Morena ka boikokobetso bohle le ka meokgo, le hara meleko e ileng ya ntlhahela ka baka la maraba a Bajuda. 20Le a tseba kamoo ke sa kang ka le patela letho le molemo kateng, ha ke ntse ke bolela, mme ke ruta kapele ho setjhaba le malapeng a lona, 21ke ntse ke qophella Bajuda le Bagerike ho sokolohela ho Modimo le ho dumela ho Morena wa rona Jesu.
22“Jwale bonang, ke ya Jerusalema ke susumetswa ke Moya, ke sa tsebe tse tla ntlhahela teng, 23haese hore Moya o Halalelang o ntemosa hore motseng o mong le o mong, ditlamo le matshwenyeho di nkemetse. 24Empa ha ke re letho ka bophelo ba ka, ha feela nka phetha mosebetsi wa ka, le tshebeletso eo ke neng ke e amohele ho Morena Jesu, ya ho paka tsa molaetsa o molemo wa mohau wa Modimo.
25“Jwale bonang, ke a tseba hore lona bohle bao ke tsamaileng hara lona ke ntse ke phatlalatsa tsa Mmuso, ha le sa tla bona sefahleho sa ka hape. 26Ka baka leo, ke etsa bopaki ho lona ka tsatsi lena, hore ha ke na molato mading a lona bohle, 27hobane ha ke a ka ka tshaba letho, ke le phatlalleditse thato yohle ya Modimo. 28Itlhokomeleng, le hlokomele le mohlape wohle, oo Moya o Halalelang o le beileng balebedi ba wona, hore le alose kereke ya Modimo, eo a iphumanetseng yona ka madi a Mora wa hae. 29Ke a tseba hore, ha ke se ke tlohile, diphiri tse sehloho di tla kena hara lona, mme di ke ke tsa qenehela mohlape. 30Esita le ho lona ka sebele ho tla hlaha banna ba tla sotha nnete, ho kgelosa barutuwa hore ba ba sale morao. 31Ka baka leo, fadimehang, le nne le hopole hore, ka lemo tse tharo, ha ke a ka ka phetsa ho eletsa e mong le e mong ka meokgo motsheare le bosiu.
32“Jwale ke le bea matsohong a Modimo le mohaung wa lentswe la hae le ka le hodisang, la le nea lefa hara bohle ba halaleditsweng. 33Ha ke a ka ka tswela silefera pelo, kapa kgauta, kapa diaparo tsa motho. 34Le lona le a tseba hore matsoho ana a ile a sebeletsa seo nna, le bao ke neng ke ena le bona, re neng re se hloka. 35Ke le bontshitse dinthong tsohle hore, ka ho sebetsa jwalo ka thata eka kgona le thuse mafutsana le ho hopola mantswe a Morena Jesu, kamoo yena a neng a re: ‘Ho fana ke lehlohonolo le fetang ho fuwa!’ ”
36Hoba a bolele tsena, a kgumama, a rapela le bona bohle. 37Ha eba le seboko se seholo ho bohle, ba kopa Paulosi ka molala, mme ba mo aka. 38Se ileng sa ba utlwisa bohloko haholo ke polelo eo a ileng a e bolela, ya hore ha ba sa tla hlola ba bona sefahleho sa hae hape. Yaba ba mo felehetsa ho mo isa sekepeng.

Currently Selected:

DIKETSO 20: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy