YouVersion Logo
Search Icon

2 SAMUELE 12

12
Molaetsa wa Nathane ho Davida
1Morena a romela Nathane ho Davida. Nathane a fihla ho yena, a re: “Motseng o mong ho ne ho ena le banna ba babedi, e mong a ruile, e mong a futsanehile. 2Morui o ne a ena le mehlapehlape ya dikgutshwane le ya dikgomo; 3athe mofutsana yena o ne a se na letho, haese konyanyana e le nngwe feela, e tshehadi, eo a neng a e rekile, a e hlokometse haholo. E ne e holela ha hae le bana ba hae, e eja dijo tsa hae, e nwella senwelong sa hae, a e sika sefubeng sa hae jwalokaha eka ke moradi wa hae.
4“Ha fihla moeti ha monna wa morui. Morui enwa a ba lekgonatha ho nka phoofolo mohlapeng wa hae wa dikgutshwane, kapa mohlapeng wa hae wa dikgomo, ho hlabela moeti enwa wa hae. Empa a nka konyana ya sethole ya mofutsana, mme a e hlabela moeti ya tjhaketseng ha hae.”
5Kgalefo ya Davida ya tlokomela monna enwa wa morui, a re ho Nathane: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, monna enwa ya entseng ntho ena o lokelwa ke ho bolawa; 6a be a lefe konyana eo ka tse nne, hobane a hlokile mohau, a entse ntho ena e mpe.”
Kotlo ya Davida
7Nathane a re ho Davida: “Monna eo ke wena. Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Ke o tlotseditse hore o be kgosi ya Iseraele, ke o lopolotse matsohong a Saule. 8Ke o neile moradi wa monga hao, le basadi ba monga hao ke o neile bona. Ke o neile mmuso wa Iseraele, le mmuso wa Juda. Hoja tseo di ne di fokola, nkabe ke o ekeleditse le ho feta moo. 9Jwale ke ka baka lang o nyedisitseng lentswe la Morena, hore ebe o entse ntho e fahlang Morena? O bolaile Uriya wa Mohete ka sabole, wa inkela mosadi wa hae hore e be mosadi wa hao, monna wa hae o mmolaile ka sabole ya Baamone. 10Ka baka leo, sabole e tla bolaya ba lelapa la hao kamehla yohle, hobane o nnyedisitse, wa inkela mosadi wa Uriya wa Mohete, hore e be mosadi wa hao.’
11“Morena o bua tjena: ‘Bona, ke tla o hlahisetsa bobe kahare ho ntlo ya hao. Ke tla nka basadi ba hao moo o ntseng o bona, ke ba nee ya ahisaneng le wena, mme eo o tla robala le bona letsatsi le tjhabile. 12Hoo o ho entseng o ho entse ka lekunutu, empa nna ntho ena ke tla e etsa moo Baiseraele bohle ba ntseng ba bona, tsatsi le tjhabile.’ ”
Davida o a inyatsa
13Davida a re ho Nathane: “Ke sitetswe Morena.”
Yaba Nathane o re ho Davida: “Le Morena o hlakotse sebe sa hao; ha o na ho shwa. 14Leha ho le jwalo, ka lebaka la hobane o nyedisitse Morena ka ho etsa ntho ena, ngwana enwa eo o tla mo tswallwa, yena o tla shwa.” 15Yaba Nathane o ikela tlung ya hae.
Mora wa Davida o a shwa
Morena a otla ngwana eo mosadi wa Uriya a ileng a mo tswalla Davida. Ngwana eo a kula haholo. 16Davida a rapella ngwana eo ho Modimo, a itima dijo. Bosiu, ha a robala, o ne a robala fatshe. 17Baholo ba ntlo ya hae ba ne ba ye ba tle, ba eme pela hae, hore ba mo phahamise fatshe. Empa a se ke a phahama, le ho ja le bona a se ke a eja.
18Ka letsatsi la bosupa ngwana a shwa. Bahlanka ba Davida ba tshaba ho mmolella hore ngwana o shwele, hobane ba ne ba re: “Bonang, ha ngwana a ne a sa phela, re ne re ye re bue le yena, ebe ha a re mamele. Ekaba jwale re tla mmolella jwang hore ngwana o shwele? A ka tshoha a intsha kotsi!”
19Empa Davida a elellwa hore bahlanka ba hae ba ntse ba hwesheletsana, mme a utlwisisa hore ngwana o shwele. Yaba Davida o re ho bahlanka ba hae: “Na ngwana o shwele?”
Ba re: “E, o shwele.”
20Davida a phahama fatshe, a itlhatswa, a itlotsa, a apara diaparo disele, a ya tlung ya Morena, mme a rapela. Jwale a kgutlela tlung ya hae, a kopa dijo, ba mo ngwathela, a ja.
21Jwale bahlanka ba hae ba re ho yena: “Ke ntho nngwe ee eo o e entseng? Ha ngwana a sa phela o ile wa itima dijo, wa lla, empa jwale ha ngwana a shwele o a phahama, mme o a ja.”
22Davida a re ho bona: “Ha ngwana a ne a sa phela ke ile ka itima dijo, ka lla, hobane ke ne ke re: ‘Ke mang ya tsebang haeba mohlomong Morena a ka tshoha a nkgauhela, mme ngwana a phela?’ 23Empa jwale ngwana o shwele; nka itima dijo ka lebaka lefe? Na nka boela ka mo kgutlisa? Ke nna ya tla ya ho yena, empa yena a ke ke a tla ho nna.”
Tswalo ya Solomone
24Davida a tshedisa mosadi wa hae Batesheba. A kena dikobong tsa hae, a robala le yena. Batesheba a tswala mora, mme Davida a mo rea lebitso la Solomone. Morena a rata Solomone. 25Morena a roma moporofeta Nathane, hore a yo mo reela ngwana eo lebitso la Jedideya.
Davida o hapa Raba
(1 Dik. 20:1-3)
26Joabe a futuhela Raba, motse wa Baamone wa bokgosi, mme a o hapa. 27Yaba o roma maqosa ho Davida, o re: “Ke futuhetse motse wa Raba, ke hapile le didiba tsa wona. 28Ka baka leo he, kgobokanya bahlabani ba setseng, o tlo etsetsa motse ona thibella, o o hape, esere nna ka o hapa, mme wa reellwa ka nna.”
29Yaba Davida o kgobokanya bahlabani bohle, o ya Raba, o a e futuhela, o a e hapa. 30A rodisa kgosi ya motse oo mofapahlooho wa yona wa kgauta, oo boima ba wona e neng e ka ba dikilo tse mashome a mararo a metso e mehlano. O ne o kgabisitswe ka lehakwe la bohlokwa, mme Davida a ithwesa wona. Davida a tswa motseng oo a haharile kgapo e ngata. 31A hapa le baahi ba motse oo. A ba sebedisa ka disakga, le ka dipeke, le ka dilepe; a ba sebedisa le diboping tse besang setene. Metse yohle ya Baamone o ne a ye a e etse tjena. Yaba Davida o kgutlela Jerusalema le bahlabani bohle.

Currently Selected:

2 SAMUELE 12: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy