YouVersion Logo
Search Icon

2 SAMUELE 4

4
Ishe-Boshete o a bolawa
1Ha Ishe-Boshete, mora wa Saule, a utlwa hore Abinere o shweletse Heborone, a kgathala matla, mme Baiseraele bohle ba tshoha. 2Ishe-Boshete, mora wa Saule, o ne a ena le banna ba babedi, bao e neng e le balaodi ba mabothwana a hlaselang. Lebitso la e mong e ne e le Baana, e mong e le Rekabe. E ne e le bara ba Rimone wa Berote e naheng ya bana ba Benjamine, hobane Beerote le yona e ne e wela naheng ya ba morabe wa Benjamine. 3Baahi ba Beerote ba balehela Gitaime, mme ba ntse ba jakile teng le kajeno-ya-bokajeno.
4Jonathane, mora wa Saule, o ne a ena le mora ya neng a holofetse maoto. Ha pehi ya Saule le Jonathane e fihla, e etswa Jesereele, o ne a le dilemo di hlano. Mohodisi wa hae a mo nka, a baleha. Ka baka la ho baleha ka potlako ha mohodisi, moshanyana a wa, yaba o robeha maoto. Lebitso la hae e ne e le Mefiboshete.
5Jwale bara ba Rimone wa Mobeerote, bo-Rekabe le Baana, ba ya ha Ishe-Boshete, mme ha letsatsi le le hloohong tsa mengala ba fihla tlung ya hae, a sa ntse a le phomolong ya hara mpa ya motsheare. 6Bo-Rekabe le ngwanabo Baana ba kena ka tlung jwalokaha eka ba ilo reka koro, yaba ba mo hlaba tshweleseng mme ba baleha.
7E ne e ile ya re hoba ba kene ka tlung ba mo hlaba, ba mmolaya a ntse a paqame diphateng tsa hae. Ba mo kgaola hlooho, ba e nka, ba tsamaya bosiu bohle ka tsela ya Araba. 8Yaba ba isa hlooho ya Ishe-Boshete ho Davida a le Heborone, mme ba re ho kgosi: “Bona hlooho ya Ishe-Boshete, mora wa sera sa hao Saule, ya neng a rata ho o bolaya. Kajeno Morena o pheteditse monga ka kgosi ho Saule le ho bana ba hae.”
Polao ya Ishe-Boshete e a phetetswa
9Davida a araba Rekabe le ngwanabo Baana, bara ba Rimone wa Mobeerote, a re ho bona: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, ya mpholositeng ditsietsing tsohle, 10hore motho ya neng a mpehele, ha ke le Sikelage, a re ho nna: ‘Bona, Saule o shwele,’ e le ha yena a nahana hore o ntliseditse ditaba tse monate, bakeng sa ho mo nea moputso ka baka la taba tseo tsa hae, ke ne ke mo tshware, ka mmolaya. 11Jwale ho tla ba jwang ha banna ba kgopo ba bolaile motho ya se nang molato, le hona a le diphateng ka tlung ya hae? Na ha ke tshwanele ho le ahlolela polao ya motho eo, ke le fedise lefatsheng?”
12Davida a laela bahlankana, ba ba bolaya, ba ba kgaola maoto le matsoho, ba ba fanyeha pela letshana le Heborone. Hlooho ya Ishe-Boshete yona ba e nka, ba e epela ka lebitleng la Abinere, Heborone.

Currently Selected:

2 SAMUELE 4: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy