YouVersion Logo
Search Icon

2 SAMUELE 11

11
Davida le Batesheba
1Ha selemo se thwasa, e leng nako eo dikgosi di yeng di futuhe ka yona, Davida a roma Joabe, a ena le balaodi ba hae, le bahlabani bohle ba Baiseraele. Ba timetsa Baamone, ba thibella Raba. Empa Davida yena o ne a setse Jerusalema.
2Ka tsatsi le leng, motsheare wa mantsiboya, Davida a tsoha diphateng tsa hae. Ha a ntse a otlolla maoto hodima marulelo a ntlo ya bokgosi, a bona mosadi a ntse a tola. Mosadi eo o ne a le motle haholo. 3Davida a romela leqosa ho ya botsa hore na mosadi eo ke mang. Leqosa leo la tla le re: “Ke Batesheba, moradi wa Eliame, mosadi wa Uriya wa Mohete.” 4Davida a romela maqosa ho ya mo lata. Mosadi eo a tla, mme Davida a robala le yena. Mosadi enwa o ne a sa tswa hlatswa lehatlelo la hae. Kamora moo, mosadi a kgutlela ha hae. 5Mosadi eo a ithwala; yaba o romela molaetsa ho Davida, o re: “Ke ithwetse.”
6Davida a romela molaetsa ho Joabe, a re: “Ere Uriya wa Mohete a ke a tle kwano.” Joabe a romela Uriya ho Davida. 7Ha Uriya a fihla ho yena, Davida a mmotsa hore na Joabe o phela jwang le mabotho, le hore na ntwa e tsamaya jwang. 8Davida a re ho Uriya: “Eya lapeng, o yo phomola.” Uriya a tswa ka tlung ya bokgosi, mme kgosi ya mo romela dijo tse ngata. 9Empa Uriya a ithoballa monyakong wa ntlo ya bokgosi, a ena le bahlanka bohle ba kgosi, a se ke a ya ha hae.
10Davida a bolellwa, ha thwe: “Uriya ha a a ka a ya lapeng.”
Yaba Davida o re ho Uriya: “Ha ke re o tswa leetong? Jwale ke hobaneng o sa kang wa ya lapeng ha hao?”
11Uriya a re ho Davida: “Areka e dutse ka tenteng; Baiseraele, le ba morabe wa Juda, le bona ba dutse ka ditenteng; le monga ka Joabe le bahlabani ba monga ka ba hlomme hara naha; jwale nna nka ya lapeng ha ka jwang, ho ya ja, le ho ya nwa, le ho ya robala le mosadi wa ka? Ke hlapanya ka wena, ntho e tjena nke ke ka e etsa!”
12Davida a re ho Uriya: “Le kajeno emisa mona, mme hosasane ke tla o lokolla, o tsamaye.” Ka baka leo, Uriya a hlola Jerusalema letsatsing leo, le le hlahlamang. 13Davida a mo mema, a fihla a ja, a nwa, mme Davida a mo tahisa. Ka phirimana yona eo, Uriya a ithoballa le bahlanka ba monga hae, empa ha e le tlung ha hae, teng a se ke a ya.
14Hoseng Davida a ngolla Joabe, mme lengolo leo a le neeletsa Uriya. 15Lengolong moo Davida o ne a ngotse, a itse: “Bea Uriya kamoo ntwa e leng mahlomafubedu kateng, ebe lona le a tjhetjha, a tle a hlajwe, a shwe.”
16Ha Joabe a ntse a patetse motse, a isa Uriya thekong eo a tsebang hore ho yona ho eme bahale. 17Bahlabani ba motse oo ba tswa, ba lwantsha Joabe. Bahlabani ba bang ba Davida ba bolawa; le Uriya wa Mohete le yena a bolawa.
18Jwale Joabe a romela molaetsa, a tsebisa Davida tsohle tse amanang le ntwa. 19A laela leqosa, a re: “Ha o qetile ho phetela kgosi tsohle tse amanang le ntwa, 20eba kgosi e a halefa, e re ho wena: ‘Ke ka baka lang le ileng la lwanela haufi le motse hakaalo? Na le ne le sa tsebe hore ba tla le fula ka metsu, ba le hodima lerako? 21Ke mang ya neng a bolaye Abimeleke, mora wa Jerubeshete? Na hase mosadi ya neng a le hodima lerako, ya neng a mmate ka tshilwana, mme Abimeleke a shwella Tebese? Ke hobaneng le ileng la atamela pela lerako hakaalo?’ Jwale wena o tle o re ho yena: ‘Le mohlanka wa hao, Uriya wa Mohete, o bolailwe.’ ”
22Yaba leqosa le a tsamaya, le fihla ho Davida, le mo phetela tsohle tseo Joabe a neng a le romile tsona. 23Leqosa lena la re ho Davida: “Banna bano ba ile ba re fekisa. Ba ile ba tswa motseng, ba ya re lwantshetsa naheng, empa ra ba tjhetjhisa ho ya fihla kgorong ya motse. 24Ba diqha, ba le hodima lerako, ba fula bahlanka ba hao, mme ba bang ba bahlanka ba kgosi ba ile ba bolawa; le mohlanka wa hao, Uriya wa Mohete, o bolailwe.”
25Davida a re ho leqosa: “O tle o re ho Joabe: ‘Ntho ena e se ke ya ba ya o tshwenya, hobane sabole e nne e etse tse tjena. Tiisang matla, le futuhele motse ono, le o ripitle.’ Wena o mo kgothatse jwalo.”
26Ha mosadi wa Uriya a utlwa hore monna wa hae o bolailwe, a mo aparela bofifi. 27Ha nako ya bofifi ba hae e se e fetile, Davida a romela maqosa ho lata Batesheba, mme a mo isa tlung ya hae, ya eba mosadi wa hae. A tswalla Davida mora. Empa ntho ena eo Davida a neng a e entse ya se ke ya kgahla Morena.

Currently Selected:

2 SAMUELE 11: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy