YouVersion Logo
Search Icon

DIKETSO 13

13
Kgetho le thomo ya Baranabase le Saule
1Kerekeng ya Antiokia ho ne ho ena le baporofeta le baruti, e leng Baranabase le Simeone, ya neng a bitswa Botsho, le Losaniase wa Sirene, le Manaene, ya hodisitsweng le kgosi Heroda, le Saule. 2Ha ba ntse ba phetha tshebeletso ya Morena Jesu, mme ba itima dijo, Moya o Halalelang wa re: “Nkgetheleng Baranabase le Saule bakeng sa mosebetsi oo ke ba bitseditseng wona.” 3Yare hoba ba itime dijo, mme ba rapele, ba ba bea matsoho, ba re ba tsamaye.
Baapostola ba ruta sehlekehlekeng sa Sipera
4Kaha ba ne ba romilwe ke Moya o Halalelang, ba theohela Selekose; ho tloha moo ba tshelela Sipera ka sekepe. 5Yare ha ba fihla Salamise, ba phatlalatsa lentswe la Modimo matlung a thapelo a Bajuda. Ba ne ba ena le Johanne, e le mothusi wa bona.
6Ha ba se ba tsamaile le sehlekehleke sohle ho ya fihla Pafose, ba fumana monna e mong wa senohe, e le moporofeta wa bohata, wa Mojuda, ya bitswang Barejesu. 7E ne e le lehlahana la mmusisi Seregiose Paulosi, monna ya sedi. Mmusisi enwa a bitsa Baranabase le Saule, hobane a ne a rata ho utlwa lentswe la Modimo. 8Empa Elemase wa senohe, kaha lebitso la hae le hlaloswa jwalo, a ba hanyetsa, a batla ho kgelosa mmusisi tumelong. 9Jwale Saule, ya bileng a bitswang Paulosi, a tletse Moya o Halalelang, a mo tadimisisa, a re: 10“Ngwana Diabolosi! Wena ya tletseng thetso le bokgopo bohle! Sera sa toka yohle! Na ha o sa tla kgaotsa ho kgopamisa ditsela tse lokileng tsa Morena? 11Jwale, bona, letsoho la Morena le a o otla: o tla foufala, o se ke wa bona letsatsi ka nako e itseng.”
Hanghang mohodi le lefifi tsa mo aparela, mme a nna a phopholetsa ho batla ya ka mo tataisang ka letsoho. 12Yare ha mmusisi a bona se etsahetseng, a dumela, a makalla thuto ya Morena.
Paulosi le Baranabase ba ya Antiokia e Pisidia
13Paulosi le ba nang le yena ba tloha Pafose ka sekepe, ba ya fihla Perege e Pamfilea. Johanne a kgaohana le bona, a kgutlela Jerusalema. 14Bona ba phunyeletsa ho tloha Perege, ho ya fihla Antiokia e Pisidia. Ba kena ka tlung ya thapelo ka letsatsi la Sabatha, ba dula fatshe. 15Yare hoba ba bale Molao le Baporofeta, baokamedi ba ntlo ya thapelo ba romela ho bona, ba re: “Banna ba heso, haeba le ena le lentswe le leng la ho kgothatsa batho bana, buang.”
16Paulosi a ema, a phoka ka letsoho, a re: “Banna ba Iseraele, le lona ba tshabang Modimo, mamelang! 17Modimo wa setjhaba sena sa Iseraele a na a kgetha bo-ntata rona moholo, a ba etsa setjhaba se seholo ha ba ntse ba jakile naheng ya Egepeta, mme a ba ntsha teng ka letsoho le matla. 18Ka dilemo tse ka bang mashome a mane a mamella mekgwa ya bona ha ba le lehwatateng. 19Ha a se a timeditse ditjhaba tse supileng naheng ya Kanana, a ba nea naha eo hore e be lefa la bona 20ka dilemo tse ka bang makgolo a mane le mashome a mahlano.
“Kamora tsena a ba nea baahlodi, ho fihlela mehleng ya moporofeta Samuele. 21Ho tloha moo ba ikopela ho fuwa kgosi, mme Modimo a ba nea Saule, mora wa Kishe, wa leloko la Benjamine, ya ileng a busa ka dilemo tse mashome a mane. 22Ha Modimo a se a mo tlositse, a bea Davida ho ba kgosi ya bona, eo a bileng a mo paka, a re: ‘Ke fumane Davida, mora wa Jese, e le monna eo ke mo ratang, ya tla phetha thato ya ka yohle.’
23“Ke ka ditloholo tsa monna enwa Modimo a ileng a tlisetsa Iseraele Mopholosi, e leng Jesu, ho ya ka tshepiso ya hae. 24Jesu a eso tle, Johanne o ne a ile a ruta batho bohle ba Iseraele hore ba bake, ba kolobetswe. 25Ha Johanne a qetile tsa thomo ya hae, a re: ‘Le lekanya hore nna ke mang? Ha ke Yena, empa bonang, kamora ka ho tla eo ke sa tshwanelang ho lokolla meqathatso maotong a hae.’
26“Banna ba heso, bana ba Aborahama, le lona ba tshabang Modimo, lentswe lena la pholoho le rometswe ho rona, 27hobane ba ahileng Jerusalema le babusi ba bona ba ne ba sa tsebe monna enwa le mantswe a baporofeta, a neng a balwa ka Sabatha se seng le se seng, empa ba a phethahaditse ka ho mo ahlola. 28Leha ba sa ka ba fumana a ena le molato o lokelang lefu, ba kopa Pilato hore a bolawe. 29Ha ba se ba phethile tsohle tse ngotsweng ka yena, ba mo theola sefapanong, ba mmea ka lebitleng. 30Empa Modimo a mo tsosa bafung. 31Ka matsatsi a mangata a iponahatsa ho ba neng ba nyolohile le yena ho tloha Galelea ho tla Jerusalema, bao jwale e leng dipaki tsa hae ho batho.
32“Rona re le bolella molaetsa o molemo: Seo Modimo a neng a se tshepisitse bo-ntata rona, 33o se phethahaditse ho rona, bana ba bona, ka ho tsosa Jesu bafung, jwalokaha ho ngotswe Pesalemeng ya bobedi, ho thwe:
“ ‘O Mora wa ka,
kajeno ke o tswetse;’
34“le hore Modimo o mo tsositse bafung, hore a se ke a hlola a boela ho boleng, ke seo a se boletseng ha a re:
“ ‘Ke tla le nea mahlohonolo
a halalelang a sebele,
a tiisitsweng a Davida.’
35“Hape sebakeng se seng o re:
“ ‘Ha o ka ke
wa tlohella Ya Halalelang wa hao
hore a bole.’
36“Efela Davida hoba a sebeletse moloko wa hae, a phethe thato ya Modimo bophelong ba hae, o ile a ithoballa, a epelwa pela bo-ntatae, a bola. 37Athe ya tsositsweng bafung ke Modimo ha a ka a bola.
38“Ka baka leo, tsebang he, bana beso, hore ka Jesu le phatlalletswa tshwarelo ya dibe. Le dinthong tsohle tseo le neng le sitwa ho fumanwa le se molato ho tsona ka Molao wa Moshe, 39mang le mang ya dumelang ho Jesu o fumanwa a se molato ho tsona. 40Ka baka leo, hlokomelang, esere la hlahelwa ke se neng se bolelwe ke baporofeta:
41“ ‘Tadimang, lona banyedisi ting!
Makalang, le be le timele!
Ke etsa ho hong
mehleng ena ya hao;
ke etsa hoo o neng
o ke ke wa ho dumela,
leha o ne o ka ba
wa ho bolellwa.’ ”
42Yare ha ba etswa, batho ba ba kopa hore ba tle ba ba bolelle ditaba tseo le ka Sabatha se latelang. 43Jwale ha phutheho e se e qhalane, Bajuda ba bangata le basokolohi ba hlomphang Modimo, ba sala Paulosi le Baranabase morao. Bona ba bua le bona, ba ba kgothaletsa ho tiisetsa mohaung wa Modimo.
44Ka Sabatha se hlahlamang motse wa batla o phutheha kaofela ho tla utlwa lentswe la Modimo. 45Empa Bajuda ha ba bona matshwele, ba kenwa ke mona, ba hanyetsa tse builweng ke Paulosi, ba mo nyefola.
46Yaba Paulosi le Baranabase ba bua ka sebete, ba re: “Ho ne ho tshwanetse hore lentswe la Modimo le bolelwe ho lona pele, empa erekaha le le hana, le ikahlola hore ha le lokelwe ke bophelo bo sa feleng; bonang, re ya ho baditjhaba. 47Morena o re laetse tjena:
“ ‘Ke o entse lesedi la ditjhaba,
hore o ise pholoho
le dipheletsong tsa lefatshe!’ ”
48Yare ha baditjhaba ba utlwa ba thaba, mme ba tlotlisa lentswe la Morena. Bohle ba kgethetsweng bophelo bo sa feleng ba dumela.
49Lentswe la Modimo la anetswa sebakeng seo. 50Empa Bajuda ba kenya moya ho basadi ba hlomphehang, ba hlomphang Modimo, le ho banna ba ka sehloohong ba motse, hore ba hlorise Paulosi le Baranabase, mme ba ba leleka naheng ya bona. 51Yaba bona ba ba hlohlorela lerole le maotong a bona, ba ya Ikonione. 52Ha e le barutuwa bona ba tlala thabo le Moya o Halalelang.

Currently Selected:

DIKETSO 13: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy