YouVersion Logo
Search Icon

2 SAMUELE 8

8
Kakaretso ya dintwa tsa Davida
(1 Dik. 18:1-17)
1Kamora tsena, Davida a hlola Bafilesita, a ba busa.
2A hlola Bamoabe, a re ba paqame fatshe, a ba bala; hlopheng se seng le se seng sa bathopuwa ba bararo a bolaya ba babedi, a siya a le mong. Bamoabe ya eba bahlanka ba Davida, ba mo thellang.
3Davida a hlola Hadade-Esere, mora wa Rehobe, kgosi ya Soba, ha Hadade-Esere a ne a ilo tsosa puso ya hae pela noka ya Euferatese. 4Davida a hapa banna ba Hadade-Esere ba dipere ba sekete le makgolo a supileng, le ba ditaaso ba dikete tse mashome a mabedi. Dipere tsohle tse hulang dikariki tsa ntwa a di kgaola mesifa, a siya feela tse lekaneng ho hula dikariki tsa ntwa tse lekgolo.
5Ha Baarame ba Damaseka ba eya ho ya thusetsa Hadade-Esere, kgosi ya Soba, Davida a bolaya banna ba Baarame ba dikete tse mashome a mabedi. 6Davida a hloma diahelo tsa mabotho naheng ya Baarame e Damaseka, mme Baarame ya eba bahlanka ba Davida ba mo thellang. Morena a thusa Davida hohle moo a neng a futuhela teng.
7Davida a nka dithebe tsa bahlabani ba Hadade-Esere tse neng di entswe ka kgauta, a di isa Jerusalema. 8Metseng ya Beta le Berotai, eo e neng e le ya Hadade-Esere, kgosi Davida a nka lethose le lengata.
9Ha Toi, kgosi ya Hamate, a utlwa hore kgosi Davida o hlotse lebotho lohle la Hadade-Esere, 10a romela mora wa hae Jorame ho Davida, ho ya mo dumedisa le ho mo lebohela ha a lwantshitse Hadade-Esere, mme a mo hlotse, hobane Hadade-Esere o ne a ile a lwantsha Toi hangata. Jorame a isetsa Davida dintho tse entsweng ka silefera, le ka kgauta, le ka lethose.
11Le tsona kgosi Davida a di kgethela Morena, hammoho le silefera le kgauta eo a e hapileng ho ditjhaba tsohle tseo a ileng a di hlola, 12e leng Baarame, le Bamoabe, le Baamone, le Bafilesita, le Baamaleke, le kgapo eo a e nkileng ho Hadade-Esere, mora wa Rehobe, kgosi ya Soba.
13Lebitso la Davida la tuma haholo hoba a hlole Baarame ka Kgohlong ya Letswai, moo a ileng a bolaya banna ba dikete tse leshome le metso e robedi.
14A hloma diahelo tsa mabotho naheng yohle ya Edomo, mme baahi bohle ba Edomo ya eba bahlanka ba hae. Morena a thusa Davida hohle moo a yang teng.
Tsamaiso ya puso ya Davida
15Davida a busa naha yohle ya Iseraele. A ahlolela setjhaba sohle sa hae ka toka le ka nnete. 16Joabe, mora wa Seruya, ya eba molaodi wa mabotho; Jehoshafate, mora wa Ahilode, yena ya eba mongodi wa diketsahalo. 17Sadoke, mora wa Ahitube, le Ahimeleke, mora wa Abiatare, bona ya eba baprista; Serahiya yena ya eba mongodi wa puso. 18Benaya, mora wa Jehoyada, o ne a laola Bakerete le Bapelete; bara ba Davida bona e le batlatsi.

Currently Selected:

2 SAMUELE 8: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy