YouVersion Logo
Search Icon

DIKETSO 12

12
Jakobo o a bolawa, Petrose o kenngwa tjhankaneng
1Ka nako eo, kgosi Heroda a tshwara batho ba bang ba kereke, ho ba hlokofatsa. 2A bolaya Jakobo ngwanabo Johanne ka sabole. 3Yare ha a bona hore taba eo e kgahlile Bajuda, a eketsa ka ho tshwara Petrose. E ne e le matsatsi a mokete wa bohobe bo sa lomoswang. 4Hoba a mo tshware, a mo kenya tjhankaneng, a mo neela dihlopha tse nne tsa bahlabani ba bane sehlopheng ka seng, hore ba mo lebele, a hopotse ho mo hlahisa kapele ho setjhaba kamora Paseka.
5Ka baka leo, Petrose a bolokwa tjhakaneng, empa kereke e ne e mo rapella ho Modimo e tiile.
Petrose o lopollwa tjhankaneng
6Bosiung boo Heroda a neng a tla tsoha a mo hlahisa ho setjhaba ka bona, Petrose o ne a robetse pakeng tsa bahlabani ba babedi, a tlamilwe ka mahlaahlela a mabedi, mme balebedi ba lebetse monyako wa tjhankana. 7Hanghang lengeloi la Morena la ema moo, mme lesedi la kganya ka tjhankaneng. Lengeloi la sisinya Petrose lehlakoreng, la mo tsosa, la re: “Tsoha kapele!” Mahlaahlela a matsohong a hae a wa.
8Lengeloi la re ho yena: “Tena, o rwale meqathatso ya hao.” A etsa jwalo. La re ho yena hape: “Apara seaparo sa hao, o ntatele.” 9A tswa, a le latela, a sa tsebe hore se etswang ke lengeloi ke nnete: A mpa a lekanya hore o bona pono. 10Yare hoba ba fete molebedi wa pele le wa bobedi, ba fihla monyakong wa tshepe o tswelang motseng; wa ipula, yaba ba a tswa, ba theosa ka seterata se le seng, mme hanghang lengeloi la tloha ho yena.
11Petrose ha a re qwatsi! Yaba o re: “Jwale ke tseba kannete hore Morena o romile lengeloi la hae, mme o nnamoletse matsohong a Heroda le ho tsohle tse neng di lebeletswe ke setjhaba sa Bajuda.”
12Hoba a elellwe jwalo, a ya tlung ya Maria, mma Johanne ya bitswang Mareka, moo ba bangata ba neng ba phuthehetse teng, ba rapela. 13Ha a kokota lemating la mathule, lekgabunyane le bitswang Roda la atamela, ho tla mamela. 14La tseba lentswe la Petrose, mme ka baka la thabo, la se ke la bula lemati, la mpa la mathela ka tlung, la ba tsebisa hore Petrose o eme mathuleng.
15Empa ba re ho yena: “O a hlanya!” Yena a tiisa ka matla hore ho jwalo. Yaba ba re: “Ke lengeloi la hae.”
16Empa Petrose a nna a kokota; ha ba bula, ba mmona, mme ba makala. 17A ba phoka ka letsoho hore ba kgutse, a ba phetela kamoo Morena a mo ntshitseng tjhankaneng kateng, a ba a re: “Tsebisang Jakobo le badumedi ditaba tsena.” A tswa, a ya sebakeng se seng.
18Yare ha bo esa, ha eba le moferefere o se kaa ka letho hara bahlabani, ba re na hantlentle ho etsahetseng ka Petrose. 19Ha Heroda a mmatla, mme a sa mo fumane, a botsisisa balebedi, a nto laela hore ba bolawe. Yaba Heroda o theoha Judea, o ya Sesaria, mme a dula teng.
Lefu la Heroda
20Jwale Heroda o ne a halefetse ba Tire le Sidone haholo. Ba tla ho yena ba le ntsweleng, mme hoba ba qekise Belasetose, modisa wa ntlo ya kgosi ya ho robala, ba kopa kgotso, hobane naha ya bona e ne e phediswa ke ya kgosi.
21Ka letsatsi le kgethilweng, Heroda a apara seaparo sa hae sa bokgosi, a dula setulong sa hae, a bua le batho. 22Letshwele la howa, la re: “Lentswe lena ke la modimo, e seng la motho!” 23Hanghang lengeloi la Morena la mo otla, kahobane a sa ka a hlompha Modimo, mme a jewa ke diboko, a shwa.
24Empa lentswe la Modimo la ata, la anafala.
25Ha Baranabase le Saule ba se ba phethile mosebetsi wa bona, ba kgutla Jerusalema, ba tla le Johanne ya bitswang Mareka.

Currently Selected:

DIKETSO 12: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy