YouVersion Logo
Search Icon

2 SAMUELE 21

21
Ho phetetswa madi a Bagibeone
1Mehleng ya Davida ha eba le tlala ka dilemo tse tharo, tse hlahlamanang. Davida a botsa Morena, mme Morena a re: “Tlala ena e teng ka baka la Saule le ba lelapa la hae, ba madi matsohong, hobane Saule o bolaile Bagibeone.”
2Bagibeone e ne e se ba habo bana ba Iseraele; e ne e le masalla a Baamore. Bana ba Iseraele ba ne ba ba hlapanyeditse hore ba tla ba baballa, empa Saule yena o ne a rata ho ba bolaya ka baka la ho thahasella bana ba Iseraele le ba Juda. 3Yaba Davida o bitsa Bagibeone, o re ho bona: “Ke le etsetse eng? Tefelo nka e etsa ka eng, e le hore le tle le hlohonolofatse setjhaba seo e leng lefa la Morena?”
4Yaba Bagibeone ba re ho yena: “Ntwa ya rona le Saule, kapa le ba lelapa la hae, hase e ka lalang ka baka la silefera kapa kgauta. Ebile ha re rate ho bolaya motho ofe kapa ofe naheng ena ya Iseraele.”
Jwale Davida a re: “Le re ke le etsetse eng?”
5Ba re ho kgosi: “Monna o teng ya ileng a re ripitla, a re lohela mano hore re timetswe, hoo ho seng ho se moo re ka hatang teng naheng ena ya Iseraele. 6Re nee banna ba supileng, bao e leng bara ba hae, re tle re ba fanyehele Morena, re le Gibea ya Saule, mokgethwa wa Morena.”
Kgosi ya re: “Ke tla neelana ka bona.”
7Empa ka baka la kano eo bo-Davida le Jonathane, mora wa Saule, ba neng ba e hlapanyetse ka lebitso la Morena, kgosi ya rekolohela Mefiboshete, mora wa Jonathane, setloholo sa Saule. 8Yaba kgosi e nka Aremoni le Mefiboshete, e leng bana ba babedi, bao Risepa, moradi wa Aya, a neng a ba tswalle Saule, le bara ba bahlano ba Mikale, moradi wa Saule, bao a neng a ba tswalle Adariele, mora wa Barasilai wa Mehola. 9Kgosi ya neelana ka bona matsohong a Bagibeone. Bagibeone ba ba fanyehela thabeng, kapele ho Morena, mme ba eshwa bohle ka bosupa ba bona. Ha ba bolawa e ne e le qalehong ya matsatsi a kotulo, ha ho qalwa ho hela harese.
10Jwale Risepa, moradi wa Aya, a nka mokotla, a ikalla wona hodima lefika, ho tloha qalong ya kotulo, ho fihlela ha dipula di ena. Motsheare a tshosa dinonyana tse fofang hore di se ke tsa dula hodima ditopo tseo, mme bosiu a leleka dibatana tsa naha.
11Ha Davida a bolellwa se entsweng ke Risepa, moradi wa Aya, mosadi wa lefielo wa Saule, 12Davida a theoha, a ya nka masapo a Saule le a Jonathane, mora wa Saule, ho banna ba Jabeshe-Gileade, ba neng ba a utswe lebaleng la Bete-Shane, moo Bafilesita ba neng ba ile ba ba fanyehela teng, mohla Saule a bolaelwang Gileboa ke Bafilesita. 13Davida a nyoloha moo a nkile masapo a bo-Saule le Jonathane, mora wa Saule; ba ba ba bokella le masapo a ba ileng ba fanyehwa.
14Ba epela masapo a bo-Saule le Jonathane, mora wa Saule, naheng ya morabe wa Benjamine, e Sela, ka lebitleng la ntatae Kishe. Ba etsa tsohle tseo kgosi e laetseng hore di etswe, mme kamora moo, naha ya rapellwa ho Modimo.
Abishai o namolela Davida ho seqhobane
15Bafilesita ba boela ba lwana le Baiseraele. Davida a theoha le bahlanka ba hae, ba lwantsha Bafilesita, Davida a ba a kgathala. 16Ishibi, eo e neng e le e mong wa diqhobane, o ne a le Nobe. Lerumo la hae, le entsweng ka lethose, le ne le le boima bo ka etsang dikilo tse tharo le halofo, a bile a hlometse le ka sabole e ntjha, mme a nyoretswe ho bolaya Davida. 17Empa Abishai, mora wa Seruya, a thusetsa Davida, a hlaba Mofilesita eo, a mmolaya. Banna ba Davida ba mo hlapanyetsa, ba re: “Ha o ka ke wa hlola o futuha le rona, esere wa bolawa, mme lebone la Baiseraele la tima.”
Bahlabani ba Davida ba bolaya diqhobane
(1 Dik. 20:4-8)
18Kamora tsena, Bafilesita ba boela ba tsosa ntwa Gobe. Sibekai wa Mohusha a bolaya Safe, eo e neng e le e mong wa diqhobane.
19Bafilesita ba boela ba tsosa ntwa e nngwe hape, Gobe. Elehanane, mora wa Jaare-Oregime wa Betlelehema, a bolaya Goliate wa Mogate. Theko ya lerumo la Goliate e ne e le kalo ka mofeng wa motjhini o ohlang.
20Ntwa e nngwe ya boela ya qhoma Gate. Hona moo ho ne ho ena le monna wa safola. Le leng le le leng la matsoho a hae, le maoto a hae, le ne le ena le menwana e tsheletseng, kaofela e le menwana e mashome a mabedi a metso e mene, mme le yena e le seqhobane. 21Monna enwa a nna a phephetsa Baiseraele, mme Jonathane, mora wa Shima, ngwanabo Davida, a mmolaya.
22Ba bane bana ba ne ba tswetswe ke seqhobane sa Gate, mme ba bolawa ke Davida le ke bahlanka ba hae.

Currently Selected:

2 SAMUELE 21: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy